Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 63
  • Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e re’ng ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang?
  • Bibele e re’ng ka ho hlompha ba bang?
  • Bibele e re’ng ka lehloeo?
  • Litemana tsa Bibele tse buang ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang
  • Mamello
    Tsoha!—2015
  • Mamello ho se be le Eona le ho ba le Eona ka ho Feteletseng
    Tsoha!—1997
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?
    Tsoha!—2024
  • Na Ruri Ua Mamella?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 63
Batho ba thabileng ba lilemo, merabe le litso tse sa tšoaneng ebile ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng.

Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang

Ka 1995 sehlooho se hlahang websaeteng ea UNESCO se reng Declaration of Principles on Tolerance, se ile sa re: “Batho ba lokela ho hlompha maikutlo a batho ba bang e le hore ho be le khotso lefatšeng.”

Ka lehlakoreng le leng, ho se hlomphe maikutlo a batho ba bang ho ka fella ka ho hloeana le ho se hlomphane. Ha batho ba ba le maikutlo a joalo, ha ba tšoare batho ba bang hantle, ba ka bua batho ba bang hampe le ho ba loantša.

Batho ba bangata ha ba utloisise hore na ho hlompha maikutlo a batho ba bang ho akareletsa’ng. Ba bang ba lumela hore motho ea hlomphang maikutlo a batho ba bang o lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba bang ba e etsang. Leha ho le joalo, ba bang ba lumellana le se tšehetsoang ke Bibele hore ha u hlompha maikutlo a batho ba bang seo ha se bolele hore u lokela ho lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang.

Na Bibele e ka thusa batho hore ba hlomphe maikutlo a batho ba bang matsatsing aa ao re phelang ho ’ona?

Bibele e re’ng ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang?

Bibele e khothaletsa batho hore ba hlomphe maikutlo a ba bang. E re: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” (Bafilipi 4:5) E boetse e re khothaletsa hore re nahanele le ho se khetholle ba bang. Batho ba sebelisang keletso ena baa utloisisa hore batho bohle ba na le tokelo ea ho ikhethela hore na ba phele joang empa seo ha se bolele hore ba lumellana le tsela eo batho ba bang ba phelang ka eona.

Leha ho le joalo, Bibele ea bontša hore hona le tsela eo Molimo a lebeletseng hore re itšoare ka eona. E re: “Uena motho, Molimo o u boleletse se molemo.” (Mikea 6:8) E fana ka tataiso e tsoang ho Molimo e thusang batho hore ba thabele bophelo.—Esaia 48:17, 18.

Molimo ha aa re lumella hore re ahlole ba bang. Ho ea ka Bibele, “ke Molimo feela ea fanang ka molao le ea ahlolang . . . Joale uena u mang hore u ahlole moahisani oa hao?” (Jakobo 4:12) Molimo o re file bolokolohi ba ho ikhethela ebile o nka re ikarabella ka liqeto tsa rona.—Deuteronoma 30:19.

Bibele e re’ng ka ho hlompha ba bang?

Bibele e re: “Hlomphang batho bohle.” (1 Petrose 2:17, Bibele e Halalelang) Kahoo, bohle ba khethang ho phela ka melao ea Bibele ba hlompha batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba lumela eng kapa hore na ba khetha ho phela bophelo ba bona joang. (Luka 6:31) Sena ha se bolele hore batho ba mamelang Bibele ba tla lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba bang ba e lumelang, ba tla lumellana le maikutlo a bona kapa ba tšehetse liqeto tsohle tseo ba li etsang. Ho e-na le hoo, ba na le mekhoa e metle ebile ba leka ka hohle kamoo ba ka khonang ho etsisa tsela eo Jesu a neng a tšoara batho ba bang ka eona.

Ka mohlala, Jesu o kile a kopana le mosali ea neng a le bolumeling boo a sa lumellaneng le bona. Mosali enoa o ne a lula le monna eo e seng oa hae. Bona e ne e le bophelo boo Jesu a sa lumellaneng le bona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bua le eena ka tlhompho.—Johanne 4:9, 17-24.

Jesu o qoqa le mosali e mong ka tlhompho ba le selibeng.

Bakreste ba etsisa Jesu ka hore ba thabela ho hlalosetsa batho ba bang seo ba se lumelang. Ba etsa joalo ka “tlhompho” ho batho ba ikemiselitseng ho ba mamela. (1 Petrose 3:15) Bibele e ruta Bakreste hore ba se ke ba qobella ba bang hore ba lumele seo ba se lumelang. E re molateli oa Kreste “ha aa lokela ho loana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle,” ho akareletsa le ba sa lumeleng lintho tseo a li lumelang.—2 Timothea 2:24.

Bibele e re’ng ka lehloeo?

Bibele e re: “Loanelang hore le be le khotso le batho ba bang.” (Baheberu 12:14) Motho ea loanelang ho ba le khotso ha a rate lehloeo. Le hoja a sa etse lintho tse khahlanong le seo a se lumelang, o leka ka hohle kamoo a ka khonang ho phela le batho bohle ka khotso. (Matheu 5:9) Ha e le hantle, Bibele e khothaletsa Bakreste ho rata lira tsa bona le ho ba mosa ho ba ba tšoarang hampe.—Matheu 5:44.

Bibele e re Molimo o ‘hloile’ kapa o ‘nyonya’ lintho tseo batho ba li etsang ho utloisa batho ba bang bohloko. (Liproverbia 6:16-19) Empa mona e sebelisitse lentsoe “ho hloea” ho hlalosa boikutlo bo matla ba ho se rate liketso tse mpe. Bibele e bontša hore Molimo o ikemiselitse ho thusa le ho tšoarela batho ba batlang ho fetoha e le hore ba phele ka melao ea hae.—Esaia 55:7.

Litemana tsa Bibele tse buang ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang

Tite 3:2: ‘Le se ke la tsitlella maikutlo a lona, le be bonolo ho batho bohle.’

Motho ea sa tsitlelleng maikutlong a hae o bonolo ebile o hlompha maikutlo a batho ba bang.

Matheu 7:12: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.”

Kaofela re thabela ha batho ba bang ba re hlompha ebile ba ananela maikutlo a rona. E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka hore na re ka sebelisa molao-motheo o tsebahalang o ileng oa rutoa ke Jesu joang, bala sehlooho se reng: “What Is the Golden Rule?”

Joshua 24:15: “Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.”

Re tla be re boloka khotso, ha re hlompha bolokolohi boo ba bang ba nang le bona ba ho ikhethela.

Liketso 10:34: “Molimo ha a leeme.”

Molimo ha a khetholle batho ba bang ho latela setso, morabe, bochaba kapa bong ba bona. Ba batlang ho etsisa Molimo ba hlompha motho e mong le e mong.

Habakuke 1:12, 13: “[Molimo ha a] khone ho mamella bokhopo.”

Mamello ea Molimo ea fela. A ke ke a lumella batho ho etsa bokhopo ka ho sa feleng. E le ho ithuta ka ho eketsehileng, shebella video e nang le sehlooho se reng Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?

Baroma 12:19: “Le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae. Mangolo a re: ‘Jehova o re: “Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.”’”a

Jehova Molimo ha aa fa mang kapa mang tokelo ea ho iphetetsa. O tla etsa bonnete ba hore toka e phethahatsoa ka nako eo a e behileng. E le ho ithuta ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng: “Will the Cry for Justice Be Heard?”

a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

Na Lipaki Tsa Jehova li hlompha maikutlo a batho le malumeli a bona?

Batho ba bang ba nahana hore re ruta batho Bibele hobane re sa hlomphe tumelo ea bona. Leha ho le joalo, re hlompha bolokolohi boo ba nang le bona ba ho ikhethela hore na ba lumela’ng. Ebile ha re ba qobelle ho nahana le ho etsa lintho joaloka rona. E le ho ithuta hore na ke hobane’ng ha re ithuta Bibele le batho ba nang le likereke tsa bona, bala sehlooho se reng: “Na Lipaki Tsa Jehova li Qobella Batho Hore ba Fetole Bolumeli ba Bona?”

Ha hona motho eo re mo qobellang hore e be Paki ea Jehova kapa hore e lule e le eona. Haeba motho a batla ho tlohela ho ba Paki ea Jehova, re hlompha qeto ea hae. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ipotsa hore ‘haeba Lipaki Tsa Jehova li hlompha lintho tseo batho ba li lumelang, ke hobane’ng ha li khaola le ho koekoetla ba bang bao e neng e le litho tsa bolumeli ba bona?’ (1 Bakorinthe 5:11, 13) E le hore u fumane karabo, bala sehlooho se reng: “Na le Koekoetla Bao e Neng e le Litho Tsa Bolumeli ba Lōna?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela