Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp24 no. 1 maq. 6-9
  • Re ka Tšepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Tšepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RE HLOKA MOLIMO HORE A RE TATAISE
  • BIBELE E RE BOLELLA SEO MOLIMO A BATLANG HORE RE SE ETSE
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tataiso eo U ka e Tšepang e Tla U Thusa Hore U Phele Hamonate?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Tataiso e Phahametseng Bohlale ba Tlhaho
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
wp24 no. 1 maq. 6-9

Re ka Tšepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Haeba re khetha ho phela ka tsela eo re e batlang re ipapisitse ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang feela, re ke ke ra kholiseha hore re tla phela bophelo bo molemo. Bibele ea re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re ke ke ra atleha empa e boetse e re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng e le hore re ka lula re thabile.

RE HLOKA MOLIMO HORE A RE TATAISE

Ka Bibeleng, Jehovaa Molimo o bontšitse hore batho ba hloka thuso ea hae, ba ke ke ba khona ho etsa letho kantle ho eena. (Jeremia 10:23) Ke kahoo a faneng ka melao e re tataisang e hlahang ka Bibeleng. Molimo oa re rata ’me ha a batle hore re etse liqeto tse tla re utloisa bohloko le ho etsa hore bophelo ba rona bo be thata. (Deuteronoma 5:29; 1 Johanne 4:8) Joaloka ’Mopi oa rona, o re fa bohlale le tsebo tse tla re thusa ho phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 100:3; 104:24) Leha ho le joalo, Molimo ha a qobelle batho ho phela ka melao ea hae.

Jehova o ile a fa Adama le Eva lintho tsohle tseo ba neng ba li hloka e le hore ba thabe e le ka ’nete. (Genese 1:​28, 29; 2:​8, 15) O ne a boetse a ba file litaelo tse bonolo tseo a neng a lebeletse hore ba li phethe. Leha ho le joalo, o ne a ba lumeletse hore ba ikhethele hore na ba tla latela litaelo tseo kapa che. (Genese 2:​9, 16, 17) Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba khetha ho phela ka tsela eo ba e batlang ho e-na le ho phela ka tsela eo Molimo a e batlang. (Genese 3:6) Na qeto ea bona e ile ea ba tsoela molemo? Na batho baa thaba ha ba phela ka tsela eo ba nahanang hore e nepahetse? Che, ho theosa le lilemo re bone hore ho se phele ka melao ea Molimo ha ho tlisetse batho thabo le khotso.—Moeklesia 8:9.

Bibele e re thusa ho etsa liqeto tse molemo ho sa tsotellehe hore na re tsoa hokae. (2 Timothea 3:​16, 17; sheba lebokose le reng “Buka ea Batho Bohle.”) Bibele e re thusa joang?

Ithute hore na ke hobane’ng ha Bibele e bitsoa “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13. Shebella video e nang le sehlooho se reng Mongoli oa Bibele ke Mang? websaeteng ea jw.org/st.

BUKA EA BATHO BOHLE

Re ka lebella hore ’Mopi oa rona ea bohlale le ea lerato a etse hore batho bohle ba khone ho fumana likeletso tsa hae. Nahana ka lintlha tse latelang ka Bibele:

Batho ba merabe e fapaneng ba bala Bibele. Ho na le li Bibele ka pel’a bona tse hatisitsoeng le tsa elektronike.
  • 3 500+ Bibele e fumaneha ka lipuo tse fetang 3 500 e felletse kapa e sa fella ’me sena se etsa hore e be buka e fetoletsoeng ho feta libuka tse ling tsohle lefatšeng.

  • 5 000 000 000+ Ho hatisitsoe likopi tsa Bibele tse fetang libilione tse hlano e leng palo e fetang hole ea buka leha e le efe e ’ngoe e kileng ea hatisoa.

Bibele ha e etse hore morabe, moloko, sechaba kapa setso se seng se be bohlokoa ho feta se seng. Ka ’nete ena ke buka ea batho bohle.

Bala Bibele Inthaneteng (e fumaneha ka lipuo tse fetang 250) websaeteng ea jw.org/st

Ntate o supile ka monoana Bibeleng ea hae ha a ntse a e bala.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA NAHANA HORE BIBELE E KE KE EA BA THUSA?

Batho ba bang ba re ba ke ke ba fumana keletso e ka ba tataisang ka Bibeleng. Hlokomela lintho tseo batho ba bang ba li buang.

Batho ba bang ba re: “Bibele ea ikhanyetsa.”

Seo e leng ’nete: Qalong u ka ’na oa bona eka likarolo tse ling tsa Bibele ha li lumellane empa ha u ithuta hore na li ngotsoe neng le maemong afe, u tla bona hore ka ’nete lia lumellana.

Hlokomela mehlala e meng e hlahang sehloohong se reng: “Na Bibele ea Ikhanyetsa?” websaeteng ea jw.org/st.

Batho ba bang ba re: “Batho ba reng ba bala Bibele ba etsa lintho tse mpe, kahoo e tlameha hore ebe ha hona likeletso tseo re ka li fumanang ho eona.”

Seo e leng ’nete: Ha rea lokela ho beha Bibele molato ka lebaka la batho ba sa batleng ho sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng. Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba bangata ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli ba bolelang hore ba ithuta Bibele, ba tla etsa lintho tse sa lumellaneng le lintho tseo ba ithutang tsona. E boetse e re lithuto tsa Bibele li “tla buuoa hampe.”—2 Petrose 2:​1, 2.

Ka mohlala, shebella video e nang le sehlooho se reng: “Ke Ile ka Tlohella Bolumeli” websaeteng ea jw.org, ho bona hore na ke baeta-pele ba bakae ba bolumeli ba etsang lintho tse sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang.

Batho ba bang ba re: “Batho ba ithutang Bibele ha ba hlomphe maikutlo a ba bang.”

Seo e leng ’nete: Bibele eona e re re hlomphe batho ba bang. E re khothalletsa hore . . .

  • re nke batho ba bang e le ba bohlokoa ho re feta.—Bafilipi 2:3.

  • re hlomphe batho ba mefuta eohle.—1 Petrose 2:17.

  • re se ke ra qobella batho ho lumela seo re se lumelang.—Matheu 10:14.

Bibele e bontša hore Molimo o tšoara batho ka toka le ka mosa ka linako tsohle ’me o batla hore le rona re mo etsise.—Baroma 9:14.

Ho ithuta lintlha tse ling bala sehlooho se reng: “Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang” websaeteng ea jw.org/st.

BIBELE E RE BOLELLA SEO MOLIMO A BATLANG HORE RE SE ETSE

Bibele e re bolella kamoo Jehova a ’nileng a sebelisana le batho kateng ho tloha qalong. E re thusa ho utloisisa hore na ke lintho life tseo Molimo a li nkang li nepahetse kapa li fosahetse le tseo a li nkang li le molemo kapa li le kotsi. (Pesaleme ea 19:​7, 11) Melao-motheo eo re ithutang eona Bibeleng ha e felloe ke nako hape e re thusa ho etsa liqeto tse tla re tsoela molemo bophelong.

Ka mohlala, hlokomela molao-motheo oo re o fumanang lengolong la Liproverbia 13:20: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa empa ea sebelisanang le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Molao-motheo ona haesale o sebetsa ho tloha khale ’me o ntse o le molemo le kajeno. Bibele e na le melao-motheo ea bohlokoa e tšoanang le ona e ka re thusang.—Sheba lebokose le reng “Likeletso Tsa Bibele li Ntse li Sebetsa le Kajeno.”

Mohlomong u ka ipotsa, ‘Nka kholiseha joang hore likeletso tsa Bibele li ka nthusa?’ Sehloohong se latelang, re tla bona mehlala ea batho ba ileng ba sebelisa likeletso tsa Bibele.

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

LIKELETSO TSA BIBELE LI NTSE LI SEBETSA LE KAJENO

Le hoja Bibele e ngotsoe lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, e ntse e re tsoela molemo le kajeno. Haesale batho ba ntse ba labalabela ho phela hamonate. (Moeklesia 1:9) Likeletso tsa Bibele li ka re thusa ho finyella tabatabelo eo.

Ho Tšepahala

  • “Re lakatsa ho etsa lintho tsohle ka botšepehi.”—Baheberu 13:18.

  • “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa empa a sebetse ka thata.”—Baefese 4:28.

Ho Utloana le Batho ba Bang

  • “Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.

  • “Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana.”—Bakolose 3:13.

Ho Etsa Liqeto

  • “Ea se nang tsebo o lumela lentsoe le leng le le leng empa ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.”—Liproverbia 14:15.

  • “Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.”—Liproverbia 22:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela