Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 3/8 maq. 27-29
  • Nka Etsa Joang Hore ba Bang ba Ntlhomphe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore ba Bang ba Ntlhomphe?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntho eo u Lokelang ho e Sebeletsa
  • Litsela tsa ho Fumana Tlhompho
  • Ho Hlompha Batho ba Hōlileng
  • Ho Fumana Tlhompho ka Baka la Tumelo ea Hao
  • Hlompha Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ke hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe?
    Tsoha!—2024
  • Na U Etella Pele ho Bontšeng Tlhompho?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?
    Tsoha!—2024
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 3/8 maq. 27-29

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Joang Hore ba Bang ba Ntlhomphe?

“Ka linako tse ling ha u qala ho buisana le motho e moholo, ho tšoana le ho bua le lebota.”—Paul.

“Ke hloile ho se tšeptjoe ke batho ba baholo.”—Matt.

“Batsoali ba ka ba ntlhokomoloha kapa ba iketsa eka ba mametse empa ho se joalo. U bua khafetsa ebe ua botsa, ‘Na le nkutloile?’ ’me ba arabela ka ho re, ‘Che bo!’ Ka sebele ha ba tsebe seo u se buileng.”—Paula.

TLHOMPHO—ke hobane’ng ha ho le thata hakaale hore batho ba bang ba u tšoare ka tlhompho e fokolang? Le uena u batla hore u sekeheloe tsebe, seo u se buang se nkoe ka botebo. Kahoo ha batho ba baholo—haholo-holo batsoali ba hao—le lithaka tsa hao ba u hlokomoloha, u nahana hore maikutlo a hao hase a bohlokoa, ba bua le uena joaloka hoja ha u bohlale haholo kapa ba u hopotsa ka boemo ba hao sena se ka u utloisa bohloko haholo.

Ke ha tlhaho hore u batle hore batho ba bang ba u hlomphe. Bibele ka boeona e re khothalletsa ho fumana “mohau le hlompheho pel’a Molimo le batho.” (Liproverbia 3:4) Bacha ba bomolimo ba entse joalo mehleng ea Bibele. Ka mohlala, mohlankana ea bitsoang Timothea o bile le tokelo ea ho tsamaea le moapostola Pauluse maetong a hae a boromuoa. Hobane’ng? O ne a “rorisoa ke baena” hoba a ikhapele tlhompho ea bona. (Liketso 16:1, 2) Ho boetse ho teng Jesu ka boeena, eo joaloka mocha a ’nileng a “’na a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pel’a Molimo le batho.”—Luka 2:52.

Ke ’nete hore uena ha u Jesu. Hore batho ba bang ba u hlomphe ha ho bonolo ha u sa le mocha. Ka baka le leng, Bibele a amahanya bacha le ‘ho haelloa ke phihlelo’ le matla a fetelletseng; tsebo le bohlale li tla ha motho a ntse a hōla. (Liproverbia 1:4, NW; 20:29; Jobo 32:6, 7) Joale, ka kakaretso batho ha ba hlomphe bacha ka tsela e tšoanang le eo ba hlomphang batho ba baholo ka eona. Na ke leeme? Mohlomong ho joalo. Empa seo ke ’nete ea bophelo eo u tlamehang ho sebetsana le eona. Ho feta moo, bacha ba bangata ba iketselitse lebitso le lebe. Ka baka leo, ka phoso batho ba bang ba baholo ba nahana hore bacha bohle ke ba sa “utloeng,” “ba hlokang boikarabelo,” kapa “lihlakana-hloohoana.”

Linaheng tse ling, litloaelo tsa sechaba, meetlo le liphetoho tse potlakileng sechabeng li ekelitse lekhalo mahareng a bacha le batho ba baholo. Ka mohlala, Afrika bacha ba bangata ba na le menyetla e eketsehileng ea thuto eo batsoali ba bona ba sa kang ba ba le eona. Ho feta moo, nako le nako ba ka iphumana ba qoaketsana le baholo ba bona ba tataisoang ke melao ea meetlo. Hangata ba hōlileng ba khathatsoa haholo ke seo ba nahanang hore ke ho hloka tlhompho kapa ho se utloe ha bacha.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, ho tla u hloka ho nka bohato ba pele le ho sebetsa ka thata hore u ikhapele tlhompho ea ba bang. Empa sena se ka etsoa.

Ntho eo u Lokelang ho e Sebeletsa

Pele, hlokomela hore tlhompho hase ntho eo u ka e nehoang hobane feela u e batla kapa ho etsa hore motho e mong a u hlomphe. Tlhompho ke ntho eo motho a e sebeletsang. Mehleng ea Bibele Jobo o ne a hlonepshoa haholo sechabeng sa habo. Jobo oa hopola: “Bahlankana ba ne ba emella thōko hang feela ha ba mpona, ’me banna-baholo ba ne ba raoha ka linao ho mpontša tlhompho.” Leha ho le joalo, ka ho hlakileng Jobo o ile a sebeletsa tlhompho e joalo. Jobo oa hlalosa: “Motho e mong le e mong ea kileng a mpona kapa ea kileng a utloela ka ’na o ne a bua lintho tse molemo ka seo ke se entseng.” Jobo o ne a tumme ka boitšoaro bo botle.—Jobo 29:7-17, Today’s English Version.

U iketselitse botumo ba mofuta ofe? Na u sebelisitse keletso e filoeng Timothea? Pauluse o ile a re: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao; empa e be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko.” (1 Timothea 4:12) Le uena u ka ba mohlala o lokeloang ho hlonepshoa. Ho ithuta Lentsoe la Molimo ho ka u thusa ho etsa joalo. Mopesaleme o ile a re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! . . . Ke na le kutloisiso e fetisang ea ba nthutang kaofela, hobane likeletso tsa hao ke nahano ea ka. Ke fetisa ba holileng ka kutloisiso, kahobane ke boloka litemoso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:97, 99, 100.

Ka sebele, Bakreste-’moho ba tla u hlompha haeba u hōlisa temohisiso e joalo ea moea. Leha ho le joalo, hlokomela hore hape u lokela ho ‘boloka,’ kapa ho sebelisa keletso ea Bibele. Mocha oa Moafrika ea bitsoang Charles o nkile taelo ea Bibele ea ‘ho etsa barutuoa’ ka botebo ’me e bile ’moleli oa nako e tletseng ho tloha ha a le lilemo li 16 ’me hona joale o sebeletsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. (Mattheu 28:19, 20) Mohlala oa hae o tšepahalang ha a bua o entse hore ba bang ba mo hlomphe ’me ho felletse ka thabo e khōlō ho eena. O re: “Bophelo tšebeletsong ena ke bo thabisang haholo. Ho sebetsa haufi-ufi le batho ba bomolimo ba nang le phihlelo e ngata ka sebele ho nkahile. Ke thabo e ke keng ea lekanngoa.”

Litsela tsa ho Fumana Tlhompho

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho fumana tlhompho ke ho beha mohlala o motle boitšoarong. Salome mocha oa Moafrika o hopola ha a sa le mocha: “Ha ke ea ka ka khema le letšoele. Ho e-na le hoo, ke ile ka loana ka matla ho khomarela melao-motheo ea Bokreste ka linako tsohle. Ke ne ke le motho ea nkang lintho ka botebo, ea bonolo le ea hlomphang batho ba bang—esita le bana.” Ke ’nete mohlomong u ka songoa le ho tlokoa kahobane u le ea fapaneng. (1 Petrose 4:4) Empa joaloka tabeng ea Salome, hangata ba bang ba tla ba leqe ho u hlompha.

Hape hlokomela hore Salome o ile a etsa boitelo bo khethehileng ba ho hlompha batho ba bang. Tlhompho e etsa hore u hlomphuoe. Kahoo Ba-Roma 12:10 (NW), e re: “Le etelle pele ho bontšaneng tlhompho.” Ho bua leshano le ho sotha ’nete, ho tloka batho ho sehlōho, ho etsa batho ba bang liphofu tsa mesoaso, ho iketsa ’mampoli—tsena hase litsela tsa ho tšoara ba bang ka tlhompho. Ha nako e ntse e ea, ho nyenyefatsa tlhompho eo batho ba bang ba nang le eona ho uena.

Ke habohlokoa ka ho khethehileng hore re bontše tlhompho ho ba boholong. (1 Petrose 2:17) Ka mohlala, setho sa sepolesa se kile sa re: “Kajeno ke ka seoelo bana ba reng, ‘Monghali.’” U tšoara ba leng boholong joang—matichere, mapolesa le batsamaisi ba sekolo? Haeba u tumme ka ho hlompha ba boholong, ho bonolo hore batho ba joalo ba u hlomphe.—Bapisa le Mattheu 7:2.

Ho Hlompha Batho ba Hōlileng

Lichabeng tse ling ho na le melao e sa fetoheng eo ho lebelletsoeng hore mocha a e latele. Ka mohlala, Ghana, batho ba bangata ba baholo ha ba rate ha mocha a bua le bona a kentse matsoho lipokothong kapa a ntse a ba supa ka letsoho le letšehali. Melao e joalo ea sechaba e ka bonahala e sa tloaeleha ho batho ba Bophirima esita le ho bonahala e siiloe ke nako ho bacha ba bang ba Maafrika, empa melao e joalo ha e phoso ho Bakreste. Ha e le hantle, Bibele e re khothalletsa ho qoba ho khopisa ba bang ka ho sa hlokahaleng.—2 Ba-Korinthe 6:3.

Polelo e tloaelehileng Ghana ke ena: “Ngoana o lokela ho ntša likhofu ka har’a likhetla tsa tsona empa e seng likhulu.” Ka mantsoe a mang, ho lebelletsoe hore likarolo tse ling li phethahatsoe ke batho ba baholo e seng bacha. Mohlomong sena se ka bonahala e le leeme le boitšoaro bo sa lokang ho uena. Empa mocha ea hanang moetlo oa sebakeng sa habo ka ho inkela matla a batho ba baholo hangata o nkoa e le ea tellang. U tla etsa ho hongata haholo ho ikhapela tlhompho ea ba bang haeba u elelloa karolo ea ho ikokobetsa ha hao le ho ithuta ho mamella.

Ho Levitike 19:32 Bibele e re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng. Tšaba Molimo oa hao. Ke ’na Jehova.” Ha u tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba, na u ithaopela ho suthela batho ba baholo setulo sa hao? Ha le ntse le qoqa, na u hlokolosi ho khetha mantsoe a hao? Na u mamela ka tsela e nang le tlhompho?

Ho Fumana Tlhompho ka Baka la Tumelo ea Hao

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ba bang ha ba u hlomphe ka baka la tumelo ea bolumeli ba hao? Ka mohlala, hangata bacha har’a Lipaki tsa Jehova ba hatelloa ke matichere le lithaka ho nka karolo meketeng e bontšang ho rata naha le mekete ea bolumeli e sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele. Ka baka la ho se utloisise hore na ke hobane’ng ha bacha ba Lipaki ba nkile boemo bo tiileng joalo, ba bang ba ka nyonya tumelo ea bona. Bacha ba Lipaki ba ka ’na ba ba ba hlouoa.

Leha ho le joalo, nahana ka mocha oa Moafrika eo re tla ’mitsa Kwasi kamoo a ileng a itšoara ka teng. Oa hlalosa: “Ha ho le ka mohla nkileng ka fosoa ke liklase, ’me ke ne ke tšehetsa mesebetsi e neng e sa hanane le letsoalo la ka. Habohlokoa ka ho fetisisa, ke hlile ka hlakisa boemo ba ka joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova ho tloha qalong feela.” Botšepehi ba Kwasi, ho nka lintho ka botebo le ho khomarela melao-motheo ka tieo ho ile ha etsa hore matichere le liithuti ba mo rate. Oa phaella: “Ka linako tse ling ke ne ke tlameha ho hlalosa boemo ba ka—ka nako e ’ngoe nkile ka bo hlalosetsa mookameli oa sekolo le matichere kaofela—empa ka mehla ba ne ba hlompha maikutlo a ka.”

E, itšoare ka mokhoa o etsang hore ba bang ba u hlomphe. Ka ntle le ho qobella ba bang litumelo tsa hao ‘ka mehla itokisetse ho itšireletsa ka pel’a e mong le e mong ea u batlang lebaka la tšepo e leng ho uena, empa u etse joalo ka botho bo bonolo le ka tlhompho e tebileng.’ (1 Petrose 3:15) Qoba ho itšoara ka tsela leha e le efe e tla etsa hore ‘lentsoe la Molimo le nyefoloe.’ (Tite 2:5) Seo se tla akarelletsa ho qoba moaparo le litsela tsa boitlhopho tse tlōlisang le ho amohela maikutlo a boitaolo kapa a ho se utloe.

Ha e le hantle, Bibele e u khothalletsa ho ‘thaba bocheng ba hao,’ ’me ha ho motho ea lebelletseng hore u itšoare joaloka motho ea lilemo li 50. (Moeklesia 11:9) Empa ka ho beha mohlala o motle puong le boitšoarong, u ka ikhapela tlhompho le ho tšeptjoa ke batho ba bang.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho nkela motho e moholo thoto ke tsela ea sebele ea ho ikhapela tlhompho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela