Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 May leq. 11
  • Laola Litakatso Tsa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Laola Litakatso Tsa Hao
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
    Tsoha!—2011
  • Nka Hanela Khatello ea ho Tsuba Joang?
    Tsoha!—1991
  • Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • U ka Hanela Litakatso Tse Fosahetseng Joang?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 May leq. 11

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Laola Litakatso Tsa Hao

Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loantša litakatso tsa rona. Haeba re hloleha ho etsa seo, setsoalle sa rona le Jehova se ka senyeha. Batho ba bang ba amehile ka lintho tse kang lijo, liaparo le bolulo ho feta ho rata Molimo. Ba bang ba khotsofatsa takatso ea bona ea ho etsa thobalano ka tsela e khahlanong le melao ea Molimo. (Bar 1:​26, 27) Ba bang ba bona ba susumelletseha ho etsa lintho tse fosahetseng hobane feela ba batla ho ratoa le ho amoheloa ke batho ba bang.​—Ex 23:2.

Re ka laola litakatso tsa rona joang? Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho khahlisa Jehova. (Mat 4:4) Re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho laola litakatso tsa rona. Hobane’ng? Hobane Jehova o tseba se molemo bakeng sa rona ebile oa tseba hore na re ka khotsofatsa litakatso tsa rona joang ka tsela e nepahetseng.​—Pes 145:16.

SHEBELLANG VIDEO EA HO TSUBA HO KA SENYA BOPHELO BA HAO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Mochine o ntša lipopi tse tsubang.

    Ke hobane’ng ha batho ba bang ba tsuba?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Letšoafo la motho ea tsubang le khohlela habohloko.

    Ho tsuba ho ka ba le litla-morao life?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Rakhoebo o khalisa ngoanana ka mochine oa Hubbly Bubbly.

    Ke hobane’ng ha ho tsuba sakerete le Hubbly Bubbly ho le phoso?​—2Ko 7:1

  • Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Ngoanana o ka holim’a ntlo o shebile leholimo le hlakileng.

    U ka khona ho hlola takatso ea ho tsuba.

    U ka hana joang ha motho e mong a re u tsube? U ka tlohela ho tsuba joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela