Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp22 no. 1 maq. 10-11
  • 3 | Ntša Lehloeo ka Pelong ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3 | Ntša Lehloeo ka Pelong ea Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo U ka se Etsang:
  • Setefane—“Molimo o ne a mo Rata Hape a mo File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Setefane o Tlepetsoa ka Majoe
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Re ka Etsa’ng Hore re Hlole Lehloeo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Re ka Khona ho Hlola Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
wp22 no. 1 maq. 10-11
Ntate o iketsetsa setšoantšo seo ho sona a tšoereng letsoho la ntate e mong oa morabe o fapaneng. Liriti tsa bona li ba hlaisa ba tšoere likarete tsa boipiletso ’me ba phehisana khang.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

3 | Ntša Lehloeo Ka Pelong Ea hao

Seo Bibele e se Rutang:

“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”​—BAROMA 12:2.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Tsela eo re nahanang ka eona ke ea bohlokoa ho Molimo. (Jeremia 17:​10) Re lokela ho etsa ho fetang ho qoba ho etsa lintho tse bontšang lehloeo kapa ho li bua. Lehloeo le qala ka pelong le ka likelellong tsa rona. Kahoo, re lokela ho khaotsa ho nahana ka lintho tse ka etsang hore re be le lehloeo. Haeba re etsa joalo, re tla khona “ho fetoha” ’me re hlole lehloeo.

Seo U ka se Etsang:

Nahanisisa ka hloko hore na u ikutloa joang ka batho ba bang, haholo-holo ba morabe o fapaneng kapa ba tsoang linaheng tse ling. Ipotse: ‘Ke ba tšoara joang? Na tsela eo ke ba tšoarang ka eona e itšetlehile ka hore na kea ba tseba kapa e itšetlehile ka hore na ke na le khethollo?’ Qoba mecha ea puisano, lifilimi kapa boithabiso bo bontšang lehloeo kapa lintoa.

Lentsoe la Molimo le ka re thusa  hore re hlole lehloeo le ka pelong le le ka likelellong tsa rona

Ka linako tse ling ho ba thata ho hlokomela tsela eo re hlileng re ikutloang ka eona. Empa Lentsoe la Molimo le re thusa “ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:​12) Kahoo lula u ntse u ithuta Bibele. Bapisa seo Bibele e se rutang le tsela eo u nahanang ka eona ’me u leke ho ithuta ho nahana ka tsela e thabisang Molimo. Lentsoe la Molimo le ka re thusa hore re hlole lehloeo le “metseng ka matla” ka lipelong le ka likelellong tsa rona.​—2 Bakorinthe 10:​4, 5.

Pale ea Bophelo​—STEPHEN

O Ile a Fetola Tsela eo a Neng a Nahana ka Eona

Stephen.

Stephen le ba lelapa la hae ba ne ba hlouoe ke makhooa. Ka lebaka leo, Stephen e ile ea e-ba karolo ea sehlopha se neng se loanela litokelo tsa botho. Ha nako e ntse e e-ea, o ile a qala ho loantša makhooa. Stephen o re: “Ka linako tse ling ’na le metsoalle ea ka re ne re shebella lifilimi tse bontšang ha makhoba a Maafrika a sotloa Amerika. Kaha ho hloka toka ho joalo ho ne ho re utloisa bohloko, re ne re hlasela bacha ba makhooa hona moo sebakeng seo ho shebelloang lifilimi. Ka mor’a moo re ne re ea libakeng tsa makhooa ebe re batla bao re ka ba loantšang.”

Tsela eo Stephen a neng a nahana ka eona e ile ea fetoha haa qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Kaha ke ne ke e-na le bothata bo tebileng ba khethollo ea morabe, ke ne ke hlolloa ha ke le har’a Lipaki. Ka mohlala, ha lekhooa le leng la paki le nka leeto, le ile a siea bana ba lona ha Lipaki tsa batho ba batšo. Hape lelapa le leng la Lipaki tsa makhooa le ile la lula le mocha oa motho ea motšo ea neng a hloka bolulo.” Stephen o ile a kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova ke lelapa le ratanang le hore li phetha tšepiso ea Jesu e bontšang hore balateli ba hae ba tla bontšana lerato.​—Johanne 13:35.

Ke’ng e thusitseng Stephen hore a tlohelle ho ba mabifi le ho hloea ba bang? O thusitsoe ke lengolo la Baroma 12:2. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola boikutlo ba ka. Ke ne ke lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona kaha ho phela ka khotso le batho ba bang ke tsela e molemo ka ho fetisisa.” Stephen o thabetse bophelo bo se nang lehloeo ka lilemo tse fetang tse 40.

U ka bala pale ea Stephen ho Molula-Qhooa oa July 1, 2015, leqepheng la 10 ho ea la 11, o fumanehang ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela