SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 24
U ka Khona ho Finyella Lintho Tseo U Rerileng ho li Etsetsa Jehova
“A re se keng ra khathala ho etsa lintho tse ntle hobane re tla fumana moputso haeba re sa khathale.”—BAGAL. 6:9.
PINA EA 84 A re Eeng
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Re ka thatafalloa ke’ng?
NA U kile oa batla ho etsetsa Jehova ntho e itseng empa oa thatafalloa ke ho e finyella?b Haeba ho joalo, ha u mong. Ka mohlala, Mor’abo rona Philip o ne a batla ho ntlafatsa lithapelo tsa hae empa o ne a thatafalloa ke ho fumana nako ea ho rapela. Morali oa bo rona Erika o ne a batla ho fihla sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ka nako empa o ne a lula a fihla ka mor’a nako. Mor’abo rona Tomáš o ile a leka ka makhetlo ho bala Bibele kaofela. O re: “Ke ile ka Ieka ho bala Bibele hoo e ka bang ka makhetlo a mararo empa e ne e sa ’natefele. Makhetlong ao a mararo ke ne ke bala ho fihlela lengolong la Levitike ebe kea khaotsa.”
2. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re sa khone ho etsa lintho tseo re neng re batla ho li etsetsa Jehova?
2 Haeba u batla ho etsa ntho e itseng empa u e-s’o ka u e finyella, u se ke oa nyahama. Re ntse re lokela ho sebetsa ka thata leha re etsa lintho tse nyenyane tseo re batlang ho li finyella. Taba ea hore u batla ho finyella seo u se rerileng ea bontša hore Jehova ke motsoalle oa hao oa bohlokoa ’me u batla ho mo fa se molemo. Jehova o ananela seo u mo etsetsang sona. Ha a lebella hore u etse lintho tseo u ke keng oa khona ho li etsa. (Pes. 103:14; Mik. 6:8) Kahoo, ha u batla ho etsa ntho e itseng, etsa bonnete ba hore u tla khona ho e finyella. Ka mor’a ho tseba hore na u batla ho etsa’ng, u ka etsa’ng e le hore u finyelle ntho eo? A re ke re bueng ka lintho tse tla re thusa.
E-BA LE TABATABELO EA HO FINYELLA SEO U SE RERILENG
Rapella tabatabelo ea ho etsa ntho eo u e rerileng (Sheba serapa sa 3 le 4)
3. Ke hobane’ng ha ho ba le tabatabelo ea ho etsa seo u se rerileng e le habohlokoa?
3 Ke habohlokoa ho ba le tabatabelo ea ho finyella seo u se rerileng. Ha u e-na le tabatabelo ea ho finyella seo u se rerileng, u tla sebetsa ka thata hore u se finyelle. Re ka bapisa tabatabelo eo re nang le eona le moea o khannang sekepe e le hore se fihle moo se eang teng. Ha moea o foka ka matla, mosesisi oa sekepe a ka fihla moo a eang teng kapele. Ka tsela e tšoanang, haeba re e-na le tabatabelo ea ho etsa ntho eo re e rerileng, re tla khona ho e finyella. Mor’abo rona David ea lulang El Salvador o re: “Ha u rerile ho etsa ntho e itseng, u tla sebetsa ka thata ho e etsa. U ke ke oa lumella letho ho u sitisa ho phetha seo u batlang ho se finyella.” U ka etsa’ng e le hore u be le tabatabelo ea ho finyella lintho tseo u li rerileng?
4. Re ka rapella’ng? (Bafilipi 2:13) (Sheba setšoantšo.)
4 Kopa Jehova hore a u thuse ho ba le tabatabelo ea ho finyella lintho tseo u li rerileng. Jehova a ka sebelisa moea oa hae o halalelang ho u thusa hore u finyelle seo u batlang ho se etsa. (Bala Bafilipi 2:13.) Re ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa hobane rea tseba hore ho molemo ho etsa joalo. Empa ka linako tse ling re ka utloa re se na tabatabelo ea ho etsa lintho tseo. Sena se ile sa etsahalla Morali oa bo rona Norina ea lulang Uganda. O ne a batla motho eo a ka ithutang Bibele le eena empa o ne a se na tabatabelo ea ho mo batla hobane o ne a nahana hore ha a khone ho ruta hantle. O thusitsoe ke’ng? O re: “Ke ile ka rapela Jehova letsatsi le letsatsi, ka mo kopa hore a nthuse hore ke be le tabatabelo ea ho batla motho eo nka ithutang Bibele le eena. Ka eona nako eo, ke ile ka ntlafatsa tsela eo ke rutang ka eona. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ke ile ka hlokomela hore ke se ke e-na le tabatabelo ea ho batla ho ruta batho Bibele. Hona selemong seo, ke ile ka qala ho ruta batho ba babeli Bibele.”
5. Ke lintho life tseo re ka nahanisisang ka tsona e le hore re ikemisetse ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa?
5 Nahanisisa ka lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona. (Pes. 143:5) Moapostola Pauluse o ile a nahanisisa ka mosa o moholo oo Jehova a ileng a mo bontša oona ’me seo se ile sa mo thusa hore a sebeletse Jehova kahohle kamoo a ka khonang kateng. (1 Bakor. 15:9, 10; 1 Tim. 1:12-14) Ka ho tšoanang, haeba u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona, u tla ba le tabatabelo ea ho finyella lintho tseo u batlang ho li etsa. (Pes. 116:12) Hlokomela hore na ke’ng e thusitseng morali oa bo rona ea lulang Honduras hore e be pula-maliboho ea kamehla. O re: “Ke ile ka nahana ka hore na Jehova o nthata hakae. O nthusitse hore ke be e mong oa bahlanka ba hae. Oa ntsotella ebile oa ntšireletsa. Ho nahana ka lintho tsena ho entse hore ke rate Jehova le ho feta ’me ke ile ka ikemisetsa ho ba pula-maliboho.”
6. Ke’ng hape e ka re thusang ho ba le tabatabelo ea ho etsa ntho e itseng?
6 Nahana ka melemo eo u tla e fumana ha u se u finyeletse seo u batlang ho se etsa. Hlokomela hore na ke’ng e thusitseng Morali oa bo rona Erika eo re buileng ka eena hore a tšoare nako. O re: “Ke hlokometse hore ke lahleheloa haholo ha ke fihla ka mor’a nako sebokeng sa tšimo. Empa ho fihla ka nako ho ne ho tla nthusa hore ke khone ho lumelisa Bakreste-’moho Ie ho qeta nako le bona. Hape ke ne ke tla fumana lintlha tse neng li tla nthusa ho thabela mosebetsi oa boboleli le ho ntlafatsa tsela eo ke rutang ka eona.” Morali oa bo rona Erika o ile a nahana ka melemo eo a neng a tla e fumana ha a ne a ka fihla ka nako sebokeng sa tšimo ’me seo se ile sa mo thusa hore a khone ho fihla ka nako. Uena u ka nahana ka melemo efe? Haeba u batla ho ntlafatsa tsela eo u balang Bibele ka eona kapa lithapelo tsa hao, nahana kamoo ho etsa seo ho tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. (Pes. 145:18, 19) Haeba ho na le makhabane ao u batlang ho ba le ’ona, nahana kamoo a ka u thusang kateng hore u utloane le batho ba bang. (Bakol. 3:14) U ka ngola mabaka ao u nang le ’ona a ho batla ho finyella seo u batlang ho se etsa. Lula u sheba mabaka ao. Mor’abo rona Tomáš eo re buileng ka eena o re: “Ha ke tseba hore na ke hobane’ng ha ke batla ho etsa ntho e itseng, ke sebetsa ka thata hore ke e etse.”
7. Ke’ng e thusitseng Mor’abo rona Julio le mosali oa hae hore ba finyelle ntho eo ba neng ba batla ho e etsa?
7 Lula u e-na le batho ba u khothaletsang hore u finyelle lintho tseo u batlang ho li etsa. (Liprov. 13:20) Nahana ka se ileng sa thusa Mor’abo rona Julio le mosali oa hae hore ba eketse tšebeletso ea bona e leng eona ntho eo ba neng ba batla ho e finyella. O re: “Re ile ra khetha metsoalle e neng e re khothaletsa hore re sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli ’me re ne re bua le bona ka taba ena. Bongata ba bona ba ne ba sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli, kahoo ba ile ba re fa likeletso tse ka re thusang. Metsoalle ea rona e ne e boetse e re botsa hore na re ntse re e-ea joang tabeng ea ho eketsa tšebeletso ea rona ebe baa re khothatsa.”
U KA THUSOA KE’NG HA U SE NA TABATABELO EA HO FINYELLA SEO U SE RERILENG?
Leka ho etsa ntho eo u e rerileng (Sheba serapa sa 8)
8. Ke’ng e ka etsahalang haeba re ka emela hore re be le tabatabelo ea ho etsa lintho tseo re li rerileng? (Sheba setšoantšo.)
8 Ho na le matsatsi ao kaofela ha rona re ikutloang re se na tabatabelo ea ho etsa lintho tseo re li rerileng. Na see se bolela hore re ke ke ra finyella lintho tseo re batlang ho li etsa? Che. Ka mohlala, moea o matla o etsa hore sekepe se tsamaee. Leha ho le joalo, ho na le matsatsi ao moea o ka fokang ka matla le ao o ka bang sieo. Empa sena ha se bolele hore sekepe se ke ke sa tsamaea. Likepe tse ling li na le enjene, ha tse ling li khannoa ka masokoana. Mosesisi oa sekepe a ka sebelisa lintho tsena ho se khanna. Re ka bapisa tabatabelo eo re nang le eona le moea. Ka linako tse ling re ka labalabela ho etsa ntho e itseng, ha ka linako tse ling re ka utloa re se na tabatabelo ea ho e etsa. Haeba re etsa ntho eo re neng re e rerile mohlang re utloang re e-na le tabatabelo ea ho e etsa, re ka ’na ra se ke ra e finyella. Feela joalokaha mosesisi oa sekepe a sebelisa litsela tse fapaneng ho se khanna, le rona re ka leka ho etsa ntho eo re e rerileng le hoja ka linako tse ling re ka utloa re sa batle ho e etsa. Ke ’nete hore u tla lokela ho sebetsa ka thata empa u tla thaba ha u se u finyeletse seo u neng u se rerile. Pele re bona hore na re ka etsa’ng, a re bueng ka potso eo re ka ’nang ra ipotsa eona.
9. Na re lokela ho etsa lintho tseo re li rerileng le hoja re se na tabatabelo ea ho li etsa? Hlalosa.
9 Jehova o batla hore re thabele ho mo sebeletsa. (Pes. 100:2; 2 Bakor. 9:7) Empa na re lokela ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova le haeba re sa batle ho li etsa? Nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ile a re: “Ke tšoara ’mele oa ka ka thata ebile ke o tšoara joaloka lekhoba.” (1 Bakor. 9:25-27) Pauluse o ne a iqobella ho etsa lintho tse nepahetseng le hoja a ne a se na tabatabelo ea ho li etsa. Jehova o ne a thabela lintho tseo Pauluse a neng a mo etsetsa tsona ’me o ile a mo hlohonolofatsa.—2 Tim. 4:7, 8.
10. Re ka fumana melemo efe ha re etsa lintho tseo re li rerileng le hoja re se na tabatabelo ea ho li etsa?
10 Jehova oa thaba ha re etsa lintho tseo re li rerileng le hoja re se na tabatabelo ea ho li etsa. Oa tseba hore re etsa lintho tseo re li rerileng hobane re mo rata le hoja ka linako tse ling re sa thabele ho li etsa ’me seo sea mo thabisa. Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re etsa lintho tseo re li rerileng joalokaha a ile a hlohonolofatsa Pauluse. (Pes. 126:5) Kahoo, ha re bona tsela eo Jehova a re hlohonolofatsang ka eona, re ka ba le tabatabelo ea ho etsa lintho tseo re li rerileng. Morali oa bo rona Lucyna ea lulang Poland o re: “Ka linako tse ling, ha ke batle ho ea tšimong, haholo-holo ha ke khathetse. Empa ka mor’a hore ke khutle tšimong, ke ikutloa ke thabile haholo.” Hona joale a re bueng ka lintho tse tla re thusa hore re be le tabatabelo.
11. Jehova a ka re thusa joang hore re be le boitšoaro?
11 Kopa Jehova hore a u thuse hore u be le boitšoaro. Maemong a mangata lentsoe lena le bolela hore motho o ithiba ho etsa lintho tse fosahetseng. Leha ho le joalo, re hloka ho ba le boitšoaro e le hore re etse ntho e nepahetseng, haholo-holo haeba e le thata kapa re se na tabatabelo ea ho e etsa. Hopola hore boitšoaro ke tholoana ea moea o halalelang. Kahoo, kopa hore Jehova a u thuse a sebelisa moea oa hae o halalelang hore u be le boitšoaro. (Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23) Mor’abo rona David eo re buileng ka eena o re hlalosetsa hore na ho rapela ho mo thusitse joang. O ne a batla ho ithuta Bibele kamehla. O re: “Ke ne ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke be le boitšoaro. O ile a nthusa hore ke ipehele nako ea ho ithuta Bibele le hore ke e tšepahalle.”
12. Lengolo la Moeklesia 11:4 le re thusa joang hore re etse lintho tseo re li rerileng?
12 U se ke oa emela hore maemo a fetohe. Maemo a rona a ka ’na a se ke a fetoha. Haeba re emela hore a fetohe, re ka ’na ra se ke ra finyella lintho tseo re li rerileng. (Bala Moeklesia 11:4.) Mor’abo rona Dayniel o re: “Ha ho na hore motho a ke ke a hlaheloa ke mathata. Kahoo, ha rea lokela ho emela hore maemo a rona a fetohe empa re lokela ho etsa lintho tseo re li rerileng.” Mor’abo rona Paul ea lulang Uganda o hlalosa lebaka le leng leo re sa lokelang ho lieha ho etsa lintho. O re: “Haeba re etsa lintho tseo re neng re li rerile le hoja ho le thata, Jehova o tla re thusa.”—Mal. 3:10.
13. Ho qala hanyane ho ka re thusa joang ho etsa lintho tseo re li rerileng?
13 Qala hanyane. Re ka nyahama ha re bona eka ho thata ho finyella lintho tseo re neng re li rerile. Ha u nyahame, ntho e ka u thusang ke hore u qale hanyane. Haeba u batla ho ba le makhabane a itseng, u ka qala ho a bontša ka litsela tse nyenyane. Ha u batla ho bala Bibele kaofela, u ka qala ka ho ipehela nako e khutšoanyane ea ho e bala. Mor’abo rona Tomáš eo re buileng ka eena qalong o ne a thatafalloa ke ho qeta ho bala Bibele ka selemo. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke bala likhaolo tse ngata haholo. Kahoo, ke ile ka leka hape eaba ke bala litemana tse ’maloa letsatsi le letsatsi ’me ke nahanisisa ka tsona. Ho etsa joalo ho nthusitse hore ke thabele ho bala Bibele.” Kaha Mor’abo rona Tomáš’ o ne a se a thabela ho bala Bibele, o ne a se a qeta nako e ngata a e bala. O ile a khona ho qeta ho bala Bibele.c
U SE KE OA NYAHAMA HAEBA HO KA ETSAHALA NTHO EO U SA E LEBELLANG
14. Ke lintho life tse ka re hlahelang re sa lebella?
14 Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang le hoja re ne re ikemiselitse ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. Ka mohlala, re ka hlaheloa ke “lintho ka tšohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlaheloa ke mathata hoo re ka nyahamang ’me ra felloa ke matla. (Liprov. 24:10) Kaha re baetsalibe, re ka etsa liphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa. (Bar. 7:23) Ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse. (Mat. 26:43) Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang?
15. Haeba re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang tse ka re sitisang hore re finyelle lintho tseo re li rerileng, na seo se bolela hore re hlolehile? Hlalosa. (Pesaleme ea 145:14)
15 Ha ho etsahala ntho eo u sa e lebellang e u sitisang ho finyella seo u se rerileng, seo ha se bolele hore u hlolehile. Bibele e re re ka hlaheloa ke mathata hangata. Leha ho le joalo, e boetse e bontša hore Jehova a ka re thusa hore re finyelle lintho tseo re li rerileng. (Bala Pesaleme ea 145:14.) Mor’abo rona Philip eo re buileng ka eena o re: “Ha ke nahane haholo ka makhetlo ao ke hlolehileng ho finyella seo ke se rerileng. Empa ke nahana ka hore ke finyelle seo ke se rerileng hape.” Mor’abo rona David eo re buileng ka eena o re: “Ha ke hlaheloa ke lintho tseo ke sa li lebellang tse ntšitisang kapa ke nyahame, ke nka maemo ao e le monyetla oa ho bontša hore na ke rata Jehova hakae.” Ha u leka ho finyella seo u se rerileng le hoja ho le thata, u bontša Jehova hore u batla ho mo thabisa ’me o thaba haholo ha a bona u etsa joalo.
16. U ka ithuta’ng linthong tse ka u sitisang ho finyella seo u se rerileng?
16 Ithute linthong tse ileng tsa u sitisa ho finyella seo u se rerileng. Nahana ka se etsahetseng ’me u ipotse: ‘Na ho na le ntho eo nka e etsang e le hore ke qobe tšitiso e tšoanang nakong e tlang?’ (Liprov. 27:12) Ka linako tse ling haeba re thatafalloa ke ho finyella ntho eo re e rerileng, seo se ka bolela hore re ne re batla ho etsa ntho e ka holim’a matla a rona. Haeba le uena u utloa ho le thata ho etsa seo u se rerileng, hlahloba ntho eo u neng u batla ho e etsa ’me u bone hore na u ntse u ka khona ho e etsa.d Jehova a ke ke a nka hore u hlolehile haeba u sa khona ho etsa ntho e itseng e ka holim’a matla a hao.—2 Bakor. 8:12.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahana ka lintho tseo re li etselitseng Jehova?
17 Lula u nahana ka lintho tseo u li etselitseng Jehova. Bibele e re “Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa [hao].” (Baheb. 6:10) Kahoo, le uena u se ke oa lebala lintho tseo u mo etselitseng tsona. Nahana ka lintho tseo u seng u li entse tse kang ho ba motsoalle oa Jehova, ho bolella batho ba bang ka eena kapa ho kolobetsoa. U ntse u ka khona ho etsetsa Jehova lintho tse ling le hona joale feela joalokaha u ile oa khona ho mo etsetsa lintho tse itseng nakong e fetileng.—Bafil. 3:16.
Thabela leeto (Sheba serapa sa 18)
18. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re ntse re leka ho finyella lintho tseo re li rerileng? (Sheba setšoantšo.)
18 Feela joalokaha mosesisi oa sekepe a fihla moo a eang teng, le uena Jehova a ka u thusa ho finyella lintho tseo u rerileng ho li etsa. Hopola hore basesisi ba bangata ba khannang likepe tseo ba thabela leeto. Ka tsela e tšoanang, ha u ntse u tsoela pele ho sebetsa ka thata ho finyella lintho tseo u li rerileng, u se ke oa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a u thusa le ho u hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo haeba u sa tele.—Bagal. 6:9.
PINA EA 126 Falimehang, E-bang Sebete, Matlafalang
a Mokhatlo oa Jehova o lula o re khothaletsa hore re ntlafatse tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona. Re ka etsa’ng haeba re ne re rerile ho etsa ntho e itseng empa re be re hloleha ho e etsa? Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse ka re thusang ho finyella lintho tseo re rerileng ho li etsa.
b TLHALOSO EA MANTSOE: Ho finyella ntho eo u batlang ho e etsetsa Jehova ho ka akareletsa ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa kapa ho etsa ntho e itseng e le hore u ka sebeletsa Jehova haholoanyane ’me u mo thabise. Ka mohlala, u ka ’na oa batla ho ntlafatsa tsela eo u sebeletsang Jehova ka eona ka hore u be le makhabane a Bokreste, u bale Bibele le ho ithuta kapa u ee tšebeletsong ea tšimo.
d E le hore u fumane lintlha tse ling, sheba sehlooho se reng “Iketsetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang, U Tle U Thabe” ho Molula-Qhooa oa July 15, 2008.