Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 September leq. 13
  • Likarolo Tse ka U Thusang Tsa “U ka Thaba ka ho sa Feleng!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likarolo Tse ka U Thusang Tsa “U ka Thaba ka ho sa Feleng!”
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Livideo ho Ruta Liithuti Tsa Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Khatiso e Ncha e Ithutoang ea Molula-Qhooa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Sebelisa Lisebelisoa Tsa Theknoloji ka Bohlale?
    Tsoha!—2015
  • U Nepile, Ena ke Khatiso e Ithutoang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 September leq. 13

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Likarolo Tse ka U Thusang Tsa U ka Thaba ka ho sa Feleng!

Ha u sebelisa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!, na u thabela ho sebelisa livideo le lipotso tse hlahang ho eona? Likarolo tse reng “Batho ba Bang ba re,” “Seo U ka se Etsang” le “Batla” tsona? Ke lintho life hape tse ka u thusang ha u ntse u ithuta Bibele le batho?​—Mat 28:19, 20.

Buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” ho “JW Library”. Setšoantšo se bontšang “Likhatiso Tsa Karolo ea 1.”

Likhatiso: Haeba u sebelisa buka e hatisitsoeng, u ka fumana livideo le lihlooho tse ling tse hlahang moo habobebe joang? Bukeng e hlahang sesebelisoeng sa elektronike, khetha e ’ngoe ea likarolo tse ’nè. Qetellong ea lethathamo la likhaolo, u ka khetha likhatiso tsohle tsa karolo e itseng. (Sheba setšoantšo sa 1.)

Ho Sebelisa “Printed Edition”: Haeba u ithuta le motho u sebelisa sesebelisoa sa elektronike, u ka ’na oa bona ho le molemo ho sebelisa “Printed Edition” nakong eo le ntseng le ithuta. Ha u butse khaolo, penya matheba a mararo a hlahang holimo ka lehlakoreng ebe u khetha “Printed Edition.” Tsela eo e hlahang ka eona e tla u thusa hore u lemohe hore na lintlha li hlaha joang bukeng e hatisitsoeng. Ho khutlela morao, penya matheba a mararo hape ebe u khetha “Digital Edition.”

Buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” ho “JW Library”. Setšoantšo se bontšang “Na ke se ke Itokisitse?” le “Litlhaloso.”

“Na ke se ke Itokisitse?”: Mabokose a fumanehang ho elella qetellong ea buka, a bua ka lintho tse thusang motho hore a tšoanelehe ho ruta batho Bibele a sebetsa le phutheho le hore a kolobetsoe. (Sheba setšoantšo sa 2.)

Litlhaloso: Litlhaloso tse hlahang qetellong ea buka li hlalosa lintlha tse ling tsa bohlokoa. Bukeng e hlahang sesebelisoeng sa elektronike, ho na le linki e hlahang qetellong ea tlhaloso e u khutlisetsang moo le neng le ntse le bala teng. (Sheba setšoantšo sa 2.)

Etsa bonnete ba hore le ithuta buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! le motho ea tsoelang pele hantle ho fihlela le e qeta esita leha a se a kolobelitsoe. U ka tsoela pele u tlaleha nako, maeto a ho boela le thuto le haeba a se a kolobelitsoe. Haeba u tsamaea le mohoeletsi e mong ’me a nka karolo nakong ea thuto le eena a ka tlaleha nako

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela