Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hanela Khatello ea ho Tsuba Joang?
“Hoa nkhatholla, ho etsa hore ke thabe le ho ba le khotso.”
“Ke mokhoa oa ho tsamaisa nako.”
“Ho etsa hore u ikutloe u sireletsehile haholoanyane.”
‘Ho etsa hore matsoho a ka a lule a tšoarehile.’
ANA e ne e le mabaka ao bacha ba bang ba ileng ba fana ka ’ona ha ba ne ba botsoa lebaka le etsang hore ba tsube. (Teens Speak Out) E, ho sa tsotellehe litemoso tsohle tse mabapi le kankere ea matšoafo, emphysema, le boloetse ba pelo, ho tsuba ho sa ntse ho e-na le khoheli e matla ho bacha ba bangata. Mohlomong le uena u kile ua lekeha hore u tsube.
Khaso e u hlasela ka ho bontša litšoantšo tsa banna le basali ba batle le ba apereng hantle bao ka linako tsohle ba tsubang. Ha ho leha a le mong ho bona ea bonahalang joaloka mokuli oa lefu la kankere. Mohlomong u ka ’na ua ikutloa u le tlas’a khatello ea lithaka hore u leke ho tsuba. Ha u le sekolong, u ka ’na ua hlaseloa ka lipuo tse phephetsang tse kang: ‘Na u lekoala?’ ‘E mong le e mong ea hlahelletseng ka mahetla oa tsuba.’ ’Me haeba u le har’a bacha ba tsubang, u ka ’na ua ikutloa u le mokhelo haeba u sa tšoara sakerete ka letsohong la hao.
Khatello ea ho tsuba e ka boela ea hlaha lapeng. Haeba motsoali e mong a qoba ho tsuba empa motsoali e mong a khetha ho tsuba, hona e ka ba ntho e ferekanyang haholo. ’Me haeba batsoali ka bobeli baa tsuba, khatello e ka ba e matla le ho feta. Rebecca ea lilemo li 14 o re: ‘Batsoali ba ka ba tsuba mabokose a mabeli ka letsatsi, kahoo ka mehla ho lula ho na le lisakerete lapeng.’ Ho bolelloa ke batsoali ba joalo hore uena ha ua lokela ho tsuba ho ka bonahala e le boikaketsi bo boholo ka ho fetisisa! Allison e mocha oa tletleba: “Ha re bolella batsoali hore re tsotella bophelo ba bona bo botle, ha ba mamele. Kahoo ke joang ba ka lebellang hore rōna re ba mamele?”—The Private Life of the American Teenager.
Ho sa tsotellehe hore na mabaka a bona ke afe, bacha ba bangata ba etsa qeto ea ho leka ho tsuba ’me hangata ba fetoha makhoba a ho tsuba bophelong bohle ba bona.a Re tšepa hore uena u ipatlela ho hong ho molemo haholoanyane. U tseba liphello tse bohloko tsa ho tsuba ’me ha u bone lebaka la hore u iponele tsona ka bouena ka lekhetlo la pele. Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore ha e le hantle ke joang u ka itšireletsang khalanong le likhatello tse matla tsa ho tsuba.
Ho ba Lihlong Har’a Batho
Tabeng ea pele, a re talimeng a mang a mabaka a ho tsuba ao bacha ba fanang ka ’ona. Joaloka bacha ba boletsoeng qalong, ba bangata ba pheha khang hore ho tšoara sakerete ho etsa hore ba bonahale ba tsitsitse haholoanyane le ho ba “batho ba baholo.” Oren e mocha o ne a lumela hore sena ke ’nete boemong ba hae. E le motho ea lihlong ka ho fetelletseng har’a batho, oa hopola: “Ke ne ke ikutloa ke sa lokoloha ho hang, haholo-holo liphathing. Ke ne ke sa tsebe hore ke itšoare joang kapa ke bue eng. Ho tsuba ho ile ha bonahala e le karabelo ea bothata ba ka.”
Leha ho le joalo, ho phefumoloha moea o chefu ho mpa ho etsa hore motho a hle a bonahale e le sethoto, a sa itšepe ’me a sa nahanele batho ba bang. Lenane le ntseng le eketseha la bacha le qala ho bona taba ena ka tsela ena. Phuputsong e entsoeng ke Jane Rinzler, karolo ea 63 lekholong ea banana le karolo ea 73 lekholong ea bashemane bao ho buisanoeng le bona ba ile ba nyatsa ho tsuba! Ngoanana e mong ea lilemo li 16 o itse: “Batho ba nahana hore ho tsuba ho ba etsa ba hlahelletseng ka mahetla, empa ho hlile ho bonahala eka ba leka ka thata ho ba batho ba hlahelletseng.” Esita le haeba ho tsuba ho ne ho etsa hore motho a “bonahale e le ea hlahelletseng ka mahetla,” na ho ne ho ka lokafatsoa ke ho latela mokhoa o kotsi le o fetolang motho lekhoba?
Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang, moprofesa oa mafu a bana Maurice Falk, oa hlokomela: “Bacha ba tsebang seo ba lokelang ho se etsa ha ba le har’a batho ba ikutloa ba se lihlong hakaalo. . . . Ha ho bonolo hore [ba] ka tsuba.” Sena se ipakile e le ’nete ho bacha ba bangata har’a Lipaki tsa Jehova. Ba hlaolela botsitso le ho itšepa ka ho bua le batho ba lilemo tsohle mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa. Ka ho sebelisa lenaneo la thuto e fanoang libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso, ba boela ba ithuta ho bua ka bohlale empa ka boikokobetso ka pel’a bamameli. Sena se etsa hore ho se hlokahale hore ba itšetlehe ka ho hong ha ba kopane le batho.
Haeba u ikutloa u sa ithate kapa u ikutloa u le lihlong ha u le har’a batho, leka ho tloaelana haufi-ufi le phutheho ea Bakreste ba ’nete. Ho thata ho lula u le ea lihlong ka nako e telele haeba ka mafolo-folo u kopanela ho etsa lintho le ba bang. U ka boela ua buisana le batsoali ba hao ka mathata a hao. Leha ho le joalo, hopola hore u ka ikhapela tlhompho ea ba bang, eseng ka ho leketlisa sakerete molomong oa hao, empa joalokaha Bibele e khothalletsa, ka ho beha “mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko.”—1 Timothea 4:12.
“Hoa Nkhatholla”
Ho thoe’ng ka polelo ea batho ba bang e reng ho tsuba ke phihlelo e monate? Mongoli Alvin Rosenbaum o re: “Batho ba bang ba tsubang ba bolela hore ha ba tsebe ho khatholoha ka ntle ho sakerete, ba re ho tsuba ho fokotsa khatello, lipelaelo, le bohale.” Leha ho le joalo, Rosenbaum o hlokomela hore ho e-na le ho ba ntho e khathollang, “bokoali ke sethethefatsi.”
Joale, ke eng e bakang boikutlo ba khatholoho ho motho ea tsubang? Ha e le hantle, seo motho ea tsubang a se utloang ke khatholoho e tlisoang ke ho khotsofatsa takatso ea ho ba lekhoba! E, batho ba fetoha makhoba a bokoali ba koae. Bokhoba bona bo tšoana haholo le ho lemalla heroin kapa cocaine, ’me batho ba bang ba bolela hore ho hlōla temallo ea ho e sebelisa ho thata le ho feta.
Ha ’mele oa motho ea tsubang o felloa ke bokoali, o qala ho bo lakatsa ka matla. O qala ho tšoha, ho ferekana, le ho teneha ho fihlela a fumana “thuso” e ’ngoe ea bokoali. O ikutloa a khatholohile ka nakoana—ho fihlela ha ’mele oa hae o lakatsa bokoali hape. Kahoo ho tsuba ke mokhoa o booatla oa boikhathollo. Ho mamela ’mino o bobebe, ho bala le ho otlolla maoto ke litsela tse sireletsehileng ka ho fetisisa.
Ho Itšireletsa Khahlanong le Khatello ea Lithaka
George ea lilemo li 14 oa hlalosa: “Bana ba bangata haholo ba mpha lisakerete hoo ke tlamehang ho ba hlokomoloha.” Khatello ea lithaka e bonahala e le lebaka le ka sehloohong le etsang hore bacha ba bangata ba qale ho tsuba. Phuputso e ’ngoe e entsoeng ho bacha e ile ea senola hore ‘karolo ea bona e ka tlaase ho 1 lekholong e ne e tsuba haeba ho se metsoalle ea bona e tsubang, ha karolo ea bona ea 73 lekholong e ne e tsuba haeba metsoalle eohle ea bona e ne e tsuba.’ Haeba lithaka tsa hao li u hatella, u ka ’na ua botsa: ‘Na e ne e tla ba ho fosahetseng hakaalo ha nka tsuba hanngoe feela hore ba bang ba tlohele ho nkhathatsa?’
Bacha ba bang ba hōliselitsoeng malapeng a Bokreste ba ile ba fana ka mabaka a hore e ne e ke ke ea e-ba ho fosahetseng hakaalo ’me ba ile ba sekisetsa tumelo ea bona.b Ba ’maloa ba ile ba lumela ho tšoara sakerete letsohong la bona kapa esita le ho se moma—hore feela ba ‘tšoane le batho ba bang.’ Leha ho le joalo, Bibele e re: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela.” (Liproverbia 1:10) Molemong oa bona, bongata ba bacha ba hōliselitsoeng malapeng a Bokreste ba mamela mantsoe ana. Ka mohlala, Maribel ea lilemo li 14 o ile a nehoa sakerete ke metsoalle ea hae ’me a se hana. Ua hopola: “Ba ile ba qala ho suthela hōle le ’na ’me ba qala ho ntšoma.” Leha ho le joalo, o ile a ikhopotsa hore ‘ho molemo ho fumana kamohelo ea Molimo ho e-na le ea lefatše’ ’me ha aa ka inehela khatellong ea lithaka!
Ka sebele, ke metsoalle ea mofuta ofe e neng e ka u khothalletsa ho phefumoloha ntho e bolaeang? Liproverbia 13:20 ea eletsa: “Ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Haeba ho hlokahala, iphumanele metsoalle e meng e mecha. Ho ba har’a batho ba tsubang ka bohona feela ho sokela bophelo bo botle! Brenda ea lilemo li 15 o re: “Ha ho le ea mong oa metsoalle ea ka ea tsubang. Kahoo ha ke na mathata leha e le afe a khatello ea lithaka.”
Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba thata ho uena ho qoba bacha bao eseng Bakreste ka ho felletseng. U ka ’na ua tlameha ho sireletsa litumelo tsa hao le ho hana ho tsuba ka mokhoa o tiileng! Sena ha se bolele hore u lokela ho ba etsetsa nehelano ka bobe ba koae. Mongoli Sharon Scott o bontša hore hangata polelo e bonolo joaloka “che, kea leboha” e lekane. Haeba sena se hlōleha, o khothalletsa hore u hane u lomahantse meno ka hore, “ke itse CHE!”
Litsela tse ling tseo u ka li sebelisang ke ho tloha sebakeng seo, ho hlokomoloha sakerete seo kapa ho fetola moqoqo. Ebile u ka ’na ua leka ho ikhopotsa esale pele hore ke joang u tlang ho hanela khatello ea ho tsuba. ’Me haeba u kōptjoa tlhaloso e felletseng, u lokela ho ba ea ikemiselitseng ho fana ka eona. Ho joalokaha Bibele e re: ‘Ka mehla le itokisetse ho ikarabela ho motho e mong le e mong ea le botsang lebaka.’—1 Petrose 3:15, NW.c
Thuto ea Bibele e fanoang Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e thusitse ba bangata ho itokolla mokhoeng oa ho tsuba. Oren oa hopola: “Takatso ea ho bua le ba bang ka ho phela ka ho sa feleng bophelong bo botle bo phethahetseng lefatšeng le hloekisitsoeng la paradeisi e ile ea mpha tšusumetso ea ho khaotsa ho tsuba.” Tsela e bohlale ke ho se qalise mokhoa ona ho tloha qalong!—Ba-Kolosse 4:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likarolo tse tharo ho tse nè tsa batho ba tsubang United States li ile tsa tsuba pele li fihla lilemong tse 21. Phuputsong e ’ngoe, halofo ea sehlopha sa bacha ba tsubang e ile ea tsuba sakerete sa ho qala le pele e qeta sekolong se tlase.
b Haeba u ile ua tsuba koae ka sekhukhung, ka kōpo batla thuso ka ho tsebisa batsoali ba hao ka bothata ba hao. (Liproverbia 28:13) Ba ka ’na ba halefa ha ba utloa ka bothata ba hao. Empa haeba e le Bakreste, ha khalefo ea bona e se e kokobetse, ba tla tsepamisa mohopolo tabeng ea ho u thusa ho qoba ho pheta phoso eo. Balebeli ba phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova ba ka u thusa haholo le ho u khothatsa ka tsela e tšoanang.—Jakobo 5:14, 15.
c Bakeng sa boitsebiso bo mabapi le likotsi tsa ho tsuba, bona tokollo ea August 8, 1991, ea Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ho e-na le ho etsa hore motho a bonahale a hōlile kelellong, ho tsuba ho ka senola hore ha a itšepe