Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 May leq. 32
  • Ho Mamella ho Tšoaroa ka ho Hloka Toka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Mamella ho Tšoaroa ka ho Hloka Toka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • “Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 May leq. 32

LINTHO TSEO U KA LI BATLISISANG

Ho Mamella ho Tšoaroa ka ho Hloka Toka

Bala Genese 37:​23-28; 39:​17-23 e le hore u ithute hore na Josefa o ile a mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka joang.

Ithute haholoanyane ka lintlha tse potolohileng taba. Ho tlile joang hore Josefa a tšoaroe ka ho hloka toka? (Gen. 37:​3-11; 39:​1, 6-10) Josefa o ile a tlameha ho mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka nako e kae? (Gen. 37:2; 41:46) Hona nakong eo, ke eng seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa le seo a sa kang a mo etsetsa sona?—Gen. 39:​2, 21; w23.01 17 ¶13.

Etsa lipatlisiso. Le hoja seo mosali oa Potifaro a se buileng e ne e se ’nete, Bibele ha e re Josefa o ile a mo shanofatsa. Mangolo a latelang a ka re thusa joang ho nahana hore na ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Josefa o ile a khetha ho se re letho kapa hore na ke hobane’ng ha re sa lebella hore re bolelloe lintlha tsohle? (Liprov. 20:2; Joh. 21:25; Lik. 21:37) E ka ’na eaba ke makhabane afe a ileng a thusa Josefa ho mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka?—Mik. 7:7; Luka 14:11; Jak. 1:​2, 3.

Nahana ka lintho tseo u ithutileng tsona. Ipotse:

  • ‘Joaloka molateli oa Jesu, nka lebella ho tšoaroa ka ho hloka toka ka litsela life?’ (Luka 21:​12, 16, 17; Baheb. 10:​33, 34)

  • ‘Nka etsa’ng hona joale e le hore ke tle ke khone ho mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka?’ (Pes. 62:​7, 8; 105:​17-19; w19.07 2-7)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela