Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g24 no. 1 maq. 4-6
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?
  • Tsoha!—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA HO HLOMPHA BATHO BA BANG HO LE BOHLOKOA?
  • U KA BONTŠA JOANG HORE U HLOMPHA BATHO BA BANG?
  • LIPAKI TSA JEHOVA LI BONTŠA JOANG HORE LI HLOMPHA BATHO BA BANG?
  • Hlompha Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ke hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe?
    Tsoha!—2024
  • Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang
    Lihlooho Tse Ling
  • Nka Etsa Joang Hore ba Bang ba Ntlhomphe?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2024
g24 no. 1 maq. 4-6
Monna e mong reschurenteng o omanya motho ea ba tliselitseng lijo le hoja a leka ho kopa tšoarelo ’me o etsa hore batho ba lutseng le eena tafoleng ba ikutloe ba sa phutholoha.

Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

KE HOBANE’NG HA HO HLOMPHA BATHO BA BANG HO LE BOHLOKOA?

Ho hlompha batho ba bang ho etsa hore lintho li se ke tsa tsoa taolong ha ho e-ba le liqabang.

  • Maele a Bibele a re: “Karabo e bonolo e leleka khalefo empa lentsoe le hlabang le fehla bohale.” (Liproverbia 15:1) Ho se hlomphe batho ba bang ka seo re se buang le seo re se etsang, ho tšoana le ha eka re tšela parafine mollong ’me seo se ba le liphello tse bohloko.

  • Jesu o ile a re: “Motho o bua ntho e tletseng ka pelong ea hae.” (Matheu 12:34) Ho hlompholla batho ba bang ka seo re se buang, ho ka bontša hore na ehlile re ikutloa joang ka batho ba morabe, setso, bochaba kapa ba phelang ka tsela e sa tšoaneng le eo rona re phelang ka eona.

    Phuputsong e ’ngoe e sa tsoa etsoa morao tjena ho batho ba fetang 32 000 linaheng tse 28, ba etsang liphesente tse 65 ba boletse hore batho ha ba sa na mekhoa ebile ha ba sa hlomphana mehleng ena.

U KA BONTŠA JOANG HORE U HLOMPHA BATHO BA BANG?

Ha u le sekolong kapa mosebetsing, hlompha batho bohle le haeba u sa lumellane le bona ka lintho tse itseng. Sheba lintho tseo u lumellanang le bona ka tsona. Ho etsa joalo, ho tla u thusa hore u se ke oa ba nyenyefatsa kapa oa ba ahlola.

“Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.”—Matheu 7:1.

Tšoara batho ba bang ka tsela eo le uena u batlang ho tšoaroa ka eona. Haeba u le mosa ’me u nahanela batho ba bang, le bona ba ka ’na ba u tšoara ka tsela e tšoanang.

“Le etse batho lintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.”—Luka 6:31.

E-ba motho ea tšoarelang. Iphapanyetse liphoso tsa batho ba bang ’me u se ke oa nahana hore ba ne ba batla ho u utloisa bohloko.

“Motho ea nang le temoho o lieha ho halefa ’me o tla hlomphuoa ka lebaka la ho iphapanyetsa phoso.”—Liproverbia 19:11.

Lipaki Tsa Jehova li sebakeng sa tsona sa borapeli ho tla ithuta Bibele ’me batho ba lilemo le merabe e fapaneng ba lumelisana ba thabile.
Lipaki Tsa Jehova li sebakeng sa tsona sa borapeli ho tla ithuta Bibele ’me batho ba lilemo le merabe e fapaneng ba lumelisana ba thabile.

LIPAKI TSA JEHOVA LI BONTŠA JOANG HORE LI HLOMPHA BATHO BA BANG?

Lipaki Tsa Jehova li hlompha batho ba bang moo li lulang teng le moo li sebetsang teng.

Re ithaopela ho ruta batho Bibele mahala empa ha re ba hatelle ho lumela seo re se lumelang kapa ho bona lintho ka tsela eo re li bonang ka eona. Ho e-na le hoo, re leka ho sebelisa keletso ea Bibele e reng ‘re arabe batho ka bonolo le ka tlhompho’ ha re ba bolella molaetsa oa rona.—1 Petrose 3:15; 2 Timothea 2:24.

Ha re khetholle batho ba bang empa re amohela motho e mong le e mong ea batlang ho ithuta Bibele hore a tle libakeng tsa rona tsa borapeli, ho sa tsotellehe hore na o tsoa hokae. Re loanela ho amohela ‘le ho hlompha batho ba mefuta eohle.’—1 Petrose 2:17.

Re hlompha balaoli ba phahameng libakeng tseo re lulang ho tsona. (Baroma 13:1) Re mamela melao ebile re patala makhetho. Le hoja re sa kenelle litabeng tsa lipolotiki, re hlompha liqeto tsa batho litabeng tsa lipolotiki.

Litšoantšo: Likarolo tse hlahang videong ea “Na Lerato le ka Hlola Lehloeo?” 1. Monna oa Moarabe. 2. Monna oa Mojuda.

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Ho thata hore u hlomphe batho ba bang haeba u ile oa rutoa hore u ba hloee. Ithute kamoo banna ba babeli ba tsoang linaheng tse neng li loantšana ba ileng ba khona ho hlompha batho ba bang kateng. Sheba video ea sehlooho se reng Na Lerato le ka Hlola Lehloeo? websaeteng ea jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela