SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 37
PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo
Lengolo le Tla re Thusa ho Mamella ka Botšepehi ho Fihlela Qetellong
“Re lula re e-na le tšepo ho fihlela qetellong e leng tšepo eo re neng re e-na le eona ho tloha qalong.”—BAHEB. 3:14.
NTLHA-KHOLO
Lengolo le eang ho Baheberu le na le likeletso tse tla re thusa ho mamella ka botšepehi ho fihlela lefatše le fela.
1, 2. (a) Maemo a ne a le joang Judea ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba moo lengolo? (b) Ke hobane’ng ha lengolo leo le ne le le nakong?
KA MOR’A hore Jesu a shoe ka selemo sa 33, Bakreste ba Jerusalema le Judea ba ile ba tobana le mathata a mangata. Nakoana ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, ba ile ba hlorisoa haholo. (Lik. 8:1) Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse 20, Bakreste bao ba ile ba tobana le mathata a moruo ka lebaka la tlala e kholo le bofutsana. (Lik. 11:27-30) Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka selemo sa 61, Bakreste ba ne ba phela ka khotso ha ho bapisoa le se neng se tl’o ba hlahela. E ne e le hona ba tl’o tobana le mathata a mangata. Ka eona nako eo, Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a ngolle Bakreste bao lengolo, ’me le ile la fihla ka nako e nepahetseng e le hore ba ka itokisetsa se neng se larile ka pele.
2 Lengolo leo le ne le le nakong hobane le fihlile nakong eo Bakreste ba Baheberu ba neng ba ntse ba iphelela ka khotso. Leha ho le joalo, khotso ea bona e ne e tla ba ea nakoana. Pauluse o ile a ba fa keletso ea bohlokoa e neng e tla ba thusa ho mamella mathata ao ba neng ba tla tobana le ’ona haufinyane. Nako ea hore Jerusalema e timetsoe e ne e le haufinyane, joalokaha Jesu a ne a ile a bolela esale pele. (Luka 21:20) Ke ’nete hore Pauluse le Bakreste ba neng ba lula Judea ba ne ba sa tsebe hantle letsatsi leo timetso eo e tla fihla ka lona. Leha ho le joalo, Bakreste bao ba ne ba ka sebelisa nako eo ba nang le eona bakeng sa ho itokisa e le hore ba matlafatse tumelo le mamello ea bona.—Baheb. 10:25; 12:1, 2.
3. Ke hobane’ng ha Bakreste ba mehleng ena ba lokela ho thahasella lengolo la Baheberu haholo?
3 Re haufi le ho tobana le mahlomola a maholo a fetang hole a ileng a hlahela Bakreste ba Baheberu. (Mat. 24:21; Tšen. 16:14, 16) Kahoo, a re hlahlobeng tse ling tsa likeletso tseo Jehova a ileng a li fa Bakreste bao, tseo le rona li ka re tsoelang molemo kajeno.
“A RE TSOELENG PELE HO HOLA”
4. Ke mathata afe ao Bakreste ba Bajuda ba ileng ba tobana le ’ona? (Sheba setšoantšo.)
4 Bajuda bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ile ba lokela ho etsa liphetoho tse kholo ’me ho ne ho se bonolo. Bajuda e ne e kile ea e-ba sechaba se khethiloeng ke Jehova. Ka lilemo tse ngata, Jerusalema e ne e le sebaka sa bohlokoa ka ho fetisisa. Morena ea neng a emela Jehova o ne a busa a le moo ’me le batho ba neng ba batla ho rapela Jehova, ba ne ba mo rapela ba le tempeleng e neng e le Jerusalema. Bajuda bohle ba tšepahalang ba ne ba latela Molao oa Moshe oo ba neng ba o rutoa ke baeta-pele ba bolumeli. Lithuto tseo li ne li akarelletsa hore na ba lokela ho ja eng, litaba tsa lebollo le hore na ba lokela ho tšoara batho ba Balichaba joang. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu, Jehova o ne a se a sa amohele mahlabelo a Bajuda. Kahoo, ho ne ho se bonolo ho Bajuda bao e seng e le Bakreste ka nako eo hore ba fetole tsela eo ba seng ba rapela Jehova ka eona. (Baheb. 10:1, 4, 10) Esita le Bakreste ba neng ba e-na le tumelo e matla, joaloka moapostola Petrose, ba ne ba thatafalloa ke ho etsa liphetoho tsena. (Lik. 10:9-14; Bagal. 2:11-14) Ka lebaka la lithuto tse ncha, Bakreste bao ba ile ba hlorisoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda.
Bakreste ba ile ba lokela ho emela ’nete le ho hanyetsa lithuto tsa leshano tse rutoang ke bahanyetsi ba Bajuda (Sheba serapa sa 4 le 5)
5. Bakreste ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ka eng?
5 Bakreste ba Judea ba ne ba hanyetsoa ke lihlopha tse peli tsa batho. Sehlopha sa pele e ne e le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba nka Bakreste bao e le bakoenehi. Sehlopha sa bobeli e ne e le Bakreste ba neng ba hatella ba bang hore ba ’ne ba tsoele pele ho boloka Molao oa Moshe, mohlomong e le ha ba tšaba ho hlorisoa. (Bagal. 6:12) Ke eng e neng e ka thusa Bakreste bao hore ba lule ba tšepahalla Jehova?
6. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba etse eng? (Baheberu 5:14–6:1)
6 Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu, o ile a ba khothaletsa hore ba ithute le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. (Bala Baheberu 5:14–6:1.) Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu e le ho bontša hore tsela eo Bakreste ba rapelang Jehova ka eona e betere haholo ho feta eo Bajuda ba neng ba mo rapela ka eona pele.a Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba ithute le ho utloisisa haholoanyane linnete tse tsoang ka Mangolong e le hore ba ka lemoha lithuto tsa bohata le ho li hanyetsa.
7. Ke mathata afe ao re tobanang le ’ona kajeno?
7 Le rona ho tšoana le Bakreste ba Baheberu, re tobana le batho ba jalang litaba kapa likhopolo tse sa lumellaneng le seo Jehova a reng se lokile ebile se nepahetse. Hangata bahanyetsi ba rona ba hanana le lintho tseo re li lumelang tse thehiloeng ka Bibeleng tse mabapi le boitšoaro ’me ba re re khopo. Tsela eo batho ba nahanang ka eona e ntse e suthela hole le tsela eo Jehova a nahanang ka eona. (Liprov. 17:15) Kahoo, ho bohlokoa haholo hore re elelloe menahano ena re be re e hanyetse. Ha rea lokela ho lumella bahanyetsi hore ba re nyahamise le ho etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova.—Baheb. 13:9.
8. Re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele ho hola?
8 Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tsoele pele ho hola, ’me le rona re lokela ho etsa se tšoanang. Sena se bolela hore re lokela ho ithuta Bibele ka hloko e le hore re tsebe Jehova le tsela eo a nahanang ka eona. Re lokela ho tsoela pele re ntse re etsa lintho tsena le ka mor’a hore re kolobetsoe. Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Bakreste, kaofela ha rona re lokela ho tsoela pele ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla. (Pes. 1:2) Ha re etsa joalo, re tla khona ho matlafatsa tumelo ea rona, e leng ntho eo Pauluse a ileng a re Bakreste ba Baheberu ba lokela ho ba le eona.—Baheb. 11:1, 6.
E-BANG LE ‘TUMELO E LE HORE LE PHOLOSE BOPHELO BA LONA’
9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla?
9 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba be le tumelo e matla e le hore ba phonyohe mahlomola a neng a le haufi le ho ba teng Judea. (Baheb. 10:37-39) Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore ha ba bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole, ba lokela ho balehela lithabeng. Keletso ena e ne e ama Bakreste bohle ba lulang Jerusalema le libakeng tse mahaeng. (Luka 21:20-24) Ha batho ba lulang mahaeng ba hlaseloa ke masole, hangata ba ne ba balehela metseng e nang le marako joaloka Jerusalema e le hore ba sireletsehe. E ne e tla ba ntho e sa utloahaleng ho balehela lithabeng ’me ho etsa joalo ho ne ho tla hloka tumelo e matla.
10. Ho ba le tumelo e matla ho ne ho tla thusa Bakreste hore ba etse’ng? (Baheberu 13:17)
10 Bakreste ba Baheberu ba ne ba boetse ba lokela ho tšepa bao Jesu a ba sebelisang ho tataisa phutheho. Ho ka etsahala hore ba etellang pele ba ile ba fana ka litaelo tse tobileng tsa hore na ba balehe neng le ka mokhoa o joang. (Bala Baheberu 13:17.) Lentsoe la Segerike le hlahang ho Baheberu 13:17 le fetoletsoeng e le “mamelang,” le fana ka maikutlo a hore motho o susumelletseha ho mamela hobane a tšepa motho ea fanang ka tataiso. Sena ha se bolele ho mamela motho hobane feela a e-na le matla a ho fana ka tataiso. Kahoo, Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho ithuta ho tšepa ba etellang pele pele mahlomola a qala. Haeba Bakreste bao ba ne ba ka mamela ha ho ntse ho e-na le khotso, ho ne ho tla ba bonolo hore ba mamele ha ho hlaha mathata.
11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re be le tumelo e matla joaloka Bakreste ba Baheberu?
11 Le rona re hloka ho ba le tumelo joaloka Bakreste ba Baheberu. Re phela nakong eo batho ba sa lumeleng hore bofelo boa tla ebile baa re soma hobane re kholoa taba eo. (2 Pet. 3:3, 4) Ho ekelletsa moo, le hoja Bibele e fana ka lintlha tse itseng tsa hore na ho tla etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo, ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo re sa li tsebeng. Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore bofelo ba lefatše lena bo tla fihla ka nako e nepahetseng le hore Jehova o tla re hlokomela ka nako eo.—Hab. 2:3.
12. Re ka thusoa ke eng ho pholoha mahlomola a maholo?
12 Re boetse re lokela ho matlafatsa tšepo ea rona ea hore Jehova o sebelisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ho re tataisa kajeno. (Mat. 24:45) Ha mahlomola a maholo a qala, re ka ’na ra fuoa litaelo tse tobileng e le hore re pholohe, joalokaha e ka ’na eaba Bakreste ba Baheberu ba ile ba li fuoa nakong eo masole a Baroma a neng a pota-potile Jerusalema. Ena ke nako ea hore re matlafatse tšepo le kholiseho ea rona tataisong eo re e fuoang ke ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova. Ha rea lokela ho lebella hore re tla latela tataiso ea bona ka kholiseho nakong ea mahlomola a maholo haeba re hloleha ho e latela hona joale.
13. Ke hobane’ng ha keletso e ho Baheberu 13:5 e ne e hlokahala?
13 Ha Bakreste ba Baheberu ba ntse ba emetse ho bolelloa hore ba balehe, ba ne ba lokela ho phela bophelo bo itekanetseng, ’me ‘ba se ke ba rata chelete.’ (Bala Baheberu 13:5.) Ba bang ba bona ba ile ba angoa ke tlala e kholo le bofutsana. (Baheb. 10:32-34) Le hoja qalong ba ne ba ikemiselitse ho mamella mathata ao ka lebaka la litaba tse monate, ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba qala ho ipokella maruo e le hore a ka ba sireletsa. Empa chelete e ne e ke ke ea ba sireletsa nakong eo Jerusalema e timetsoang. (Jak. 5:3) Ha e le hantle, ho ne ho ka ba boima ho motho ea ratang maruo hore a balehe ’me a siee ntlo le lintho tsa hae.
14. Ho ba le tumelo e matla ho tla re thusa joang ha re etsa liqeto tse mabapi le lintho tseo re nang le tsona?
14 Haeba re e-na le tumelo e matla ea hore haufinyane Jehova o tla felisa lefatše lena le khopo, re ke ke ra nahana hore ho ba le chelete e ngata ke eona ntho ea bohlokoa. Nakong ea mahlomola a maholo, chelete e tla be e se na thuso. Bibele e re batho “ba tla lahlela silevera ea bona literateng” hobane ba tla hlokomela hore “silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Ezek. 7:19) Ho e-na le ho batla ho ba le chelete e ngata kamoo re ka khonang, re lokela ho etsa liqeto tse tla re thusa ho hlokomela rona le ba malapa a rona le tse tla re fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova. Seo se akareletsa ho qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale kapa ho qoba ho sebelisa nako e ngata re hlokomela lintho tseo re nang le tsona. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore lintho tseo e se ke ea e-ba tsona tse tlang pele bophelong ba rona. (Mat. 6:19, 24) Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re tla lokela ho khetha hore na re tšepa Jehova kapa lintho tseo re nang le tsona.
“LE HLOKA HO BA LE MAMELLO”
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella?
15 Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. (Baheb. 10:36) Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha baa ka ba tobana le ’ona. Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hlorisoa ho isa boholeng ba hore ba bolaoe joaloka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba loana hobane batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste. Lilemo tse seng kae pele ho moo, batho ba bangata ba ile ba hlasela Pauluse ha a ntse a bolela litaba tse monate Jerusalema. Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.” (Lik. 22:22; 23:12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa, Bakreste ba ne ba lokela ho tsoela pele ho bokana hammoho bakeng sa borapeli le ho bolela litaba tse monate e le hore tumelo ea bona e lule e le matla.
16. Lengolo le eang ho Baheberu le ka re thusa joang hore re be le maikutlo a nepahetseng ka mahloriso? (Baheberu 12:7)
16 Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka thusoa ke eng ho mamella khanyetso? Pauluse o ne a tseba hore ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka liteko tsa bona. O ile a ba hlalosetsa hore Molimo a ka lumella hore ba hlaheloe ke mathata a lekang tumelo e le ho ba koetlisa. (Bala Baheberu 12:7.) Koetliso eo, e ne e ka ba thusa ho ba le makhabane a thabisang Jehova. Ba ne ba tla nolofalloa ke ho mamella ha ba nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella liteko.—Baheb. 12:11.
17. Pauluse o ithutile eng ka ho mamella mahloriso?
17 Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Baheberu ho mamella liteko ka sebete. O ne a le boemong bo botle ba ho fana ka khothaletso eo. Joalokaha a ile a hlorisa Bakreste, o ne a tseba hore na ba tla tšoaroa hampe hakae. O ne a boetse a tseba ho mamella mahloriso etsoe o ile a hanyetsoa ka litsela tse ngata ka mor’a ho ba Mokreste. (2 Bakor. 11:23-25) Kahoo, Pauluse o ne a tseba hantle hore na ho hlokahala eng e le hore motho a mamelle. O ile a hopotsa Bakreste bao hore ha ba ntse ba mameletse liteko, ha baa lokela ho itšepa empa ba lokela ho tšepa Jehova. Ba ne ba ka ba sebete ha ba ne ba ka hopola mantsoe a Pauluse a reng: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.”—Baheb. 13:6.
18. Re tl’o hlaheloa ke eng nakong e tlang, hona ke eng eo re lokelang ho e etsa hona joale?
18 Bara ba bo rona ba bang ba mamelletse mahloriso hona joale. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore rea ba rata ke ka ho ba rapella le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Baheb. 10:33) Leha ho le joalo, Bibele e bua ka ho hlaka hore “barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re lokela ho itokisetsa liteko tse tlang. Re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng hona joale, re e-na le kholiseho ea hore o tla re thusa ho mamella liteko tse ka ’nang tsa re hlahela. Ka nako e loketseng, o tla imolla bahlanka ba hae ba tšepahalang.—2 Bathes. 1:7, 8.
19. Re lokela ho etsa’ng e le hore re itokisetse mahlomola a maholo? (Sheba setšoantšo.)
19 Ntle ho pelaelo, lengolo la Pauluse le eang ho Bakreste ba Baheberu le ile la ba thusa ho itokisetsa mahlomola a neng a tl’o ba hlahela. Pauluse o ile a khothaletsa bara babo hore ba ithute Mangolo ka hloko le hore ba a utloisise haholoanyane. Ho etsa joalo ho ne ho tla ba thusa hore ba hlokomele le ho hanyetsa lithuto tse neng li tla fokolisa tumelo ea bona. O ile a ba khothaletsa ho matlafatsa tumelo ea bona e le hore hang-hang ba ka latela keletso ea Jesu le ea ba etellang pele ka phuthehong. O ile a boela a thusa Bakreste bao hore ba mamelle liteko le hore ba li nke e le monyetla oa hore Ntate oa bona ea lerato a ba koetlise. E se eka le rona re ka sebelisa keletso ena e tsoang ka Bibeleng. Ha re etsa joalo, re tla khona ho mamella ka botšepehi ho fihlela qetellong.—Baheb. 3:14.
Bakreste ba tšepahalang ba ile ba hlohonolofatsoa ka lebaka la mamello ea bona. Ka mor’a hore ba balehe Judea, ba ile ba tsoela pele ho kopana. Re ithuta’ng tabeng ee? (Sheba serapa sa 19)
PINA EA 126 Falimehang, E-bang Sebete, Matlafalang
a Khaolong ea pele, Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka makhetlo a supileng ho paka hore tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona e betere ho feta tsela ea Bajuda.—Baheb. 1:5-13.