Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w22 August maq. 26-31
  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO LOKA HO BOLELA’NG?
  • U KA ETSA’NG E LE HORE U RATE MELAO EA JEHOVA LE HO FETA?
  • Rata ho Loka ka Pelo ea Hao Eohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Phehella ho Loka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Le ’ne le Batle “ho Loka ha Hae” Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Thabela ho Loka ha Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
w22 August maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 36

Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka

“Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka.”​—MAT. 5:6.

PINA EA 9 Jehova ke Morena oa Rona

SEO RE TL’O ITHUTA SONAa

1. Josefa o ile a hlaheloa ke teko efe, hona o ile a etsa’ng?

JOSEFA e leng mor’a oa Jakobo o ile a hlaheloa ke teko e boima. Mosali e mong o ile a re a ‘robale le eena.’ Mosali eo e ne e le oa mong’a hae e leng Potifaro. Josefa o ile a hana ho robala le eena. Motho e mong a ka ’na a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Josefa a ile a hana ho etsa joalo hobane Potifaro o ne a le sieo. Hape Josefa e ne e le lekhoba ntlong eo ’me haeba a ne a ka hana ho robala le mosali eo o ne a ka mo sulafaletsa bophelo. Ho ntse ho le joalo, Josefa o ile a ’na a hana ho robala le mosali eo le hoja a ne a mo phehella. Hobane’ng? O ile a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”​—Gen. 39:​7-12.

2. Josefa o ne a tseba joang hore Molimo o nka ho etsa bofebe e le sebe?

2 Josefa o ne a tseba joang hore Molimo o nka bofebe e le ho etsa ‘bobe bo boholo’? Baiseraele ba ile ba fumana Molao oa Moshe o neng o re “u se ke oa feba” lilemo tse 200 hamorao. (Ex. 20:​14) Ho ntse ho le joalo, Josefa o ne a tseba Jehova hantle le hore na o ikutloa joang ha batho ba etsa bofebe. Ka mohlala, Josefa o ne a tseba hore Jehova o thehile lenyalo pakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong. Ho ka etsahala hore ebe o ile a utloa kamoo Jehova a ileng a sireletsa nkhono oa hae Sara ka makhetlo a mabeli ha a ne a le kotsing ea hore banna ba bang ba batle ho etsa thobalano le eena. Molimo o ile a sireletsa mosali oa Isaka e leng Rebeka ka tsela e tšoanang. (Gen. 2:​24; 12:​14-20; 20:​2-7; 26:​6-11) Ha Josefa a nahana ka maemo ao, o ile a bona hore na ke’ng seo Molimo a se nkang se nepahetse le seo a se nkang se fosahetse. Kaha Josefa o ne a rata Jehova, o ne a boetse a rata le melao ea hae ebile a ikemiselitse ho e mamela.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Na u rata ho loka? Ha ho pelaelo hore ho joalo. Kaofela ha rona ha rea phethahala, kahoo haeba re sa hlokomele re ka susumetsoa ke tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka ho loka. (Esa. 5:​20; Bar. 12:2) Kahoo, re tl’o bua ka hore na ho loka ho bolela’ng le hore na ho rata ho loka ho ka re tsoela molemo joang. Re tla boela re bue ka lintho tse tharo tseo re ka li etsang e le hore re rate melao ea Jehova haholoanyane.

HO LOKA HO BOLELA’NG?

4. Ke maikutlo afe a fosahetseng ao batho ba bang ba nang le ’ona ka ho loka?

4 Ha batho ba nahana ka motho eo ho thoe’ng o lokile, hangata ba nahana ka motho ea ikhohomosang, ea tšoaea-tšoaeang batho ba bang liphoso le ea nahanang hore o ba phahametse. Empa Molimo ha a rate batho ba joalo ho hang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a khalemela ka matla baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba neng ba ipehela melao ea hore na se lokileng ke sefe. (Moek. 7:​16; Luka 16:​15) Kahoo, ho loka ha ho bolele hore motho o inka a phahametse batho ba bang.

5. Bibele e re ho loka ho bolela’ng? Fana ka mehlala.

5 Ho loka ke ntho e ntle. Ho bolela ho etsa lintho tseo Jehova Molimo a reng li nepahetse. Ka Bibeleng mantsoe a fetoletsoeng e le “ho loka” a bolela ho mamela melao e phahameng ea Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a bolella batho ba rekisang hore ba lokela ho sebelisa “boima bo nepahetseng.” (Deut. 25:​15) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “nepahetseng” le ka boela la fetoleloa e le “ho loka.” Kahoo, Mokreste ea batlang ho etsa lintho tseo Molimo a reng li lokile o tla tšepahala linthong tsohle tse amanang le khoebo. Motho ea ratang ho loka o boetse o rata toka ebile ha a batle ho bona motho e mong a tšoaroa hampe. E le hore motho ea lokileng a “khahlise [Jehova] ka botlalo,” o nahana ka hore na Jehova o tla ikutloa joang ka liqeto tseo a li etsang.​—Bakol. 1:10.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng? (Esaia 55:​8, 9)

6 Bibele e re ho loka ho tsoa ho Jehova. Ke kahoo a bitsoang “sebaka sa bolulo sa ho loka.” (Jer. 50:7) Kaha Jehova ke ’Mopi, ke eena feela ea ka behang melao ea se nepahetseng le se fosahetseng. Kaha re baetsalibe ebile ha rea phethahala, hangata ha re tsebe hore na lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ke life. Leha ho le joalo, Jehova eena o phethahetse ’me o tseba hantle hore na lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ke life. (Liprov. 14:​12; bala Esaia 55:​8, 9.) Leha ho le joalo, kaha re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, re ka khona ho etsa lintho tseo a reng li nepahetse. (Gen. 1:​27) Re rata ho mamela melao ea Jehova. Kaha re rata Ntate oa rona, re batla ho mo etsisa kahohle kamoo re ka khonang.​—Baef. 5:1.

7. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re hloka melao.

7 Ho mamela melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng ho re tsoela molemo. Na u hlokomela lebaka? Ak’u nahane feela hore na ho ne ho tla etsahala’ng haeba banka e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ka ipehela melao mabapi le ho fumana boleng ba chelete kapa haeba kontraka e ’ngoe le e ’ngoe ea kaho e ne e ka latela lipehelo tsa eona tsa ho metha. Seo se ne se ka baka moferefere. Hape haeba lingaka le baoki ba ne ba sa latele melao e tšoanang ha ba phekola, batho ba bang ba ne ba ka shoa. Sena sea bontša hore melao e behiloeng ea re sireletsa. Ka tsela e tšoanang, melao ea Molimo ea se nepahetseng le se fosahatseng ea re sireletsa.

8. Batho ba lokileng ba tla fumana eng?

8 Jehova o hlohonolofatsa batho ba lekang ho mamela melao ea hae. O tšepisa hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:​29) Ak’u nahane hore na batho e tla ba ba momahaneng, ba nang le khotso le ba thabileng hakae ha kaofela ha rona re mamela melao ea Jehova. Jehova o batla hore u be teng ka nako eo. Kaofela ha rona re na le mabaka a utloahalang a hore re rate seo Jehova a reng se nepahetse. Re ka etsa’ng e le hore re rate ho loka le ho feta? A re bueng ka lintho tse tharo tseo re ka li etsang.

U KA ETSA’NG E LE HORE U RATE MELAO EA JEHOVA LE HO FETA?

9. Ke’ng e tla re thusa hore re rate ho loka?

9 Ntlha ea pele: Rata Molimo e leng eena ea behang melao. E le hore re rate ho loka, re lokela ho rata Jehova haholoanyane e leng eena ea re behelang melao ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ha re rata Jehova le ho feta, re tla batla ho mamela melao ea hae e lokileng. Ka mohlala, haeba Adama le Eva ba ne ba rata Jehova, ba ne ba ke ke ba tlola molao oa hae.​—Gen. 3:​1-6, 16-19.

10. Abrahama o ile a etsa’ng e le hore a utloisise hore na Jehova o nahana joang?

10 Ha re batle ho etsa phoso e tšoanang le ea Adama le Eva. Re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang ka hore re lule re ithuta ka Jehova, re ananele makhabane a hae ebile re leke ho utloisisa tsela eo a nahanang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla rata Jehova le ho feta. Nahana ka Abrahama. O ne a rata Jehova haholo ’me a lula a mo mamela le hoja a ne a sa utloisise liqeto tseo Jehova a neng a li etsa. Hape o ile a leka ho tseba Jehova haholoanyane. Ka mohlala, ha Abrahama a utloa hore Jehova o entse qeto ea ho felisa Sodoma le Gomora, o ile a tšoha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o ne a tl’o felisa batho ba lokileng hammoho le ba khopo. O ne a nahana hore ntho eo Jehova a neng a tl’o e etsa e ne e sa utloahale, kahoo ka boikokobetso o ile a botsa Jehova lipotso tse ngata. Jehova o ile a mo bontša mamello ’me a araba lipotso tsa hae. Qetellong Abrahama o ile a hlokomela hore Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo ’me ha ho mohla a ahlolang ba se nang molato hammoho le ba nang le molato.​—Gen. 18:​20-32.

11. Abrahama o ile a bontša joang hore o rata Jehova ebile oa mo tšepa?

11 Puisano eo Abrahama le Jehova ba bileng le eona ka motse o’a Sodoma le Gomora e ile ea mo ama haholo. E ile ea etsa hore a rate le ho hlompha Ntate oa hae le ho feta. Lilemo hamorao, Abrahama o ile a ba boemong bo ileng ba etsa hore ho be thata hore a tšepe Jehova. Jehova o ile a kopa hore a etse sehlabelo ka mora oa hae eo a mo ratang, e leng Isaka. Empa ka nako eo Abrahama o ne a se a tseba Molimo hantle, kahoo ha aa ka a mo botsa lipotso. Abrahama o ile a fela a etsa seo Jehova a ileng a mo kopa sona. U ka inahanela feela hore na ho ne ho le boima hakae ha a ntse a itokisetsa ho e’o etsa sehlabelo seo. E tlameha ebe Abrahama o ile a nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova. O ne a tseba hore Jehova o ne a ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa lokang kapa e sa bontšeng lerato. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore Abrahama o ne a lumela hore Jehova o ne a tla tsosa mora oa hae ea ratoang Isaka. (Baheb. 11:​17-19) Jehova o ne a tšepisitse hore Isaka e ne e tla ba ntate oa sechaba empa ka nako eo Isaka o ne a se na bana. Abrahama o ne a rata Jehova, kahoo o ne a tšepa hore Ntate oa hae o tla lula a etsa se nepahetseng. Le hoja ho ne ho le thata, tumelo eo a neng a e-na le eona e ile ea mo thusa hore a mamele.​—Gen. 22:​1-12.

12. Re ka etsisa Abrahama joang? (Pesaleme ea 73:28)

12 Re ka etsisa Abrahama joang? Re lokela ho lula re ithuta ka Jehova joaloka Abrahama. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea hae ’me re tla mo rata le ho feta. (Bala Pesaleme ea 73:​28.) Letsoalo la rona le tla koetliseha e le hore re khone ho nahana joaloka Molimo. (Baheb. 5:​14) Kahoo, re tla khona ho hana haeba motho e mong a batla hore re etse ntho e itseng e fosahetseng. Re tla qoba ho nahana le ho etsa ntho leha e le efe e ka utloisang Ntate oa rona bohloko le ho senya kamano ea rona le eena. Re ka bontša joang hape hore re rata ho loka?

13. Ke joang re ka phehellang ho loka? (Liproverbia 15:9)

13 Ntlha ea bobeli: Loanela ho rata ho etsa lintho tse lokileng letsatsi le letsatsi. Re lokela ho ikoetlisa letsatsi le letsatsi haeba re batla hore re lule re le matla. Ka ho tšoanang, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re rate lintho tseo Jehova a reng li lokile. Re ka khona ho etsa sena letsatsi le letsatsi. Jehova oa re nahanela ’me ha aa lebella hore re etse lintho tse fetang matla a rona. (Pes. 103:​14) Oa re kholisa hore “o rata ea phehellang ho loka.” (Bala Liproverbia 15:9.) Haeba ho na le ntho eo re batlang ho e finyella ha re ntse re sebeletsa Jehova, re sebetsa ka thata hore re e finyelle. Kahoo, re lokela ho etsa se tšoanang haeba re batla ho phehella ho loka. Ha nako e ntse e ea ka mamello Jehova o tla re thusa hore re atlehe ho etsa joalo.​—Pes. 84:​5, 7.

14. “Tšireletso ea sefuba ea ho loka” ke’ng, hona ke hobane’ng ha re e hloka?

14 Jehova oa re hopotsa hore ho etsa lintho tse nepahetseng ho ke ke ha re imela. (1 Joh. 5:3) Ho e-na le hoo, ho re sireletsa letsatsi le letsatsi. Hopola lihlomo tsa moea tseo moapostola Pauluse a buileng ka tsona. (Baef. 6:​14-18) Ke karolo efe e neng e sireletsa pelo ea lesole? Ke “tšireletso ea sefuba ea ho loka” e emelang melao ea Jehova e lokileng. Melao ea Jehova e lokileng e ka sireletsa pelo ea hao ea tšoantšetso, e leng motho eo u leng eena ka hare feela joalokaha tšireletso ea sefuba e sireletsa pelo ea lesole. Ke kahoo e leng habohlokoa hore o etse bonnete ba hore lihlomo tsa hao tsa moea li akareletsa tšireletso ea sefuba ea ho loka.​—Liprov. 4:23.

15. U ka apara tšireletso ea sefuba ea ho loka joang?

15 U ka apara tšireletso ea sefuba ea ho loka joang? U ka etsa joalo ka hore letsatsi le letsatsi u nahane ka melao ea Molimo pele u etsa liqeto. Pele u nka qeto ea hore na u tla bua ka’ng, u tla mamela ’mino ofe, u tla shebella boithabiso bofe kapa hore na u tla bala buka efe, ipotse: ‘Ke’ng eo ke e kenyang ka pelong ea ka? Na Jehova a ka thabisoa ke lintho tsee? Na li khothaletsa hore re etse boitšoaro bo bobe, re rate ntoa, re be meharo le ho etsa hore re ichebe borona, e leng lintho tseo Jehova a reng ha lia loka?’ (Bafil. 4:8) Haeba liqeto tseo u li etsang li lumellana le thato ea Jehova, u tla be u lumella melao ea hae e lokileng hore e sireletse pelo ea hao.

Morali oabo rona o shebile maqhubu a leoatle ha a ntse a ea holimo le tlaase ha letsatsi le likela.

Ho loka ha hao ho ka tšoana le “maqhubu a leoatle” (Sheba serapa sa 16 le 17)

16, 17. Esaia 48:​18 e re kholisa joang hore re ka khona ho mamela melao ea Jehova?

16 Na u kile oa ipotsa hore na u tla khona ho tsoela pele u mamela melao ea Jehova e lokileng letsatsi le letsatsi? Nahana ka papiso eo Jehova a ileng a bua ka eona ho Esaia 48:​18. (E bale.) Jehova o tšepisa hore ho loka ha rona ho ka tšoana le “maqhubu a leoatle.” Ak’u nahane u lutse lebopong la leoatle ’me u shebile maqhubu a leoatle a ntse a ea holimo le tlaase. Ha u ntse u thabetse ho sheba maqhubu ao, na u ne u ka ipotsa hore na a tla ke a emise? Ho hang! Oa tseba hore haesale maqhubu ao a le teng leoatleng leo ka lilemo tse ngata ’me a ke ke a emisa le ka mohla.

17 Ho loka ha hao ho ka tšoana le maqhubu a leoatle. Seo se ka etsahala joang? Ha ho e-na le qeto eo u batlang ho e etsa, nahana pele ka hore na Jehova o batla u entse’ng ebe u etsa joalo. Ntate oa hao ea lerato o tla lula ao fa matla ebile ao thusa hore u etse se nepahetseng ho sa tsotellehe hore na qeto eo u lokelang ho e etsa e thata hakae.​—Esa. 40:​29-31.  

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ahlola batho ba bang ho ea ka seo rona re nahanang hore se nepahetse?

18 Ntlha ea boraro: Lumella Jehova hore e be eena ea ahlolang. Ha re ntse re leka kahohle ho mamela melao ea Jehova e lokileng, re lokela ho qoba ho ahlola batho ba bang le ho inka re ba phahametse. Ho e-na le hore re khelle batho ba bang fatše ’me re ba ahlole ho latela seo rona re nahanang hore se nepahetse, re lokela ho hopola hore Jehova ke “Moahloli oa lefatše lohle.” (Gen. 18:​25) Jehova ha aa re fa tokelo ea ho ahlola batho ba bang. Ha e le hantle, Jesu o ile a fana ka taelo ena e reng: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.”​—Mat. 7:1.b

19. Josefa o ile a bontša joang hore o tšepa kahlolo ea Jehova?

19 A re ke re boele re bue ka mohlala oa monna ea neng a lokile e leng Josefa. O ne a qoba ho ahlola batho ba bang esita le ba neng ba mo tšoara hampe. Barab’abo ba ne ba mo loantša, ba ile ba mo rekisa hore e e’o ba lekhoba ’me ba ile ba re ho ntate oa bona o shoele. Lilemo hamorao, Josefa o ile a ba le lelapa labo hape. Ka nako eo Josefa e ne e se e le molaoli ea matla ’me a ka be a ile a ahlola barab’abo ka sehloho le ho batla ho iphetetsa. Barab’abo Josefa ba ne ba tšohile hore o ne a ka etsa joalo, le hoja ba ne ba ikoahlaela lintho tseo ba neng ba li entse. Empa Josefa o ile a re ho bona: “Le se ke la tšoha, etsoe na ke sebakeng sa Molimo?” (Gen. 37:​18-20, 27, 28, 31-35; 50:​15-21) Josefa o ne a tseba hore ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho ahlola barab’abo.

20, 21. Ke joang re ka qobang ho inka re phahametse batho ba bang?

20 Le rona re lokela ho lumella Jehova hore e be eena ea ahlolang joaloka Josefa. Ka mohlala, ha rea lokela ho nahana hore rea tseba hore na ke’ng e etsang hore Bakreste-’moho ba etse lintho ka tsela eo ba li etsang ka eona. Re ke ke ra khona ho bona se ka pelong ea motho kaha ke Jehova feela ea hlahlobang lipelo. (Liprov. 16:2) O rata batho ba mefuta eohle ba tsoang libakeng le litsong tse sa tšoaneng. Hape Jehova o re khothaletsa hore re “atolohe.” (2 Bakor. 6:​13) Re batla ho rata bara le barali babo rona bohle eseng re ba ahlole.

21 Taba ena e boetse e bolela hore ha rea lokela ho ahlola batho ba sa sebeletseng Jehova. (1 Tim. 2:​3, 4) Na u ka ahlola oa lelapa eo e seng Paki ’me oa re ‘motho enoa e ke ke ea e-ba Paki ea Jehova le ka mohla’? Che, ho etsa joalo e tla be e le ho iketeletsa pele le ho nahana hore re phahametse batho ba bang. Jehova o ntse a fa “moloko [oohle] oa batho” monyetla oa hore o bake. (Lik. 17:​30) Re lokela ho lula re hopola hore Jehova o nka batho ba nahanang hore ba phahametse batho ba bang e le ba sa lokang.

22. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse hore u rate toka?

22 E se eka lerato leo re ratang melao ea Jehova e lokileng ka lona le ka etsa hore re lule re thabile ’me la re thusa hore re be mehlala e metle ho batho ba bang e le hore e be metsoalle ea rona le ea Molimo oa rona. Hape e se eka re ke ke ra khaotsa ho ‘lapela le ho nyoreloa ho loka.’ (Mat. 5:6) Kholiseha hore Jehova o hlokomela boiteko boo u bo etsang le hore o thabisoa ke ho bona hore u leka kahohle hore u etse se nepahetseng. Le hoja batho ba lefatše lena ba ntse ba tsoela pele ba sa bontše toka, lula u khothetse u hopole hore “Jehova o rata ba lokileng.”​—Pes. 146:8.

U KA ARABA JOANG?

  • Ho loka ho bolela’ng?

  • Ho mamela melao ea Jehova e lokileng ho ka re tsoela molemo joang?

  • Re ka etsa’ng e le hore re rate melao ea Jehova e lokileng le ho feta?

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

a Ha ho bonolo ho fumana batho ba lokileng lefatšeng lena le khopo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba etsa lintho tse lokileng. Ha ho pelaelo hore le uena u e mong oa bona. U leka ho etsa lintho tse lokileng hobane u rata Jehova ’me Jehova o rata ho loka. Ke joang re ka ratang ho loka haholoanyane? Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na ho loka ho bolela’ng le hore na ho rata ho loka ho ka re tsoela molemo joang. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsa’ng e le hore re rate ho loka haholoanyane.

b Ka linako tse ling baholo ba lokela ho ahlola haeba motho a entse sebe se tebileng hape baa sheba hore na motho o bakile. (1 Bakor. 5:​11; 6:5; Jak. 5:​14, 15) Leha ho le joalo, ka boikokobetso baa hopola hore ba ke ke ba bona se ka pelong ea motho le hore ba ahlolela Jehova. (Bapisa le 2 Likronike 19:6.) Ba etsa liqeto ba nahanne ka hore Molimo o ahlola ka tsela e nahanelang, e mohau le e nang le toka.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela