SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 38
PINA EA 120 E-ba Bonolo Joaloka Kreste
Hlompha Batho ba Bang
“Ho hlomphuoa ho molemo ho feta silevera le khauta.”—LIPROV. 22:1.
NTLHA-KHOLO
Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha batho ba bang, le hore na re ka etsa seo joang leha re le tlas’a maemo a thata.
1. Ke hobane’ng ha batho ba thaba ha ba hlomphuoa? (Liproverbia 22:1)
NA OA thaba ha batho ba bang ba u hlompha? Ha ho potang hore oa thaba. Motho e mong le e mong o hloka ho hlomphuoa. Rea thaba ha re hlomphuoa. Ke kahoo Bibele e reng “ho hlomphuoa ho molemo ho feta silevera le khauta.”—Bala Liproverbia 22:1.
2, 3. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho se bonolo hore re hlomphe batho ba bang, hona re tl’o ithuta eng sehloohong see?
2 Ka linako tse ling, ha ho bonolo hore re hlomphe batho ba bang. Lebaka ke hobane re bona mefokolo ea batho bao re phelang har’a bona. Hape re phela nakong eo batho ba bangata ba sa hlompheng. Empa rona re lokela ho fapana le bona. Hobane’ng? Hobane Jehova o batla hore re hlomphe “batho ba mefuta eohle.”—1 Pet. 2:17.
3 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ho bolela eng ho hlompha batho ba bang le hore na re ka hlompha (1) ba lelapa, (2) Bakreste-’moho le (3) batho bao eseng Lipaki joang. Ka ho khetheha re tl’o ithuta hore na re ka bontša joang hore re hlompha batho le tlas’a maemo a thata.
HO BOLELA ENG HO HLOMPHA BATHO BA BANG?
4. Ho bolela eng ho hlompha batho ba bang?
4 U ka re tlhompho ke eng? Tlhompho e amana le tsela eo re shebang le ho tšoara motho ka eona. Ha re hlokomela hore motho o na le makhabane a itseng, o finyelletse lintho tse itseng kapa o na le maemo kapa bolaoli bo itseng, re ka mo tšoara ka tsela e bontšang hore rea mo hlompha. Hape ha re hlompha batho ba bang, re ba tšoara ka tsela e tla etsa hore ba ikutloe e le ba bohlokoa, ba ananeloa ebile ba hlompheha. Ke habohlokoa hore re hlomphe batho ho tsoa pelong.—Mat. 15:8.
5. Ke eng e ka re susumetsang hore re hlomphe batho?
5 Jehova o batla hore re hlomphe batho ba bang. Ha e le hantle, o re re hlomphe “balaoli ba phahameng.” (Bar. 13:1, 7) Empa batho ba bang ba ka ’na ba re: “Ke thabela ho hlompho batho haeba feela ba etsa lintho tse ntle.” Na lebaka lee lea utloahala? Che. Joaloka bahlanka ba Jehova, rea tseba hore ha rea lokela ho hlompha batho ka lebaka la lintho tseo ba li etsang kapa tseo ba sa li etseng. Re ba hlompha hobane re rata Jehova ’me re batla ho mo thabisa.—Josh. 4:14; 1 Pet. 3:15.
6. Na hoa khoneha hore u hlomphe motho ea sa u hlompheng? Hlalosa. (Sheba setšoantšo.)
6 Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na hoa khoneha hore u hlomphe motho ea sa u hlompheng?’ E. Nahana ka mehlala ena. Morena Saule o ile a tlotlolla mora oa hae Jonathane ka pel’a batho ba bang. (1 Sam. 20:30-34) Leha ho le joalo, Jonathane o ile a hlompha le ho tšehetsa ntate oa hae ntoeng ho fihlela letsatsing leo Saule a ileng a shoa ka lona. (Ex. 20:12; 2 Sam. 1:23) Moprista ea Phahameng Eli o ile a qosa Anna ka hore o tahiloe. (1 Sam. 1:12-14) Ho ntse ho le joalo, Anna o ile a bua le Eli ka tlhompho, le hoja ho ne ho tsebahala Iseraele hore Eli o hlolehile ho phetha boikarabelo ba hae joaloka ntate le moprista ea phahameng. (1 Sam. 1:15-18; 2:22-24) Banna ba Athene le bona ba ile ba rohaka moapostola Pauluse, ba re ke ‘lehlanya le buang haholo.’ (Lik. 17:18) Ho sa tsotellehe sena, Pauluse o ile a bua le bona ka tlhompho. (Lik. 17:22) Mehlala ena ke bopaki ba hore haeba re rata Jehova haholo ’me re mo hlompha hoo re tšabang ho mo utloisa bohloko, re ka susumelletseha ho hlompha batho ba bang, eseng feela ha ho le bonolo empa le tlas’a maemo a thata. A re hlahlobeng hore na ke bo-mang bao re lokelang ho ba hlompha le hore na hobane’ng.
Jonathane o ile a tsoela pele a sireletsa le ho tšehetsa ntate oa hae joaloka morena le hoja ntate oa hae a ileng a mo tlotlolla (Sheba serapa sa 6)
HLOMPHA BA LELAPA
7. Ke eng e ka ’nang ea etsa hore ho be thata hore re hlomphe ba lelapa?
7 Bothata. Re qeta nako e ngata re e-na le ba lelapa la rona. Kahoo, re tseba matla le mefokolo ea bona. Ba ka ’na ba e-ba le bokuli bo etsang hore ho be thata hore re ba hlokomele, kapa ba be le bothata ba ho tšoenyeha haholo. Ba bang ba ka ’na ba bua le ho etsa lintho tse re utloisang bohloko. Ba bang bona ha ba hlomphane, ’me seo se ka etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso le thabo ka lapeng. Kannete sena se etsa hore ho se ke ha e-ba le momahano ka lapeng. Joaloka lefu la masapo le ka sitisang likarolo tse ling tsa ’mele ho sebetsa hantle, ho se hlomphe ba bang ka lapeng ho ka sitisa lelapa hore le sebelisane hantle. Ho fapana le lefu la masapo leo re se nang matla a ho le folisa, re ka khaotsa ho se hlomphane, e leng ntho e tla etsa hore re utloane ka lapeng.
8. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlomphe ba lelapa? (1 Timothea 5:4, 8)
8 Ke hobane’ng ha u lokela ho hlompha ba lelapa? (Bala 1 Timothea 5:4, 8.) Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea, o ile a bua ka hore na litho tsa lelapa li ka hlokomela litlhoko tsa litho tse ling tsa lelapa joang. A boela a hlalosa hore lebaka la rona le ka sehloohong la ho hlompha ba lelapa, e lokela ho ba hobane re “rata Molimo,” eseng hobane re tlamehile. Ho “rata Molimo” ho bolela ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Jehova o thehile lelapa. (Baef. 3:14, 15) Kahoo, haeba re hlompha ba lelapa re tla be re bontša hore re hlompha Jehova, e leng Mothehi oa lelapa. Kannete lena ke lebaka le matla la ho hlompha ba lelapa.
9. Monna le mosali ba ka hlomphana joang? (Sheba litšoantšo.)
9 U ka hlompha ba lelapa joang? Monna ea hlomphang mosali oa hae, o mo tšoara ka tlhompho ha ba le bang le ha ba le har’a batho ’me o etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa. (Liprov. 31:28; 1 Pet. 3:7) Ha ho mohla a mo otlang, a mo tlotlollang kapa hona ho etsa hore a ikutloe e se oa bohlokoa. Mor’abo rona Ariel,a ea lulang Argentina, o re: “Ka linako tse ling, mosali oa ka o na le ho bua lintho tse nkutloisang bohloko ka lebaka la bokuli ba hae. Ha sena se etsahala, kea ikhopotsa hore lintho tseo a li buang ha li tsoe pelong. Ke ee ke hopole lengolo la 1 Bakorinthe 13:5, le nthusang hore ke bue le eena ka tlhompho, ho e-na le ho bua le eena ka tsela e mo nyenyefatsang.” (Liprov. 19:11) Mosali ea hlomphang monna oa hae, o bua hantle ka eena ho batho ba bang. (Baef. 5:33) O qoba ho mo soma, ho bua le eena ka tsela e phoqang le ho mo bitsa ka mabitso a nyefolang, ’me oa hlokomela hore boitšoaro bo joalo bo ka senya lenyalo la bona. (Liprov. 14:1) Morali oa bo rona ea lulang Italy eo monna oa hae a nang le bothata ba ho tšoenyeha o re: “Ka linako tse ling ke ne ke utloa eka monna oa ka o tšoenyeha ho feta tekano. Nakong e fetileng ha ke ne ke bua le eena, mantsoe a ka le tsela eo ke shebahalang ka eona mahlong, li ne li bontša hore ha ke mo hlomphe. Empa ke hlokometse hore ha ke qeta nako le batho ba buang ka tsela e hlomphang, ke susumelletseha ho hlompha monna oa ka.”
Ha re hlompha ba lelapa la rona, re bontša hore re hlompha Hlooho ea malapa ’ohle, e leng Jehova (Sheba serapa sa 9)
10. Bana ba ka hlompha batsoali ba bona joang?
10 Bana, mamelang melao eo batsoali ba lona ba le behetseng eona ka lapeng. (Baef. 6:1-3) Bua le batsoali ba hao ka tlhompho. (Ex. 21:17) Ha batsoali ba hao ba ntse ba hola, ba tla hloka thuso ea hao haholoanyane. Etsa sohle seo u ka se khonang ho ba hlokomela. Nahana ka mohlala oa María, eo ntate oa hae eseng Paki ea Jehova. Ha ntate oa hae a kula, o ile a etsa hore ho be thata hore María a mo hlokomele hobane o ne a mo tšoara ka tsela e seng mosa. María o re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke hlomphe ntate oa ka ke be ke khone ho bontša hore kea mo hlompha. Ke ile ka hlokomela hore ha Jehova a re ke hlomphe batsoali ba ka, o tla mpha matla a hore ke etse joalo. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka lemoha hore ntate oa ka haa lokela ho fetoha e le hore nka mo hlompha.” Ha re hlompha ba lelapa ho sa tsotellehe mefokolo ea bona, re bontša hore re hlompha tokisetso ea Jehova ea lelapa.
HLOMPHA BAKRESTE-’MOHO
11. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho hlompha barapeli-’moho le rona?
11 Bothata. Bakreste-’moho ba phela ka melao ea Bibele, empa ka linako tse ling ba ka re tšoara ka tsela e seng mosa, ba bua lintho tse fosahetseng ka rona kapa hona ho re tena. Haeba morapeli-’moho ‘a re khopisa,’ re ka thatafalloa ke ho mo hlompha. (Bakol. 3:13) Empa ke eng e ka re thusang hore re tsoele pele ho mo hlompha?
12. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re hlomphe Bakreste-’moho le rona? (2 Petrose 2:9-12)
12 Ke hobane’ng ha u lokela ho hlompha Bakreste-’moho? (Bala 2 Petrose 2:9-12.) Lengolong la hae la bobeli, Petrose o ile a re ba bang ka phuthehong, ba ile ba bua hampe ka “bao Molimo a ba phahamisitseng,” e leng baholo. Mangeloi a tšepahalang a boneng ha seo se etsahala, a ile a etsa’ng? Kaha “a hlompha Jehova,” ha aa ka a bua hampe ka batho bao ba neng ba etsa lintho tse fosahetseng. Ak’u nahane feela, mangeloi a phethahetseng a ile a etsa bonnete ba hore ha a bue hampe ka banna bao ba ikhohomosang. Ho e-na le hoo, a ile a tlohella lintho matsohong a Jehova e le hore Jehova a ahlole banna bao le ho ba fa kotlo. (Bar. 14:10-12; bapisa le Juda 9.) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mangeloi? Haeba re lokela ho hlompha batho ba re hanyetsang, hakaakang ka Bakreste-’moho le rona. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ‘ho ba ba pele’ ba ho hlompha Bakreste-’moho le rona. (Bar. 12:10) Ha re etsa joalo, re bontša hore re hlompha Jehova.
13, 14. Re ka hlompha batho ba bang ka phuthehong joang? Fana ka mehlala. (Sheba litšoantšo.)
13 U ka hlompha Bakreste-’moho joang? Baholo, rutang ka tsela e lerato. (Filem. 8, 9) Haeba le hloka ho khalemela ba bang, e-bang mosa ’me le se ke la ba khalemela le halefile. Barali ba bo rona, le ka thusa ba bang ka phuthehong hore ba hlomphane ka hore le se ke la bua hampe ka batho ba bang, la seba kapa hona ho etselletsa. (Tite 2:3-5) Kaofela ha rona re ka bontša hore re hlompha baholo ka ho sebelisana le bona hantle le ho bontša hore re ananela mosebetsi o boima oo ba o etsang oa ho khanna liboka, ho etella pele mosebetsing oa boboleli le ho thusa batho ba etsang “ntho e fosahetseng.”—Bagal. 6:1; 1 Tim. 5:17.
14 Morali oa bo rona Rocío o ile a thatafalloa ke ho hlompha moholo ea mo fileng keletso. Hobane’ng? O re: “Ke ile ka utloa eka haa bua le ’na ka tsela e mosa. Ha ke fihla hae, ke ile ka bua hampe ka eena. Le hoja ke ne ke leka ho pata tsela eo ke ikutloang ka eona, ka pelong ke ne ke belaella boikemisetso ba hae ’me ha kea ka ka mamela keletso ea hae.” Morali oa bo rona Rocío o ile a thusoa ke eng? O re: “’Malong oa ka oa Bibele, ke ile ka bala lengolo la 1 Bathesalonika 5:12, 13. Ha ke hlokomela hore ke ne ke sa hlomphe mor’abo rona, letsoalo la ka le ile la qala ho ntšetšetha. Ke ile ka rapela Jehova eaba ke etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona ka taba ena, ’me seo se ile sa nthusa hore ke fetole boikutlo ba ka. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore bothata e ne e se mor’abo rona, empa ke ne ke ikhohomosa. Hona joale kea utloisisa hore boikokobetso bo amana le bokhoni ba ho hlompha batho ba bang. Ke ’nete hore ke ntse ke hloka ho ntlafatsa empa ha ke ntse ke leka ho hlompha batho ba bang, kea tseba hore ke thabisa Jehova ’me seo se etsa hore ke be le khotso.”
Kaofela ha rona re bontša hore re hlompha baholo ka hore re sebelisane hammoho le bona le ho ananela mosebetsi o boima oo ba o etsang (Sheba serapa sa 13 le 14)
HLOMPHA BATHO BAO ESENG LIPAKI TSA JEHOVA
15. Ke hobane’ng ha re ka thatafalloa ke ho hlompha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova?
15 Bothata. Hangata tšimong re kopana le batho ba bontšang hore ha ba thabele ’nete ea Bibele. (Baef. 4:18) Ba bang ba hana ho mamela molaetsa oa rona ka lebaka la lintho tseo ba ileng ba li rutoa ha ba ntse ba hola. Maemong a mang re ka lokela ho mamella bahiri ba rona kapa matichere a rona ao ho leng thata ho a khahlisa. Hape re ka lokela ho mamella bana bao re kenang sekolo le bona kapa basebetsi-’moho bao ho leng thata ho sebelisana le bona. Ha nako e ntse e ea, re ka qetella re se re sa ba hlomphe ’me ra hloleha ho ba tšoara ka tsela eo re neng re ka thabela ho tšoaroa ka eona.
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlomphe batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova? (1 Petrose 2:12; 3:15)
16 Ke hobane’ng ha u lokela ho hlompha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova? Hopola hore Jehova o ela hloko tsela eo re tšoarang batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova ka eona. Moapostola Petrose o ile a hopotsa Bakreste hore boitšoaro ba bona bo botle bo ka susumetsa ba bang hore “ba rorise Molimo.” Ka lebaka leo, o ile a ba eletsa hore ha ba emela tumelo ea bona, ba etse joalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (Bala 1 Petrose 2:12; 3:15.) Ho sa tsotellehe hore na Bakreste ba lokela ho hlalosa seo ba se lumelang ka pel’a baahloli kapa ho motho leha e le ofe, ba lokela ho tšoara batho bao eseng Lipaki ka tsela eo ba neng ba ka ba tšoara ka eona haeba Molimo a ne a le pel’a bona. Ha e le hantle, Jehova o bona seo re se etsang ebile o utloa seo re se buang le hore na re se bua joang. Lena ke lebaka le matla le re susumelletsang hore re hlomphe batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova.
17. Re ka bontša joang hore re hlompha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova?
17 U ka hlompha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova joang? Ha re le tšimong, ha re batle ho etsa hore batho ba sa tsebeng Lentsoe la Molimo ba ikutloe eka re ba khella fatše. Ho e-na le hoo, re batla ho ba nka ba re phahametse ebile e le ba bohlokoa ho Molimo. (Hag. 2:7; Bafil. 2:3) Haeba motho a bua hampe ka seo u se lumelang, u se ke oa iphetetsa ka ho mo fetola litšeho kapa ho mo phoqa. (1 Pet. 2:23) Haeba u buile ntho eo u ikoahlaelang eona, ke habohlokoa hore u kope tšoarelo hang-hang. U ka bontša joang hore u hlompha batho bao u sebetsang le bona? E-ba motho ea sebetsang ka thata ’me u leke ho sheba makhabane a batho bao u sebetsang le bona le bao u ba sebeletsang. (Tite 2:9, 10) Ha u le motho ea sebetsang ka thata, ea sebetsang ka pelo eohle le ea buang ’nete, ha se kamehla u ka thabisang batho kaofela empa kholiseha hore u thabisa Molimo.—Bakol. 3:22, 23.
18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlomphe batho ba bang?
18 Re na le mabaka a mangata a ho hlompha le ho bontša batho ba bang tlhompho. Re se re ithutile hore ha re hlompha ba malapa a rona, re hlompha Jehova joaloka Hlooho. Ka ho tšoanang, ha re hlompha bara le barali ba bo rona, re bontša hore re hlompha Ntate oa rona ea leholimong. Hape ha re hlompha batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova, re etsa hore ho be bonolo hore ba rorise le ho hlompha Jehova Molimo. Le hoja ba bang ba sa re hlomphe, ke habohlokoa hore rona re ba hlomphe. Hobane’ng? Hobane Jehova o tla re hlohonolofatsa. O re fa tšepiso ena: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.”—1 Sam. 2:30.
PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse
a Mabitso a mang a fetotsoe.