Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp22 no. 1 maq. 6-7
  • 1 | U se ke oa ba Leeme

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 | U se ke oa ba Leeme
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo o ka se Etsang:
  • Tite “Mosebetsi-’moho Bakeng sa Lithahasello Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Buka ea Bibele ea 56—Tite
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • 3 | Ntša Lehloeo ka Pelong ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
wp22 no. 1 maq. 6-7
Ntate ea motšo o tšoere setšoantšo sa ntate ea mosoeu ea thabileng le ntate ea mosoeu o tšoere setšoantšo sa ntate ea motšo ea thabileng. Ka mor’a tsona ke litšoantšo tsa batho ba halefileng.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

1 | U Se Ke Oa Ba Leeme

Seo Bibele e se Rutang:

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—LIKETSO 10:​34, 35.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Jehovaa Molimo ha a re ahlole ho ea ka morabe oa rona, ’mala, setso kapa hore na re tsoa hokae. Ho e-na le hoo, o ela hloko lintho tseo re li labalabelang le lintho tseo re li nahanang. Ke ’nete hore “motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.

Seo o ka se Etsang:

Le hoja re ke ke ra tseba seo batho ba nahanang, re ka leka ho etsisa Jehova ka hore re se ke ra ba leeme. Leka ho bona batho ka bomong eseng e le sehlopha. Haeba u utloa u e-na le maikutlo a fosahetseng ka batho ba merabe e meng, rapela Molimo hore a u thuse ho loantša maikutlo ao. (Pesaleme ea 139:​23, 24) Haeba u kopa Jehova hore a u thuse hore u tlohelle ho ba leeme, u ka kholiseha hore o tla mamela thapelo ea hao ’me a u thuse.​— 1 Petrose 3:12.

a Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:18.

“Ke ne ke e-s’o ka ke lula fatše le motho ea mosoeu ka khotso . . . Joale ke ne ke le setho sa mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho.”​—TITUS

Pale ea Bophelo​—TITUS

O Ile a Hlola Lehloeo

Titus.

Titus o ne a halefisitsoe ke khethollo ea morabe, kahoo o ile a ikopanya le banna ba bang ba kotsi ba neng ba ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Re ne re ea libakeng tseo batho ba batšo ba neng ba sa lumelloa ho ea ho tsona, tse kang lihoteleng le libareng e le feela ho qholotsa ntoa.” Titus o re o ne a e-na le lehloeo, ’me le ile la etsa hore a be mabifi. O re: “Haeba ke ne ke phehisana khang le motho, ebang ke monna kapa ke mosali, e ne e le ’na ea mo otlang pele.”

Titus o ile a fetoha ha a ne ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a bala Bibele, o ile a qala ho nahana ka tsela e fapaneng. O ile a hlolloa ha a bala ka tšepiso ea hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”​—Tšenolo 21:​3, 4.

Qalong Titus o ile a thatafalloa ke ho hlola lehloeo. O re: “Ho ne ho le thata haholo ho fetola tsela eo ke neng ke nahana ka eona le eo ke neng ke etsa lintho ka eona.” O ile a thusoa ke seo a ileng a ithuta sona lengolong la Liketso 10:​34, 35, le bontšang hore Molimo ha a leeme.

Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Titus oa hlalosa: “Ke ile ka kholiseha hore bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova ke ba ’nete ha ke bona lerato leo li ratanang ka lona, ho sa tsotellehe hore na ke tsa morabe kapa ’mala ofe. Le pele ke e-ba Paki e kolobelitsoeng, motho e mong ea mosoeu eo e leng setho sa phutheho o ile a ’memela lijong ha hae. E ne eka kea lora. Le ka le baliloeng ke ne ke e-s’o ka ke lula fatše le motho ea mosoeu ka khotso, ke se ke sa re letho ka ho ja le eena ke le ha hae. Joale ke ne ke se ke le setho sa mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho.”

O ka bala pale ea Titus Molula-Qhooeng oa August 1, 2009, leqhepheng la 28 ho ea ho la 29, o fumanehang ho  jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela