SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 35
PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo
Baholo ba ka Thusa Batho ba Tlositsoeng ka Phuthehong Joang?
“Ha moetsalibe a le mong a baka, ho ba le thabo e kholo leholimong ho feta ha ho e-na le ba 99 ba sa hlokeng ho baka.”—LUKA 15:7.
NTLHA-KHOLO
Lebaka leo ka lona ba bang ba tlosoang ka phuthehong le kamoo baholo ba ka ba thusang kateng hore ba bake ’me ba khutlele ho Jehova.
1, 2. (a) Jehova o ikutloa joang ka batho ba etsang libe ka boomo ba bile ba sa bake? (b) Jehova o lakatsa hore baetsalibe ba etse eng?
JEHOVA a ke ke a re tlohela feela ha re etsa lintho tse fosahetseng. O hloile sebe. (Pes. 5:4-6) Kahoo, o lebeletse hore re mamele melao ea hae e ka Bibeleng. Empa ha se hore o lebeletse hore re be batho ba phethahetseng. (Pes. 130:3, 4) Ka nako e tšoanang, ‘batho ba sa mo rateng, ba fetolang mosa oa hae lebaka la ho ikemela ka boitšoaro ba bona bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe,’ bona o tla ba nkela bohato. (Juda 4) Ha se feela Bibele e reng “ho tla timetsoa batho ba sa rateng Molimo” ntoeng ea Armagedone.—2 Pet. 3:7; Tšen. 16:16.
2 Leha ho le joalo, Jehova ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe. Ha re ntse re theoha ka lihlooho tse hlahang makasineng ena, re ithutile hore Jehova “o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Baholo ba leka ho etsisa Jehova ka hore ka mamello ba thuse baetsalibe hore ba fetole litsela tsa bona ’me ba khutlele ho Jehova. Leha ho le joalo, baetsalibe ba bang ba ka ’na ba se ke ba baka. (Esa. 6:9) Ho sa tsotellehe hore na baholo ba leka ka matla hakae ho ba thusa, ba bang ba ka ’na ba tsoela pele ba ntse ba etsa lintho tse fosahetseng. Boemong boo, baholo ba lokela ho etsa’ng?
“TLOSANG MOETSALIBE”
3. (a) Bibele e re baholo ba lokela ho etsa eng ha moetsalibe a sa bake? (b) Ke hobane’ng ha re ka re moetsalibe ea sa batleng ho baka o ikhethetse ho tlosoa ka phuthehong?
3 Ha moetsalibe a sa bake, baholo ba lokela ho latela keletso e fumanoang ho 1 Bakorinthe 5:13 e reng: “Tlosang moetsalibe eo har’a lona.” Moetsalibe oa tseba hore haeba a sa bake o tla tlosoa ka phuthehong. Kahoo, ho tšoana le ha a ikhethetse hore a tlosoe ka phuthehong. Ka tsela eo o kotula seo a se jetseng. (Bagal. 6:7) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane o hanne ho amohela thuso le hoja baholo ba lekile ka makhetlo ho mo thusa hore a bake. (2 Mar. 17:12-15) Liketso tsa hae li bontšitse ka ho hlaka hore ha a sa batla ho mamela Jehova.—Deut. 30:19, 20.
4. Ke hobane’ng ha ho etsoa tsebiso ha moetsalibe ea sa bakeng a tlosoa ka phuthehong?
4 Haeba moetsalibe ea sa bakeng a tlosoa ka phuthehong, ho etsoa tsebiso ea hore ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.a Tsebiso ena ha e etsoe ka morero oa ho mo hlabisa lihlong. Ho e-na le hoo, e etsoa ka sepheo sa hore phutheho e mamele taelo ea Mangolo e reng ‘re khaotse ho itsoakanya’ le motho eo, ‘le ho ja re se ke ra ja’ le eena. (1 Bakor. 5:9-11) Tataiso ena e fanoa ka lebaka le utloahalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela.” (1 Bakor. 5:6) Sena se bolela hore baetsalibe ba sa bakeng ba ka thefula boikemisetso ba batho ba lekang ho phela ka melao ea Jehova e lokileng.—Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33.
5. Re lokela ho ikutloa joang ka motho ea tlositsoeng ka phuthehong, hona hobane’ng?
5 Re lokela ho ikutloa joang ka motho ea tlositsoeng ka phuthehong? Le hoja re ke ke ra itsoakanya le eena, re lokela ho hopola hore o tšoana le nku e lahlehileng, eseng hore ha ho sa na tšepo ka eena. Nku e lahlehileng e ntse e ka khona ho khutlela mohlapeng. Re se ke ra lebala hore motho eo ea lahlehileng o ile a inehela ho Jehova. Empa ka masoabi, hona joale ha a sa phelela boinehelo ba hae, e leng se mo behang kotsing. (Ezek. 18:31) Leha ho le joalo, re na le tšepo ea hore hafeela Jehova a sa ntse a fane ka monyetla oa hore batho ba bake, motho eo le eena a ka fetola litsela tsa hae ’me a baka. Joale baholo ba ka thusa motho ea tlositsoeng ka phuthehong joang?
BAHOLO BA KA THUSA MOTHO EA TLOSITSOENG KA PHUTHEHONG JOANG?
6. Ke lintho life tseo baholo ba lokelang ho li etsa e le hore ba thuse motho ea tlositsoeng ka phuthehong?
6 Na motho ea tlositsoeng ka phuthehong o se a lahliloe kherehloa, ke hore o se a tla ipona hore na o khutlela joang ho Jehova? Le letho. Ha komiti ea baholo e tsebisa motho eo hore oa tlosoa ka phuthehong, e tla mo hlalosetsa hore na o lokela ho nka mehato efe e le hore phutheho e boele e mo amohele. Empa ba ke ke ba fella moo. Maemong a mangata, ba tla mo tsebisa hore ba ka thabela ho kopana le eena hape ka mor’a likhoeli tse seng kae ho bona hore na o bakile ebile o tlohetse litsela tsa hae. Haeba ka mor’a likhoeli tseo tse ’maloa a lumela ho kopana le baholo hape, ba tla mo khothaletsa hore a bake ’me a khutlele ka phuthehong. Le haeba ka nako eo a e-s’o ka a baka, baholo ba tla ikitlaelletsa ho kopana le eena hape nakong e tlang e le ho mo khothaletsa hore a bake.
7. Baholo ba bontša joang hore ba na le kutloelo-bohloko e tšoanang le ea Jehova ha ba sebetsana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong? (Jeremia 3:12)
7 Baholo ba bontša kutloelo-bohloko e tšoanang le ea Jehova ha ba sebelisana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Ka mohlala, nakong e fetileng Jehova ha aa ka a emela batho ba hae hore e be bona ba tlang ho eena ho lokisa litaba. Ho e-na le hoo, e ile ea e-ba eena ea nkang bohato ba pele ba ho ba thusa le pele bona ba ka bontša matšoao a ho baka. Sehlooho sa bobeli sa makasine ena se ile sa hlalosa hore Jehova o ile a bolella moprofeta Hosea hore a tšoarele mosali oa hae le hore a lule le eena hape, le hoja mosali eo a ne a ntse a etsa sebe se tebileng. Ka tsela eo, Jehova o ne a bontša batho ba hae kamoo a nang le kutloelo-bohloko kateng. (Hos. 3:1; Mal. 3:7) Kaha baholo ba etsisa Jehova, ba thabela ho bona ha motho ea entseng sebe se tebileng a baka a bile a khutlela ka phuthehong ’me ba mo thusa ka tsela e ke keng ea mo thatafalletsa hore a khutle.—Bala Jeremia 3:12.
8. Papiso ea Jesu ea mora ea lahlehileng, e re thusa joang ho utloisisa hore Jehova o na le kutloelo-bohloko ebile o mohau? (Luka 15:7)
8 Hopola papiso eo Jesu a ileng a e etsa ea mora ea lahlehileng, eo ho builoeng ka eona sehloohong sa bobeli sa makasine ena. Eitse ha ntate oa hae a mo bona a khutlela hae, o ile “a matha a ea ho eena a mo haka eaba oa mo suna.” (Luka 15:20) Hlokomela hore ntate ha aa ka a emela hore mora oa hae a kope tšoarelo. Ho e-na le hoo, ke eena ea ileng a mathela ho mora oa hae hobane a mo rata. Ena ke tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho ba mo lahlileng ’me baholo ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsisa Jehova. Ba batla hore nku e lahlehileng e “khutlele hae.” (Luka 15:22-24, 32) Ha moetsalibe a baka, Jehova, Jesu, mangeloi le phutheho kaofela baa thaba.—Bala Luka 15:7.
9. Jehova o khothaletsa baetsalibe hore ba etse eng?
9 Ho fihlela hakana, re se re ithutile hore Jehova ha a lumelle baetsalibe ba sa bakeng hore ba lule ka phuthehong. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore o ba qhalla matsoho. O batla hore ba khutlele ho eena. Tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka baetsalibe ba bakileng e hlalositsoe ho Hosea 14:4, e reng: “Ke tla ba folisa ’me ba tla tšepahala. Ke tla ba rata ka pelo eohle hobane ha ke sa ba halefetse.” Maikutlo ana a Jehova a susumelletsa baholo ho potlakela ho thusa motho ea bontšang matšoao a ho baka, leha e ka ba ke a manyenyane feela. A boetse a thusa le ba tlohetseng Jehova hore ba khutle kapele.
10, 11. Baholo ba ka leka ho thusa motho eo e leng khale a tlositsoe ka phuthehong joang?
10 Ho thoe’ng ka batho ba nang le lilemo tse ngata ba tlositsoe ka phuthehong? Ho ka etsahala hore e se e le nako e telele ba khaolitse ho etsa sebe seo ba ileng ba tlosoa ka lebaka la sona. Maemong a mang, e ka ’na eaba ha ba sa tseba le hore na ba tlositsoe ka mabaka afe. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, baholo ba tla leka ho ba fumana le ho ba etela. Ha baholo ba etetse motho ea tlositsoeng, ba tla kopa ho rapela le eena le ho mo kopa ka lerato hore a khutlele ka phuthehong. Ho hlakile hore haeba motho a qetile lilemo tse ngata haholo a tlositsoe ka phuthehong, o fokola haholo tumelong. Kahoo, haeba a batla ho khutlela ka phuthehong, baholo ba tla hlophisa hore motho e mong a mo khannele thuto ea Bibele, esita le pele a ka khutlisetsoa ka phuthehong. Baholo ke bona ba lokelang ho etsa litlhophiso tseo tsa thuto ea Bibele.
11 Baholo ba leka ho etsisa tsela eo Jehova a utloelang batho bohloko ka eona, kahoo bara bana ba bo rona ba tla batla batho bohle ba tlohetseng Jehova ’me ba ba khothaletse ho khutlela ho eena. Hang ha motho ea entseng sebe se tebileng a bontša hore o bakile ebile o fetotse le boitšoaro ba hae, a ka khutlisetsoa ka phuthehong ntle ho tšenyo ea nako.—2 Bakor. 2:6-8.
12. (a) Ke maemong afe ao ho ’ona baholo ba lokelang ho ba hlokolosi haholo? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana hore ho hang Jehova a ke ke a hauhela batho ba entseng libe tsa mofuta o itseng? (Sheba naletsana.)
12 Maemong a mang, baholo ba lokela ho ba hlokolosi pele ba khutlisetsa motho ka phuthehong. Ka mohlala, haeba motho a le molato oa ho hlekefetsa bana ka thobalano, e le mokoenehi kapa a entse morero o bolotsana oa ho qhala lenyalo, baholo ba lokela ho kholiseha hore motho eo o bakile e le kannete. (Mal. 2:14; 2 Tim. 3:6) Ba lokela ho sireletsa mohlape. Ka nako e tšoanang, re lokela ho hlokomela hore Jehova o tla amohela motho leha e le ofe ea bakileng e le kannete ’me a fetotse boitšoaro ba hae. Le hoja baholo ba le hlokolosi ha ba sebetsana le motho ea sebelitseng ba bang ka bolotsana, ha baa lokela ho ea boholeng ba hore ba re motho ea entseng libe tsa mofuta o itseng, ho hang Jehova a ke ke a mo hauhela.b—1 Pet. 2:10.
SEO PHUTHEHO E KA SE ETSANG
13. Phapang ke efe pakeng tsa tsela eo re tšoarang motho ea khalemetsoeng ke baholo le tsela eo re tšoarang motho ea tlositsoeng ka phuthehong?
13 Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, ka linako tse ling ho ka etsoa tsebiso ea hore motho ea itseng o khalemetsoe. Boemong bona, re ka tsoela pele ho sebelisana le eena hobane o bakile ebile o fetotse boitšoaro ba hae. (1 Tim. 5:20) E sa ntse e le karolo ea phutheho ’me o ntse a hloka likhothatso tse tsoang ho balumeli-’moho le eena. (Baheb. 10:24, 25) Empa boemo bo fapane ho motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Re ‘khaotsa ho itsoakanya’ le motho ea joalo, esita ‘le ho ja ha re je’ le eena.—1 Bakor. 5:11.
14. Mokreste a ka sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele joang ha a sebelisana le motho ea tlositsoeng ka phuthehong? (Sheba setšoantšo.)
14 Na lintlha tseo re buileng ka tsona li bolela hore re lokela ho qoba ka ho feletseng motho ea tlositsoeng ka phuthehong? Ha ho joalo. Ke ’nete hore re ke ke ra itsoakanya le eena. Empa Bakreste ba tla sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba khetha hore na ba tla mo memela libokeng. E ka ’na eaba ke motho eo ba amanang le eena kapa eo e neng e le motsoalle oa bona nakong e fetileng. Haeba motho eo a tla libokeng re lokela ho mo tšoara joang? Ke ’nete hore nakong e fetileng motho ea joalo re ne re ke ke ra mo lumelisa empa hona joale ba bang ba ka khetha ho mo lumelisa le ho mo amohela libokeng. Leha ho le joalo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Empa ha rea lokela ho qoqa le eena nako e telele kapa ra qeta nako re etsa lintho tse ling le eena.
Bakreste ba ka sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba etsa qeto ea hore na ba tla mema motho ea tlositsoeng ka phuthehong hore a tle libokeng kapa ho mo lumelisa hakhutšoanyane ha a tlile libokeng (Sheba serapa sa 14)
15. Ke baetsalibe ba mofuta ofe ba hlalosoang ho 2 Johanne 9-11? (Sheba lebokose le reng “Na Johanne le Pauluse ba ne ba Bua ka Sebe sa Mofuta o Tšoanang?”)
15 Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na Bibele ha e re Mokreste ea lumelisang motho ea joalo o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe?’ (Bala 2 Johanne 9-11.) Lintlha tse potolohileng lengolo lena li bontša ka ho hlaka hore tataiso ena e bua ka bakoenehi le batho ba tsoelang pele ho khothaletsa ba bang ho etsa lintho tseo Bibele e reng li fosahetse. (Tšen. 2:20) Haeba motho a khothaletsa lithuto tsa bokoenehi kapa a khothaletsa ba bang ho etsa lintho tse mpe, baholo ba ke ke ba etsa litlhophiso tsa hore a eteloe. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le monyetla oa hore motho ea joalo a ka baka. Empa hafeela seo se e-s’o ka se etsahala, re ke ke ra lumelisa kapa ra memela motho ea joalo libokeng.
E-BA LE KUTLOELO-BOHLOKO LE MOHAU JOALOKA JEHOVA
16, 17. (a) Jehova o batla hore baetsalibe ba etse eng? (Ezekiele 18:32) (b) Baholo ba ka bontša joang hore ke basebetsi-’moho le Jehova ha ba leka ho thusa batho ba entseng libe?
16 Re ithutile’ng lihloohong tse hlano tsa makasine ee? Jehova ha a batle hore motho leha e le ofe a felisoe. (Bala Ezekiele 18:32.) O batla hore baetsalibe ba boelane le eena. (2 Bakor. 5:20) Ke ka lebaka leo esale Jehova a khothaletsa batho ba hae ba neng ba mo lahlile hore ba bake ’me ba khutlele ho eena. Baholo ba na le tokelo ea ho ba basebetsi-’moho le Jehova ka hore ba etse sohle se matleng a bona ho thusa batho ba entseng libe hore ba bake.—Bar. 2:4; 1 Bakor. 3:9.
17 Nahana ka thabo e bang teng leholimong ha moetsalibe a baka. Ntate oa rona ea leholimong Jehova, le eena oa thaba kamehla ha nku e neng e lahlehile e khutlela ka phuthehong. Re rata Jehova le ho feta ha re nahanisisa ka kutloelo-bohloko, mohau le mosa oa hae.—Luka 1:78.
PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
a Ha ho sa tla thoe batho ba joalo ba khaotsoe. Tumellanong le mantsoe a Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 5:13, re se re tla re batho ba joalo ba tlositsoe ka phuthehong.
b Bibele e re batho ba bang ba ke ke ba tšoareloa. Batho ba joalo ke ba entseng qeto ea hore kamehla ba be khahlanong le Molimo. Ke Jehova le Jesu feela ba ka fanang ka kahlolo ea hore motho a ke ke a tšoareloa.—Mar. 3:29; Baheb. 10:26, 27.