Na u ne u Tseba?
Ke hobane’ng ha ho ne ho le molemo hore Baiseraele ba nyehele ka maebana-khoroana le maeba?
TLAS’A Molao oo Molimo a o fileng Moshe, Jehova o ne a lumella Baiseraele hore ba fane ka maebana-khoroana le maeba e le linyehelo. Melao e neng e bua ka linyehelo e ne e lula e bua ka linonyana tsena tse peli ’me ho ne ho ka sebelisoa e ’ngoe bakeng sa e ’ngoe. (Lev. 1:14; 12:8; 14:30) Ke hobane’ng ha tokisetso ena e ne e le molemo? Lebaka le leng ke hobane maebana-khoroana a ne a sa lule a fumaneha habonolo. Hobane’ng?
Leebana-khoroana
Maebana-khoroana a fumaneha naheng ea Iseraele ka likhoeli tseo ho futhumetseng ka tsona. Selemo se seng le se seng ka khoeli ea October, a fallela linaheng tse futhumetseng tse ka boroa ’me a khutlela Iseraele ka nako ea selemo. (Sefela 2:11, 12; Jer. 8:7) Sena se bontša hore ho ne ho le thata hore Baiseraele ba mehleng ea khale ba fane ka maebana-khoroana e le sehlabelo nakong ea mariha.
Leeba
Ka lehlakoreng le leng, maeba ’ona ha a falle ’me a lula a le teng Iseraele selemo kaofela. Hape maeba e ne e le linonyana tse ruuoang. (Bapisa le Johanne 2:14, 16.) Ho ea ka buka ea Bible Plants and Animals, “batho bohle ba lulang mahaeng le litoropong naheng ea Palestine ba ne ba ruile maeba. Mong’a ntlo e mong le e mong o ne a e-na le sehlaha kapa lesoba leboteng moo linonyana li neng li ka lula teng.”—Bapisa le Esaia 60:8.
Leeba le ka har’a sehlaha
Sena se ne se bontša hore Jehova o lerato ebile oa nahanela hobane o ile a lumella Baiseraele hore ba fane ka linonyana tseo ba neng ba ka khona ho ba le tsona selemo kaofela.