Na re ka tšepa maikutlo a rona ha re etsa liqeto?
Hangata Batho ba Etsa Liqeto ba Itšetlehile ka Eng?
Batho ba bangata baa lumela hore ho na le liketso tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ka mohlala, ba bangata ba hloile lipolaeano, peto le ho hlekefetsoa ha bana ka thobalano empa baa thaba ha batho ba tšoaroa ka toka, ba bontšoa mosa le kutloelo-bohloko. Feela ho thoe’ng ka lintho tse kang hore na motho o etsa thobalano le mang, hore na o bua ’nete kapa che le hore na o holisa bana ba hae joang? Batho ba bangata ba lumela hore motho e mong le e mong a ka ikhethela hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Ba lumela hore qeto e ’ngoe le e ’ngoe e nepahetse ha feela e ba thabisa ebile e thabisa le batho ba haufi le bona. Na tsela ee ea ho etsa lintho e ba tsoela molemo?
NA RE LOKELA HO ETSA LIQETO TSE RE THABISANG FEELA?
Hangata matsoalo a rona aa re tataisa ha re etsa liqeto, e leng boikutlo bo ka pelong ba se nepahetseng le se fosahetseng. (Baroma 2:14, 15) Ho tloha ba sa le banyenyane, bana ba khona ho bona phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Ba ka ba ba ikutloa ba soabile ha ba entse ntho e fosahetseng. Ha re ntse re hola, matsoalo a rona a susumetsoa ke hore na re ithuta eng malapeng a bo rona, metsoalleng ea rona, ho matichere, sebakeng seo re lulang ho sona, bolumeling le litsong tsa rona. Ha re etsa liqeto, matsoalo a rona a tla re bolella hore na liqeto tseo li lumellana le lintho tseo re li rutiloeng kapa che.
Tsela eo re ikutloang ka eona ka se nepahetseng le se fosahetseng e ka re susumeletsa ho bontša batho ba bang kutloelo-bohloko, kananelo kapa toka. E ka boela ea re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse tla utloisa batho bao re ba ratang bohloko kapa tse tla re tlotlolla le ho etsa hore re ikutloe re le molato.
Na re ka tšepa maikutlo a rona ha re etsa liqeto? Ha a bua ka nako eo e neng e ntse e le mocha, Garrick o re: “Ke ne ke ikutloa eka nka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang. Bophelo bo joalo bo ile ba mpakela mathata a mangata, ka kopanela boitšoarong bo bobe, ka sebelisa lithethefatsi hape ke ne ke rata ho loana.” O ile a hlokomela hore bophelo boo a neng a nahana hore bo nepahetse ha bo monate.
NA RE KA ETSA LIQETO HO EA KA MAIKUTLO A BATHO BA BANG?
Hangata re etsa liqeto re nahanne ka hore na batho ba bang ba tla ikutloa joang ka liqeto tseo re li etsang. Seo se ka re thusa hore re ithute boiphihlelong ba bona. Haeba re etsa liqeto tseo ba lelapa, metsoalle le batho bao re lulang le bona motseng ba nkang hore li nepahetse ba tla re hlompha.
Na kamehla tsela eo batho ba nahanang ka eona e nepahetse? Mocha e mong ea bitsoang Priscila, o ne a etsa lintho tseo lithaka tsa hae li neng li tloaetse ho li etsa ’me o ile a kopanela boitšoarong bo bobe ba ho etsa thobalano pele ho lenyalo. Hamorao o ile a hlokomela hore ho etsa lintho tseo batho ba bang ba nkang hore li nepahetse ho ne ho sa mo thabise. O re: “Ha ke ne ke etsa lintho tseo batho ba bang ba neng ba li etsa, seo se ne se sa nthuse ka letho. Lintho tseo li ne li etsa hore ke etse liqeto tse booatla le ho beha bophelo ba ka kotsing.”
NA HO NA LE TSELA E MOLEMO EA HO ETSA LIQETO?
Maikutlo a rona le a batho ba bang ke a bohlokoa ha re etsa qeto ea hore na keng e nepahetseng le e fosahetseng. Empa ho itšetleha ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang feela ha se kamehla ho ka re tsoelang molemo. Ka linako tse ling ho ka utloisa rona le batho ba bang bohloko hobane re sa tsebe hore na liqeto tseo re li etsang ha e le hantle li tla ba molemo kapa che. (Liproverbia 14:12) Hape ha rea kholiseha hore lintho tseo rona le batho ba bang re lumelang hore li nepahetse li tla re tsoela molemo kapa hore na maikutlo a rona a tla fetoha ha nako e ntse e e-ea. Boitšoaro bo neng bo nkoa bo fosahetse pele hona joale bo se bo amoheleha, ha liketso tse neng li amoheleha pele hona joale li se li nkoa li fosahetse.
Na kamehla tsela eo batho ba nahanang ka eona e nepahetse?
Na ho na le tataiso e molemo e ka re thusang ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng? Na ho na le melao ea boitšoaro eo re ka e sebelisang mehleng ee e tla re tsoela molemo bophelo bohle ba rona?
Rea thaba hore ebe ho na le mohloli o tšepahalang o ka tataisang batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba hokae. Sehloohong se latelang, re tl’o bona hore na re ka fumana tataiso ena hokae e tla re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng.