Machaba a Kopaneng—Na ke Tsela e Molemo?
SELELEKELA sa Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng se hlalosa lipakane tsena tse ntle ka mantsoe ana: “Rōna batho ba Machaba a Kopaneng re ikemiselitse ho sireletsa meloko e hlahlamang ntoeng e sehlōhō, eo ka makhetlo a mabeli bophelong ba rōna e tliselitseng moloko oa batho masoabi a ke keng a hlalosoa, . . . ’me re [lakatsa] ho kopanya matla a rōna ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba, . . . re fihlile qetong ea hore re kopanye boiteko ba rōna ho finyella lipakane tsena.”
Na Machaba a Kopaneng ‘a ile a finyella lipakane tsee’? Na a ile a kopanya lichaba hore li kopanye matla a tsona le ho boloka khotso le tšireletseho? Che, ho tla fihlela joale ha ho joalo, le hoja Machaba a Kopaneng ka botšepehi a lekile ho ba tsela e molemo haholoanyane ho feta Selekane sa Lichaba bakeng sa ho finyella khotso. Leha ho le joalo, moloko o boneng ho theoa ha ’ona ka 1945 o ’nile oa hlaseloa ke lintoa, liphetohelo, liphutuhelo, ho phetholoa ha mebuso le pefo likarolong tse ngata tsa lefatše ho tloha nakong eo. ’Me pefo ena e ne e akarelletsa lichaba tse ngata tse ileng tsa etsa qeto “ea ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.”
Ha E-s’o be Tsela e Molemo
Leha ho le joalo, batho ba tletlebang ka ho hlōleha ha Machaba a Kopaneng ho thibela litlokotsi tsena mohlomong ba lebala ’nete ea bohlokoa—matla a mokhatlo a itšetlehile ka matla ao molao oa oona oa motheo o fanang ka ’ona le boitlamo ba litho tsa oona ba ho phethahatsa litlamo tsa tsona tlas’a molao oo oa motheo. Taba ea pele, Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng ha o hlomamise Machaba a Kopaneng e le ’muso oa lefatše o nang le matla a maholo holim’a litho tsohle tsa ’ona.
Karolo 2(7) ea bolela: “Ha ho letho le teng ho Molao oa Motheo o teng hona joale le tlang ho neha Machaba a Kopaneng matla a ho itšunya-tšunya litabeng tsa lehae tsa naha leha e le efe tseo e lokelang ho li laola ka boeona.” UNCIO (United Nations Conference on International Organization [Seboka sa Machaba a Kopaneng Mokhatlong oa Machaba]), e ileng ea tšoara seboka San Francisco ho tloha ka la 25 April ho fihlela ka la 26 June, 1945 bakeng sa ho fihlela qeto ka molao ona oa motheo e ile ea bona ho hlokahala “ho etsa bonnete ba hore Machaba a Kopaneng tlas’a maemo a lefatše nakong eo ha a tlōle litekanyetso tse amohelehang kapa ho feta litekanyetso tse loketseng.”
Na u hlokometse poleloana eo e hlalosang, “tlas’a maemo a lefatše nakong eo”? Ha maemo ana a ne a ka fetoha, UNCIO e boletse hore qeto ena e ne e ka fetoloa “kamoo ho hlokahalang le kamoo ho tšoanelehang ka teng ho latela boemo ba lefatše, khopolo ea batho ka kakaretso lefatšeng le ho itšetleha ha naha e ’ngoe ka e ’ngoe.”
Morero oa molao oa motheo oa Machaba a Kopaneng oa ho boloka “khotso le tšireletseho tsa machaba” o bontša sepheo se lakatsehang haholo bakeng sa moloko oa batho. Lefatše e ne e tla ba le sireletsehileng ka sebele haeba lichaba li ne li ka mamela Karolo 2(4) ea Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng: “Litho tsohle li tla khaotsa . . . ho sebelisa tšoso kapa ho sebelisa matla khahlanong le ho hlompha meeli ea naha kapa ho itsamaisa ha naha leha e le efe lipolotiking.” Empa boithati ba linaha tseo e leng litho ka makhetlo a mangata bo ile ba fokolisa boiteko ba Machaba a Kopaneng ba ho finyella morero oa ’ona. Ho e-na le ho phelela tlamo ea tsona ho Machaba a Kopaneng ea ho “lokisa likhohlano tsa tsona tsa machaba ka khotso,” lichaba ka bonngoe kapa lichaba tse ikentseng khokanyana-phiri hangata li ile tsa retelehela ntoeng ’me tsa bolela hore taba eo ‘e ne e hlile e le taba ea lehae e tlas’a taolo ea tsona.’—Karolo 2(3,7).
Lichaba ha lia hlokomoloha feela mehato ea khotso ea Machaba a Kopaneng empa li ’nile tsa nyefola le ho nyatsa pontšeng liqeto tsa ’ona tsa ho lokisa liqabang. ’Me ka makhetlo a mangata baeta-pele ba tsona ba hloella sethaleng sa Machaba a Kopaneng le ho fana ka lipuo tse telele ho leka ho lokafatsa liketso tsa bona tse mabifi. Ho se tšepahale hona ho etsoang ke ho qoba melao e behiloeng bakeng sa ho boloka khotso hangata ho ile ha hlokisa Machaba a Kopaneng matla linakong tsa tlokotsi ’me ho entse hore a se ke a hlola a tšeptjoa. Hangata bahlanka ba ’muso ba Machaba a Kopaneng ba bang teng libokeng tse joalo baa ferekana. Qetellong, lipuo tse joalo li ipaka e le boiteko feela ba bolotsana ba ho nyenyefatsa kapa ho lokafatsa pefo le tšollo ea mali. Ha ho makatse ha Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Pérez de Cuéllar a ile a bolela hore Machaba a Kopaneng “libakeng tse ling a ne a nkoa e le tora ea Babele ’me hangata tlas’a maemo a molemo ka ho fetisisa e bile sebaka sa lipuisano tse sa thuseng letho.”
Ho boetse ho na le lebaka le leng le thatafalletsang Machaba a Kopaneng ho ipaka e le tsela e molemo. Pérez de Cuéllar o hlokometse hore ha a ne a qala ho sebetsa ka la 24 October, 1945, “ha ho morero o kopaneng oa ho finyella khotso o ileng oa etsoa.” Ka ntle ho sena, ke joang Machaba a Kopaneng a neng a ka fetoha tšusumetso e matla ea ho sireletsa khotso ea lefatše eo a neng a reretsoe ho ba eona?
A ka Finyella Khotso ea Mofuta Ofe?
Pérez de Cuéllar oa arabela: “Khotso e ke ke ea felisa qhoebeshano eohle. E tla etsa feela hore batho ba tsebe ho sebetsana le liqhoebeshano ka mekhoa e meng ka ntle le ho sebelisa matla kapa tšoso. . . . Machaba a Kopaneng a batla ho koetlisa pono ea rōna tabeng e joalo.” Kahoo khotso feela eo Machaba a Kopaneng a ka e finyellang ke ho laola pefo.
Na ka sebele ena ke khotso e nang le tšireletseho? Ke ’nete, “ho ba setho sa Machaba a Kopaneng ho bulehetse . . . linaha tsohle tse ratang khotso.” (Karolo 4(1)) Empa na sechaba se ratang khotso nakong ea ha se fetoha setho sa Machaba a Kopaneng se tla lula se ntse se rata khotso? Mebuso ea fetoha ’me babusi ba bacha ba tlisa mekhoa e mecha ea puso. Ho thoe’ng haeba setho se fetoha se ratang ntoa, se e-ba le lipakane tse fetelletseng tsa bochaba le takatso e meharo ea ho eketsa meeli ea naha? ’Me ho thoe’ng haeba se ka qala ho itlhomella ka libetsa tsa nuclear le tsa lik’hemik’hale? Joale Machaba a Kopaneng a ne a tla be a tšoere bomo e ka ’nang ea phatloha neng kapa neng ka letsoho. Leha ho le joalo, joalokaha liketsahalo tsa Bochabela bo Hare li sa tsoa bontša, phetoho e joalo ea liketsahalo e ka ’na eaba eona ntho e susumetsang lichaba ho neha Machaba a Kopaneng matla a ho felisa tšokelo e joalo tšireletsehong ea tsona.
Na Lichaba li ka a Fetola Tsela e Molemo?
Ho feta leha e le neng pele, ka ho eketsehileng lichaba li ntse li e-ba seli ka seo UNCIO e se bitsang “’nete ea ho itšetleha ha naha e ’ngoe ka e ’ngoe.” Ha ho naha e ka iphelelang ka boeona feela. Lichaba tsohle ke litho tsa mokhatlo o le mong oa batho oa machaba. Kaofela li loantšana le letoto la mathata a tšoanang: liphello tse senyang tsa tšilafalo ea tikoloho, bofutsana, mafu a holofatsang, khoebo e sa lumelloang ea lithethefatsi kontinenteng e ’ngoe le e ’ngoe, botšosi, libetsa tsa nuclear tse rarahaneng tse pokellong ea libetsa lichabeng tse eketsehileng. Mabaka ana a qobella lichaba hore li batle khotso le tšireletseho ka tataiso ea Machaba a Kopaneng kapa hore li ipolaee le ho ripitla batho lefatšeng ka bophara.
Eo e neng e le letona la litaba tsa ka ntle la Soviet, Shevardnadze o hlokometse: “Machaba a Kopaneng a ka sebetsa ka tsela e atlehileng haeba litho tsa ’ona li ka a fa matla a ho nka khato, haeba linaha li ka lumellana motheong oa boithaopo le oa nakoana hore a fuoe karolo e itseng ea litokelo tsa tsona tsa puso le hore a tšepeloe ho etsa mesebetsi e itseng lithahasellong tsa bongata.” O phaelletse: “Ke ka tsela ena feela re ka hlahisang nako ea khotso ea ka ho sa feleng e ke keng ea senngoa.”
Haeba sena se ka etsoa, joale taelo ea Machaba a Kopaneng e nang le matla a ho laola e ka nyatsa sechaba leha e le sefe se sokelang khotso ea lefatše. Ka matla a sebele ao a tla be a e-na le ’ona, a ka tseba ho hatella lichaba tse joalo tse mabifi ka matla le ka potlako. Empa na lichaba tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng li tla ke li fane ka matla a ho nka khato, ‘li fane ka mabotho a tsona, thuso le tšehetso’ bakeng sa ho sireletsa khotso? (Karolo 43(1)) Li ka ’na tsa etsa joalo—haeba ho hlaha qaka e sokelang motheo oo puso ea lichaba ka ho fapana e theiloeng ho ’ona. Haeba lichaba li ka bona hore ‘ho kopanya matla a tsona bakeng sa ho boloka khotso ea machaba le tšireletseho’ tlas’a Machaba a Kopaneng ho ka felisa litšoso tse joalo, mohlomong sena se ka eketsa tlhompho ea tsona ho Machaba a Kopaneng.
Mohlomong ua ipotsa, ‘Na karolo eo Machaba a Kopaneng a ileng a e phetha tlokotsing ea Koung ea Persia e ne e le qaleho ea ho nka tsela ee?’ Mohlomong ho bile joalo. Lichaba tse ngata li ne li talimane le tlokotsi e ka ’nang ea hlaha ea ho oa ha moruo oa tsona. ’Me haeba moruo oa tsona o kopaneng o ne o ka oa, moruo oa lefatše lohle le ’ona o ne o tla oa. Kahoo lichaba li ile tsa iketsa khokanyana-phiri tlas’a Machaba a Kopaneng. Lekhotla la Tšireletso le ile la fetisa liqeto tse ngata tsa Machaba a Kopaneng ho felisa tlokotsi ka khotso, ’me ha sena se hlōleha, le ile la tšehetsa qeto ea Machaba a Kopaneng ea ho sebelisa matla Koung ea Persia.
Mongoli oa ’Muso oa U.S. James Baker, ha a etsa khoeletso ea qeto ena, o ile a re: “Joale histori e re nehile monyetla o mong hape. Ha e le mona ntoa ea mantsoe e letse, joale re na le monyetla oa ho haha lefatše leo bathehi ba . . . Machaba a Kopaneng ba neng ba le nahanne. Re na le monyetla oa ho etsa hore Lekhotla lena la Tšireletso le Machaba ana a Kopaneng e be likofuto tsa ’nete bakeng sa khotso le toka lefatšeng lohle. . . . Re tlameha ho phethahatsa pono ea rōna e tšoanang ea lefatše la khotso le toka ka mor’a ntoa ea lefatše ea mantsoe.” O ile a hlokomela sena mabapi le lipuisano tsa bona ka ho sebelisoa ha sesole Koung ea Persia: “Ke nahana hore [e] tla ba e ’ngoe ea liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa historing ea Machaba a Kopaneng. Sena se tla etsa ho hongata ho rera bokamoso ba mokhatlo ona.”
Lipaki tsa Jehova li lumela ka ho tiileng hore Machaba a Kopaneng a tla phethahatsa karolo ea bohlokoa liketsahalong tsa lefatše nakong e tlang e haufi. Ha ho pelaelo hore liketsahalo tsena e tla ba tse hlollang. ’Me liphello li tla ba le tšusumetso e khōlō bophelong ba hao. Re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno ho u neha makolopetso a eketsehileng ka taba ena. Ka ho hlakileng Bibele e fana ka setšoantšo se bontšang hore haufinyane Machaba a Kopaneng a tla nehoa matla le puso. Joale Machaba a Kopaneng a tla etsa limakatso tse tla u makatsa haholo. ’Me u tla hlolloa ha u ithuta hore ho sa ntse ho e-na le tsela e molemo eo haufinyane e tlang ho tlisa khotso ea ka ho sa feleng le tšireletseho!
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Guido de Marco, mopresidente oa Seboka sa Kakaretso sa Machaba a Kopaneng (ka letsohong le letona), le Mongoli-Kakaretso Pérez de Cuéllar Sebokeng sa bo45
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN photo 176104/Milton Grant