Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp22 no. 1 maq. 8-9
  • 2 | U se ke oa Iphetetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 | U se ke oa Iphetetsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo U ka se Etsang:
  • Haeba U Utloisitsoe Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke ne ke le Ntoa-Lumela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Na ho Iphetetsa ho Phoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Re ka Khona ho Hlola Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
wp22 no. 1 maq. 8-9
Banna ba babeli ba halefileng ba lutse makaleng a sefate. E mong le e mong o khaola lekala leo a lutseng holim’a lona.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

2 | U Se Ke Oa Iphetetsa

Seo Bibele e se Rutang:

“Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lona, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, . . . Kaha ho ngoliloe: ‘“Phetetso ke ea ka, ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”​—BAROMA 12:​17-19.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Ha motho a re utloisa bohloko, ho tloaelehile hore re koate empa Molimo ha a batle hore re iphetetse. Ho e-na le hoo, o batla hore re be le mamello hobane o tšepisa hore haufinyane o tla felisa batho ba khopo.​—Pesaleme ea 37:​7, 10.

Seo U ka se Etsang:

Ha batho ba baetsalibe ba iphetetsa, seo se etsa hore ba hloeane le ho feta. Kahoo, ha motho a u utloisa bohloko, u se ke oa iphetetsa. Leka ho laola maikutlo a hao ’me u bue ka bonolo. Maemong a mang ho ka ba molemo hore u lebale ka se etsahetseng. (Liproverbia 19:​11) Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore u tlalehe bothata. Ka mohlala, haeba u le lehlatsipa la tlolo ea molao, u ka khetha ho tlaleha tlolo eo ea molao mapoleseng.

Ho iphetetsa ha ho re tsoele molemo

U ka etsa’ng haeba ho se na tsela e ka rarollang bothata boo ka khotso? U tla etsa’ng haeba u lekile sohle seo u ka se khonang ho bo rarolla ka khotso? U se ke oa iphetetsa hobane ha u etsa joalo maemo a ka mpefala. U tla khona ho hlola lehloeo haeba u sa iphetetse. Tšepa tsela eo Molimo a reng re rarolle bothata ka eona. “U itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.”​—Pesaleme ea 37:​3-5.

Pale ea Bophelo​—ADRIÁN

O Ile a Tlohella ho Iphetetsa

Adrián.

Ha Adrián e sa le mocha, o ne a rata ho loantša batho ba bang, a tletse lehloeo ebile a batla ho iphetetsa ho mang kapa mang ea mo utloisitseng bohloko. O re: “Hangata ke ne ke kenella lintoeng tsa lithunya ’me ka makhetlo ke ne ke lemala haholo hoo batho bao ke neng ke loana le bona ba ileng ba ntšiea ba nahana hore ke shoele.”

Adrián o qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a le lilemo li 16. O re: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola botho ba ka.” O ne a lokela ho hlola lehloeo le hore a khaotse ho ba mabifi. O ile a ananela keletso eo a ithutileng eona lengolong la Baroma 12:​17-19 le buang ka ho se iphetetse. O re: “Ke ile ka ithuta hore Jehova o tla felisa ho hloka toka ka nako ea hae. Butle-butle ke ile ka khaotsa ho loantša batho ba bang.”

Bosiung bo bong, Adrián o ile a hlaseloa ke bacha ba kenke eo a neng a tloaetse ho loana le eona. Moeta-pele oa kenke eo o ile a re: “Itoanele!” Adrián o re: “Ke ne ke utloa ke batla ho itoanela.” Ho e-na le hore a iphetetse o ile a rapela Jehova eaba o tloha sebakeng seo.

Adrián o tsoela pele ho re: “Letsatsing le hlahlamang ke ile ka kopana le moeta-pele oa kenke eo. Le hoja ke ne ke halefile, ke ile ka boela ka rapela Jehova ka pelong e le hore a nthuse hore ke itšoare. Ke ile ka makatsoa ke ha a re: “Ke kopa u ntšoarele ka se etsahetseng maobane. Ho bua ’nete , ke batla ho tšoana le uena. Ke batla ho ithuta Bibele.” Ke ile ka thaba hore ke khonne ho laola bohale ba ka ’me seo sa ’nolofalletsa hore ke qale ho ithuta Bibele le eena.”

RU ka bala pale ea Adrián ho Molula-Qhooa oa No. 5 2016, leqhepheng la 14 ho ea ho la 15, o fumanehang ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela