Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 April maq. 14-19
  • U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U MATLAFATSE
  • LOKISETSA HANTLE PELE U ETSA MOSEBETSI OA BOBOLELI
  • KOPA JEHOVA HORE A U FE SEBETE
  • FETOHA LE MAEMO ’ME U BE LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA BATHO
  • LULA U RATA JEHOVA LE BATHO BA BANG
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Bolela ka Cheseho Joaloka Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Bolela Litaba Tse Monate Hobane u Susumetsoa ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 April maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 16

PINA EA 64 Re Kotula re Thabile

U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?

“Sebeletsang Jehova le thabile.”—PES. 100:2.

NTLHA-KHOLO

Sehlooho sena se tl’o bontša lintho tseo re ka li etsang e le hore re thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli haholoanyane.

1. Bahoeletsi ba bang ba ikutloa joang ka ho etsa mosebetsi oa boboleli? (Sheba setšoantšo.)

KAHA re batho ba Jehova, re bolella batho ba bang litaba tse monate hobane re rata Ntate oa rona hape re batla ho thusa le batho ba bang hore ba mo tsebe. Bahoeletsi ba bangata ba thabela ho etsa mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, ba bang ba fumana ho le thata hore ba thabele ho etsa mosebetsi ona. Hobane’ng? Lebaka ke hobane ba bang ba bona ba lihlong hape ba nahana hore ha ba tsebe ho ruta. Ba bang ba utloa ba sa phutholoha ho ea malapeng a batho ba sa mengoa. Ba bang ba tšaba hore batho ba tla ba halefela. Ba bang e ka ’na eaba ba rutiloe hore ba se ke ba ngangisana le batho ba bang. Le hoja ba rata Jehova haholo, bara le barali bana ba bo rona ba utloa ho le thata hore ba bolelle batho bao ba sa ba tsebeng litaba tse monate. Ho ntse ho le joalo, baa hlokomela hore mosebetsi ona ke oa bohlokoa hakae ’me ba tsoela pele ho o etsa. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona ba etsa mosebetsi ona.

Barali ba bo rona ba babeli ba paka ka ntlo le ntlo. E mong oa bona o thabile ha e mong eena a bonahala a tšohile ebile a sa phutholoha.

Na u thabela ho etsa mosebetsi oa boboleli? (Sheba serapa sa 1)


2. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho nyahama haeba u ikutloa u sa thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli?

2 Na ka linako tse ling le uena u utloa u sa thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli? Haeba ho joalo u se ke oa nyahama. E ka ’na eaba ho ikutloa ka tsela eo ho bontša hore u ikokobelitse le hore ha u batle ho ipitsetsa mahlo a batho. Ho ka boela ha bontša hore ha u batle ho ngangisana le batho ba bang. Ha ho na motho ea batlang ho halefeloa, haholo ha a leka ho etsetsa batho ba bang lintho tse ntle. Ntate oa hao ea leholimong o tseba hantle hore na u ikutloa joang ebile o batla ho u thusa. (Esa. 41:13) Sehloohong sena re tl’o bua ka lintlha tse hlano tse tla u thusa ha u ikutloa u sa thabele ho etsa mosebetsi oa boboleli le tse tla u thusa hore u thabele ho o etsa.

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U MATLAFATSE

3. Ke’ng e ileng ea thusa moprofeta Jeremia hore a bolelle batho molaetsa o tsoang ho Jehova?

3 Nakong e fetileng bahlanka ba Jehova ba ne ba matlafatsoa ke molaetsa oa Molimo ho ba thusa hore ba phethe mosebetsi o boima. Nahana ka mohlala oa moprofeta Jeremia. O ne a tšoenyehile ha Jehova a mo fa mosebetsi oa hore a e’o bolella batho molaetsa oa hae. Jeremia o ile a re: “Ha ke tsebe ho bua hobane ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:6) Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a be sebete? O ile a matlafatsoa ke seo Molimo a ileng a mo bolella sona. Jeremia o ile a re: “Lentsoe la Molimo la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka. Ke ne ke khathetse ke ho le tiisetsa.” (Jer. 20:​8, 9) Ho ne ho se bonolo hore Jeremia a bolelle batho molaetsa o tsoang ho Jehova empa molaetsa oo o ile oa mo fa matla a hore a ba bolelle oona.

4. Ho tla etsahala’ng ha re bala Lentsoe la Molimo ’me re nahanisisa ka lona? (Bakolose 1:​9, 10)

4 Bakreste ba matlafatsoa ke ho bala Lentsoe la Molimo. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Kolose, o ile a re ho ba le tsebo e nepahetseng ho ne ho tla ba thusa hore ‘tsela eo ba phelang ka eona e thabise Jehova’ le hore ba etse “lintho tse molemo.” (Bala Bakolose 1:​9, 10.) Lintho tse molemo li akareletsa ho bolela litaba tse monate. Kahoo, ha re bala Lentsoe la Molimo ebile re nahanisisa ka lona, re ba le tumelo e matla ho Jehova ebile rea hlokomela hore ke habohlokoa ho bolella batho ba bang molaetsa oa ’Muso.

5. U ka etsa’ng e le hore u ithute lintho tse ngata ha u bala Bibele?

5 U se ke oa potlaka ha u bala Lentsoe la Molimo le ha u nahanisisa ka lona e le hore u ka ithuta lintho tse ngata tse ka u tsoelang molemo. Iphe nako e lekaneng ea ho etsa lintho tsena. Haeba u bala temana eo ho leng thata hore u e utloisise, u se ke oa e feta feela. Ho e-na le hoo, sebelisa Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e le hore u fumane tlhaloso ea eona. Haeba u ipha nako e lekaneng ha u ithuta, u tla kholiseha hore lintho tseo Bibele e li buang ke ’nete. (1 Bathes. 5:21) Haeba u kholisehile, u tla thabela ho bolella batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona.

LOKISETSA HANTLE PELE U ETSA MOSEBETSI OA BOBOLELI

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho lokisetsa hantle pele re etsa mosebetsi oa boboleli?

6 Haeba u lokisetsa hantle pele u etsa mosebetsi oa boboleli, u tla ba le sebete sa ho bua le batho ba bang. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lokisetse pele ba etsa mosebetsi oa boboleli. (Luka 10:​1-11) Kaha ba ile ba etsa lintho tseo Jesu a ba rutileng tsona, ba ile ba khona ho etsa lintho tse ngata tse ntle ’me seo se ile sa ba thabisa haholo.—Luka 10:17.

7. Re ka lokisetsa joang pele re ea mosebetsing oa boboleli? (Sheba setšoantšo.)

7 Re ka lokisetsa joang pele re ea mosebetsing oa boboleli? Re hloka ho nahana ka hore na re batla ho re’ng ho batho le hore na re ka bua le bona joang re sebelisa mantsoe a rona. Ntho e ’ngoe e ka thusang ke ho nahana ka hore na batho ba bang bao re kopanang le bona ha re etsa mosebetsi oa boboleli ba ka itšoara joang le hore na re tla re’ng ha ba itšoara ka tsela eo. Ha re etsa joalo, re tla khona ho bua le batho re phutholohile, re bososela ’me re le botsoalle.

Morali oa bo rona ea hlahileng setšoantšong se fetileng ea neng a tšohile ebile a sa phutholoha o se a le lapeng ’me o bala bukana ea “Rata Batho u ba Etse Barutuoa.”

Lokisetsa hantle pele u etsa mosebetsi oa boboleli (Sheba serapa sa 7)


8. Bakreste ba tšoana joang le lijana tsa letsopa tseo ho buuoeng ka tsona mohlaleng oa moapostola Pauluse?

8 Ha moapostola Pauluse a bua ka mosebetsi oa boboleli oo re o etsang o ile a re: “Re fuoe mosebetsi ona o ikhethang le hoja re tšoana feela le lijana tsa letsopa tse tšetseng letlotlo le khethehileng.” (2 Bakor. 4:7) Ke mosebetsi ofe oo? Ke mosebetsi o pholosang bophelo ba batho oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. (2 Bakor. 4:1) Lijana tsa letsopa li emela’ng? Li emela bahlanka ba Molimo ba bolellang batho ba bang litaba tse monate. Mehleng ea Pauluse, batho ba rekisang ba ne ba sebelisa linkho tsa letsopa ho tsamaisa lintho tsa bohlokoa joaloka lijo, veine le chelete. Ka tsela e tšoanang, Jehova o sebelisa rona hore re etse mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse monate. Jehova o tla re thusa hore re be le matla a ho bolela molaetsa oa hae.

KOPA JEHOVA HORE A U FE SEBETE

9. Re ka etsa’ng ha re tšaba ho hanyetsoa ke batho? (Sheba setšoantšo.)

9 Ka linako tse ling re ka tšaba ho hanyetsoa ke batho. Ke’ng e ka re thusang ha re ikutloa ka tsela eo? Ak’u nahane ka thapelo eo baapostola ba ileng ba e etsa nakong eo ba neng ba laeloa hore ba khaotse ho bolela litaba tse monate. Ho e-na le hore ba tšohe, ba ile ba kopa Jehova ka thapelo hore a ba thuse hore ‘ba ’ne ba bolele lentsoe la hae ka sebete sohle.’ Jehova o ile a arabela thapelo ea bona hang-hang. (Lik. 4:​18, 29, 31) Ka linako tse ling ho tšaba ho hanyetsoa ke batho ho ka etsa hore re tšoenyehe ’me ha re ikutloa ka tsela eo le rona re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re rate batho e le hore re se ke ra tšaba ho ba bolella litaba tse monate.

Morali oa bo rona eo o ’marakeng ’me o rapella ka pelong.

Kopa Jehova hore a u fe sebete (Sheba serapa sa 9)


10. Jehova o re thusa joang hore re khone ho bolella batho ba bang ka eena? (Esaia 43:​10-12)

10 Jehova o re khethile hore re be Lipaki tsa hae hape o tšepisa ho re thusa hore re be sebete. (Bala Esaia 43:​10-12.) Nahana ka litsela tsena tse ’nè tseo a re thusang ka tsona. Ea pele, Jesu o lula a e-na le rona kamehla ha re bolela litaba tse monate. (Mat. 28:​18-20) Ea bobeli, Jehova o sebelisa mangeloi ho re thusa. (Tšen. 14:6) Ea boraro, Jehova o re file moea oa hae o halalelang e le ho re thusa hore re hopole lintho tseo re ithutileng tsona. (Joh. 14:​25, 26) Ea bone, Jehova o boetse o re file bara le barali ba bo rona hore ba sebetse le rona. Kaha Jehova oa re thusa ebile Bakreste-’moho le rona baa re tšehetsa, re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re atlehe ha re bolela litaba tse monate.

FETOHA LE MAEMO ’ME U BE LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA BATHO

11. U ka fumana batho ba bangata bao u ka buang le bona ka molaetsa oa Bibele hokae? (Sheba setšoantšo.)

11 Na u ikutloa u nyahame ha u sa fumane batho malapeng a bona? Ipotse: ‘E ka ’na eaba batho ba ile hokae?’ (Lik. 16:13) ‘Na ba mosebetsing kapa ba lishopong?’ Haeba ho joalo, na u ka fumana batho ba bangata bao u ka buang le bona ha u paka seterateng? Mor’abo rona Joshua o re: “Ke fumana menyetla ea ho bua le batho ha ke tsamaea libakeng tseo ho nang le lishopo le moo ho nang le batho ba bangata.” Mor’abo rona Joshua le mosali oa hae Bridget, ba boetse ba fumana batho ba bangata ha ba ba etela mantsiboea le ka Sontaha motšehare.—Baef. 5:​15, 16.

Morali oa bo rona eo o fa ’mè ea rekisang ’marakeng karete ea jw.org.

Fetola sebaka le nako eo u etsang mosebetsi oa boboleli ka eona (Sheba serapa sa 11)


12. Re ka etsa’ng ho fumana hore na batho ba lumela’ng kapa hore na ba khathatsehile ka eng?

12 Haeba batho bao u buang le bona ba sa thahaselle molaetsa oo u ba bolellang oona, leka ho fumana hore na ba lumela’ng le hore na ba khathatsehile ka eng. Mor’abo rona Joshua le Morali oa bo rona Bridget ba sebelisa potso e hlahang ho e ’ngoe ea lipampitšana ha ba bua le batho. Ka mohlala, ba sebelisa pampitšana e reng Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele? Ba re: “Batho ba bang ba nka Bibele e le buka e hlahang ho Molimo empa ba bang ha ba nahane joalo. Uena maikutlo a hao ke afe?” Hangata ho botsa potso ena ho etsa hore puisano e tsoele pele.

13. Ke hobane’ng ha re ka re re atlehile le hoja batho ba sa batle ho bua le rona? (Liproverbia 27:11)

13 Re ka re re atlehile ho etsa mosebetsi oa boboleli le hoja batho ba sa mamele molaetsa oa rona. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Lebaka ke hobane re entse seo Jehova le Mora oa hae ba neng ba batla hore re se etse e leng ho bolela litaba tse monate. (Lik. 10:42) Le haeba re fumana batho ba sa batleng ho bua le rona, rea thaba hobane rea tseba hore re entse ntho e khahlisang Ntate oa rona.—Bala Liproverbia 27:11.

14. Ke hobane’ng ha re thaba ha mohoeletsi a fumana motho ea thabelang molaetsa oa Bibele?

14 Le rona rea thaba ha mohoeletsi a fumana motho ea thabelang molaetsa oa Bibele. Molula-Qhooa o tšoantša mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate le ho batla ngoana ea lahlehileng. Batho ba bangata ba thusa hore a fumanoe ’me ba etsa joalo ka hore ba mo batle libakeng tsohle. Ha ngoana eo a fumanoa, ha se batho ba itseng feela ba thabang empa motho e mong le e mong ea neng a thusa oa thaba. Ka tsela e tšoanang, kaofela ha rona re thusa mosebetsing oa ho etsa hore batho e be barutuoa ba Jesu. Kahoo, kaofela ha rona ka phuthehong re lokela ho bolella batho litaba tse monate ’me rea thaba ha re bona e mong oa batho bao a qala ho tla libokeng.

LULA U RATA JEHOVA LE BATHO BA BANG

15. Ho sebelisa keletso e hlahang ho Matheu 22:​37-39 ho re thusa joang hore re lule re chesehela ho bolela litaba tse monate? (Sheba setšoantšo se ka .)

15 Ha re rata Jehova le batho ba bang seo se tla re thusa hore re chesehele mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate. (Bala Matheu 22:​37-39.) Ak’u nahane feela hore na Jehova o thaba hakaakang ha a re bona re etsa mosebetsi ona le kamoo batho ba bang ba ka thabang kateng ha ba qala ho ithuta Bibele. Hopola hore batho ba mamelang molaetsa oa rona ’me ba nka qeto ea hore ba batla ho sebeletsa Jehova, ba tla fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang.—Joh. 6:40; 1 Tim. 4:16.

Barali ba bo rona ba babeli ba paka ka ntlo le ntlo. Morali oa bo rona ea hlahileng litšoantšong tse fetileng o buisana le ’mè e mong ka makasine a sa tšoha.

Ho lula re rata Jehova le batho ba bang ho tla re thusa hore re lule re thabela ho etsa mosebetsi oa boboleli (Sheba serapa sa 15)


16. Fana ka mehlala e bontšang hore na re ka etsa’ng e le hore re thabele ho sebeletsa Jehova le hoja re sa khone ho tsoa ka tlung.

16 Na ha u khone ho tsoa ka tlung? Haeba ho joalo, nahana ka lintho tseo u ka li etsang ho bontša hore u rata Jehova le batho ba bang. Nakong ea seoa sa COVID-19, Mor’abo rona Samuel le Morali oa bo rona Dania ba ne ba sa khone ho tloha ha bona. Nakong eo e thata, ba ne ba bolella batho ba bang litaba tse monate ka fono, ba ngola mangolo le ho khanna lithuto tsa Bibele ba sebelisa Zoom. Mor’abo rona Samuel o ile a pakela batho bao a neng a kopana le bona tleliniking moo a neng a fumana kalafo ea kankere. O re: “Ha re e-na le mathata re ka ikutloa re tšoenyehile, re khathetse ’me ra bona eka tumelo ea rona ea lekoa. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa lintho tse tla re thusa hore re thabe ha re ntse re sebeletsa Jehova.” Ka eona nako eo, Dania o ile a oela ’me o ne a sa khone ho theoha betheng ka likhoeli tse tharo. O ile a ba a sebelisa wheelchair ka likhoeli tse tšeletseng. O re: “Ke ile ka leka ho etsa lintho tseo ke neng nka khona ho li etsa boemong boo. Ke ile ka khona ho bolella nese e neng e nketela molaetsa oa Bibele ’me ke ne ke boetse ke qoqa Ie batho ba neng ba tlisa lintho ha rona. Hape ke ne ke qoqa hamonate ka fono le mosali e mong ea neng a sebeletsa k’hamphani e rekisang mechine le lintho tse ling tsa bongaka.” Le hoja Mor’abo rona Samuel le Morali oa bo rona Dania ba ne ba sa khone ho etsa lintho joaloka pele, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ’me seo se ile sa ba thabisa haholo.

17. Ke melemo efe eo u ka e fumanang ha u sebelisa lintlha tseo ho builoeng ka tsona sehloohong see?

17 Leka ho sebelisa lintlha tsena tse hlano kaofela tseo ho builoeng ka tsona sehloohong sena. Lintlha tsohle li tšoana le metsoako e sebelisitsoeng ho etsa hore lijo li latsoehe. Ha metsoako ena e kopantsoe hantle, lijo li ba monate. Ka ho tšoanang, ha u sebelisa lintlha tsena kaofela u ka khona ho loantšana le maemo a ka etsang hore u nyahame ’me u ka boela oa fumana thabo ha u ntse u etsa mosebetsi oa boboleli.

LINTLHA TSENA TSE LATELANG LI TLA U THUSA JOANG HORE U LULE U THABILE HA U ETSA MOSEBETSI OA BOBOLELI?

  • Ho ba le nako ea ho lokisetsa hantle

  • Ho kopa Jehova hore a u fe sebete

  • Ho lula u rata Jehova le batho ba bang

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela