Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 August maq. 2-7
  • Kamoo Jehova a re Thusang Kateng Hore re Mamelle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Jehova a re Thusang Kateng Hore re Mamelle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • THAPELO
  • LENTSOE LA MOLIMO
  • BAKRESTE-’MOHO
  • TŠEPO EA RONA
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lengolo le Tla re Thusa ho Mamella ka Botšepehi ho Fihlela Qetellong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 August maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 32

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

Kamoo Jehova a re Thusang Kateng Hore re Mamelle

“Molimo ea bontšang mosa ka litsela tse sa tšoaneng . . . o tla le tiisa, a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.”—1 PET. 5:10.

NTLHA-KHOLO

Jehova o re file lintho tse tla re thusa hore re mamelle. Re tla bona hore na li ka re tsoela molemo joang.

1. Ke hobane’ng ha re hloka ho ba le mamello, ’me ke mang ea ka re thusang? (1 Petrose 5:10)

MEHLENG ena ea bofelo, batho ba Jehova ba hloka hore ba be le mamello. Ba bang ba na le bokuli bo sa foleng. Ba bang bona ba sebetsana le bohloko ba ho lahleheloa ke motho eo ba mo ratang. Ha ba bang bona ba hlorisoa ke ba malapa kapa ba boholong pusong. (Mat. 10:​18, 36, 37) Empa kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na u tobana le mathata afe, Jehova a ka u thusa hore u mamelle.—Bala 1 Petrose 5:10.

2. Ke hobane’ng ha re khona ho mamella?

2 Ho mamella ke bokhoni ba ho tiisetsa le ho lula re e-na le tšepo ha re tobana le mathata, mahloriso le liteko. Re khona ho mamella hobane Jehova o re fa “matla a sa tloaelehang.” (2 Bakor. 4:7) Re ke ke ra khona ho mamella ntle le thuso ea hae. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse ’nè tseo Jehova a re fileng tsona tse re thusang hore re mamelle. Re tla boela re bone hore na re ka rua molemo joang ho tsona.

THAPELO

3. Ke hobane’ng ha re ka re ho buisana le Jehova ka thapelo ke ntho e hlollang?

3 Jehova o re etselitse ntho e hlollang e ka re thusang hore re mamelle. O entse hore re khone ho bua le eena ho sa tsotellehe boemo ba rona ba ho se phethahale. (Baheb. 4:16) Nahana ka sena: Re ka rapela Jehova ka linako tsohle le ka taba leha e le efe. Ho sa tsotellehe hore na re bua puo efe kapa hore na re hokae, Jehova o khona ho re utloa le haeba re le teronkong. (Jon. 2:​1, 2; Lik. 16:​25, 26) Haeba re tšoenyehile haholo hoo re sa khoneng ho bua se ka lipelong tsa rona, Jehova o ntse a khona ho utloisisa seo re batlang ho se bua. (Bar. 8:​26, 27) Kannete ho buisana le Jehova ka thapelo ke ntho e hlollang!

4. Ke hobane’ng ha re ka re ho rapella ho ba le mamello ho tumellanong le thato ea Jehova?

4 Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re tiisetsa hore ‘ho sa tsotellehe hore na re kopa eng ho eena, hafeela e le tumellanong le thato ea hae, o tla re utloa.’ (1 Joh. 5:14) Na re ka kopa Jehova hore a re thuse ho mamella? E! Ho etsa joalo ho tumellanong le thato ea hae. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Hobane Jehova o khona ho araba ea mo rohakang, e leng Satane Diabolose. (Liprov. 27:11) Ntle ho moo, Bibele e re Jehova o ikemiselitse “hore a bontše matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle.” (2 Likron. 16:9) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova o na le matla le tabatabelo ea ho re thusa ho mamella.—Esa. 30:18; 41:10; Luka 11:13.

5. Ke joang thapelo e ka re fang khotso ea kelello? (Esaia 26:3)

5 Bibele e re ha re rapela Jehova ’me re mo bolella mathata a rona ‘o tla lebela lipelo tsa rona le menahano ea rona ka ho re fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.’ (Bafil. 4:7) Nahana hore na sena se bolela’ng. Batho ba sa sebeletseng Jehova ba tobana le mathata, ’me ba ka leka mekhoa e fapaneng ea hore ba be le khotso ea kelello. Empa khotso eo Jehova a re fang eona ha re rapela e feta hole mokhoa leha e le ofe oo batho ba ka o sebelisang. Ha re rapela Jehova, re bontša hore re itšetlehile ka eena ka ho felletseng ’me o re fa “khotso e sa feleng.” (Bala Esaia 26:3.) Tsela e ’ngoe eo Jehova a re fang khotso ena ka eona ke ka ho re thusa ho hopola mangolo a re khothatsang. Mangolo ao a re hopotsa kamoo a re ratang kateng le kamoo a batlang ho re thusa kateng ’me sena se re khoba matšoafo.—Pes. 62:​1, 2.

6. U ka rapella eng? (Sheba setšoantšo.)

6 Seo u ka se etsang. Ha u ntse u mamelletse teko, “lahlela moroalo oa hao ho Jehova” ’me u rapelle hore a u fe khotso. (Pes. 55:22) U ka boela oa mo kopa hore a u fe bohlale ba ho sebetsana le teko eo. (Liprov. 2:​10, 11) Hape u se ke oa lebala ho leboha Jehova kamehla. (Bafil. 4:6) Ha u ntse u tsoela pele u rapella mamello, nahana ka litsela tseo Jehova a u thusang ka tsona hore u mamelle teko ea hao ’me u mo lebohe ka tšehetso eo a u fang eona. U se ke oa lumella liteko tsa hao hore li u sitise ho bona kamoo Jehova a u hlohonolofalitseng kateng—Pes. 16:​5, 6.

Mor’abo rona ea holileng o lutse ka tlung ea hae oa rapela ’me ke mariha. O behile Bibele e butsoeng liropeng tsa hae ’me botlolo ea lipilisi e tafoleng e pel’a hae.

Ha u rapela, u bua le Jehova. Ha u bala Bibele, Jehova o bua le uena (Sheba serapa sa 6)b


LENTSOE LA MOLIMO

7. Ke joang ho ithuta Bibele ho ka re thusang hore re mamelle?

7 Jehova o re file Lentsoe la hae ho re thusa hore re mamelle. Bibele e na le litemana tse ngata tse re kholisang hore Jehova oa re tšehetsa. Ka mohlala, nahana ka temana ena. Matheu 6:8 e re: “Ntate oa lona oa tseba hore na le hloka’ng le pele le mo kopa.” Jesu ke eena ea buileng mantsoe ao, ’me o tseba Jehova ho feta mang kapa mang. Kahoo, ha re na lebaka la ho belaela hore Jehova o batla ho re thusa ha re tobane le mathata. Bibele e na le litšepiso tse ngata tse tsoang ho Jehova, tse re fang matla ao re a hlokang ho mamella mathata.—Pes. 94:19.

8. (a) Fana ka mohlala oa molao-motheo oa Bibele o ka re thusang ho mamella. (b) Ke eng e ka re thusang hore re hopole melao-motheo ea Bibele ha re e hloka?

8 Melao-motheo ea Bibele e ka re thusa ho mamella. Ha e le hantle, e na le likeletso tse bohlale tse ka re thusang ho etsa liqeto tse tla re tsoela molemo. (Liprov. 2:​6, 7) Ka mohlala, Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka le hlahlamang, empa re itšetlehe ka Jehova. (Mat. 6:34) Haeba re itloaetsa ho bala Mangolo ’me re thuisa ka ’ona, ho tla ba bonolo hore re hopole melao-motheo eo re e hlokang ka nako eo re e hlokang ka eona.

9. Ke joang litlaleho tsa Bibele li re kholisang le ho feta hore Jehova o tla re thusa?

9 Bibele e boetse e na le litlaleho tsa sebele tsa batho ba ileng ba tšepa Jehova ’me a ba tšehetsa. (Baheb. 11:​32-34; Jak. 5:17) Ha re nahana ka litlaleho tsena, re ba le kholiseho e matla le ho feta ea hore Jehova ke “setšabelo sa rona le matla a rona, o re thusa kapele ha re le matšoenyehong.” (Pes. 46:1) Ha re nahana kamoo bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba bontšitseng tumelo ho eena kateng le ho tsoela pele ba mo sebeletsa leha ho le thata, re susumelletseha ho ba etsisa.—Jak. 5:​10, 11.

10. U ka etsa’ng e le hore u rue molemo ka ho felletseng Lentsoeng la Molimo?

10 Seo u ka se etsang. Bala Bibele kamehla, ’me u be le lethathamo la litemana tseo u bonang li u tsoela molemo. Batho ba bangata ba fumane e le tsela e molemo ho qala ka ho bala temana ea letsatsi hoseng kaha ba fumana ntlha e khothatsang e tsoang ka Bibeleng eo ba ka nahanisisang ka eona letsatsi lohle. Morali oa bo rona Mariea o ile a bona hore seo ke ’nete ha a ne a fumana hore batsoali ba hae ba na le kankere. O ile a thusoa ke eng ho mamella ha a ntse a hlokometse batsoali ba hae likhoeling tsa ho qetela tsa bophelo ba bona? O re: “Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke bala lengolo bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ke be ke thuise ka lona. Sena se nthusitse hore kamehla ke nahane ka Jehova le ka lintho tse ntle tseo a nthutang tsona ka Lentsoeng la hae, ho e-na le ho nahana feela ka mathata ao ke neng ke e-na le ’ona.”—Pes. 61:2.

BAKRESTE-’MOHO

11. Ke hobane’ng ha ho khothatsa ho tseba hore ha re bang ha re ntse re mamelletse mathata?

11 Jehova o re fa bana ba bo rona ba Bakreste ho re thusa hore re mamelle. Ho tseba feela ‘hore lintho tse bohloko tse re hlahelang li ntse li hlahela bana ba bo rona bohle lefatšeng’ ho re tiisetsa hore ha re bang. (1 Pet. 5:9) Ha e le hantle, sena se re kholisa hore lintho tse re hlahelang, li ile tsa hlahela le ba bang ’me ba mamella. Sena se bolela hore le rona re ka khona ho mamella.—Lik. 14:22.

12. Bakreste-’moho ba ka re thusa joang, ’me rona re ka ba etsetsa’ng? (2 Bakorinthe 1:​3, 4)

12 Bakreste-’moho le rona ba ka re khothatsa ha re ntse re mamelletse mathata. Moapostola Pauluse o ile a bona bopaki ba seo. Hangata o ile a bontša hore o ananela batho ba ileng ba mo thusa ha a ne a tšoeroe ’me a sa khone ho tsoa ka tlung, ka hore a ba bitse ka mabitso le ho ba leboha. Ba ile ba thusa Pauluse ka hore ba mo tšelise, ba mo khothatse le ho mo fa lintho tseo a neng a li hloka. (Bafil. 2:​25, 29, 30; Bakol. 4:​10, 11) Le kajeno re ka etsahalloa ke ntho e tšoanang. Ha re hloka thuso ea hore re mamelle, bara le barali ba bo rona ba teng ho re thusa ’me le bona ha ba hloka thuso, re teng ho ba thusa.—Bala 2 Bakorinthe 1:​3, 4.

13. Ke eng e thusitseng Morali oa bo rona Maya ho mamella?

13 Bara le barali ba bo rona ba ile ba khothatsa Morali oa bo rona Maya ea lulang Russia. Ka 2020, mapolesa a ile a secha ntlo ea hae ’me hamorao a isoa teronkong ka lebaka la ho bua le ba bang ka tumelo ea hae. O re: “Nakong eo ke neng ke imetsoe haholo maikutlong, bara le barali ba bo rona ba ile ba ’ngolla le ho ntetsetsa ’me ba ntiisetsa hore baa nthata. Ke ne ke tseba hore ke na le lelapa le leholo le nthatang. Empa ho tloha ka 2020, ke ile ka kholiseha le ho feta ka sena.”

14. Re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ho bara le barali ba bo rona ha re ntse re mamelletse mathata? (Sheba setšoantšo.)

14 Seo u ka se etsang. Ha u ntse u mamelletse mathata, lula u le haufi le bara le barali beno. U se ke oa tsilatsila ho kopa baholo hore ba u thuse. E ka ba “sebaka sa ho ipatela moea le setšabelo sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esa. 32:​2, nal.) Hape hopola hore Bakreste-’moho le uena ba ntse ba mamelletse mathata. Ho etsetsa motho ea hlokang thuso ntho e ntle ho tla u thusa hore le uena u lule u thabile ha u ntse u mamelletse mathata ao u thulanang le ’ona.—Lik. 20:35.

Mor’abo rona ea holileng ea setšoantšong se fetileng o na le banyalani le baralinyana ba bona ba babeli ’me ba ntse ba qoqa ba le ka tlung, nakong ea selemo. Pel’a hae ho na le molamu le libotlolo tsa lipilisi tse seng kae. E mong oa baralinyana o mo bontša setšoantšo seo a se toroileng sa Paradeise.

Lula u le haufi le Bakreste-’moho le uena (Sheba serapa sa 14)c


TŠEPO EA RONA

15. Tšepo e ile ea thusa Jesu joang, hona e re thusa joang? (Baheberu 12:2)

15 Jehova o re file tšepo e tiileng ho re thusa hore re mamelle. (Bar. 15:13) Hopola kamoo tšepo e ileng ea thusa Jesu hore a mamelle letsatsi le thata ka ho fetisisa leo a kileng a tobana le lona bophelong ba hae ha a ntse a le mona lefatšeng. (Bala Baheberu 12:2.) O ne a tseba hore ho tšepahala ha hae ho tla tlosa qoso lebitsong la Jehova. Jesu o ne a boetse a tatetse ho khutlela ho Ntate oa hae, le hore ka mor’a nako, a il’o busa le bana babo ’Musong oa leholimo. Ka tsela e tšoanang, tšepo ea rona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo, e re thusa hore re mamelle mathata leha e le afe ao re ka tobanang le ’ona lefatšeng lena la Satane.

16. Tšepo ea rona ka bokamoso e ile ea thusa morali oa bo rona e mong joang hore a mamelle, hona u ithuta’ng ho seo a ileng a se bua?

16 Nahana kamoo tšepo ea ho phela ka ho sa feleng e ileng ea thusa Morali oa bo rona Alla ea lulang Russia, nakong eo monna oa hae a neng a tšoeroe ’me a emetse nyeoe ea hae. Ha sena se etsahala, Morali oa bo rona Alla o re: “Ho rapela ka tšepo ea rona ka bokamoso le ho nahanisisa ka eona, ho ile ha nthusa hore ke se ke ka nyahama haholo. Ke ne ke utloisisa hore sena ha se bolele hore ho felile ka rona, ha ho sa na tšepo. Empa Jehova o tla hlola ’me le rona re tla hlola.”

17. Re ka bontša joang hore re ananela tšepo eo Jehova a re fileng eona? (Sheba setšoantšo.)

17 Seo u ka se etsang. Nka nako u nahana ka bokamoso bo hlollang boo Jehova a re tšepisitseng bona. Ipone u le lefatšeng le lecha la Molimo ’me u nahane ka litlhohonolofatso tseo re tla ba le tsona. Teko leha e le efe eo re ka tobanang le eona hona joale e tla bonahala ‘e le ea nakoana ebile e le bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Hape etsa sohle seo u ka se khonang ho bolella ba bang ka tumelo ea hao. Nahana kamoo e tlamehang ebe ba ikutloa kateng ho sebetsana le mathata a lefatše lena la Satane ba sa tsebe hore na morero oa Molimo ke ofe ka bokamoso. U ka buisana le bona hanyane feela ho ba thusa hore ba be le tjantjello ea ho tseba ka ho eketsehileng ka tšepo ea rona ka bokamoso.

Mor’abo rona ea holileng o lutse ka tlung ea hae ka hoetla o ntse a nahana ka setšoantšo sa Paradeise se ho tablet ea hae. Pel’a hae ho na le seikokotlelo le libotlolo tsa lipilisi tse ’maloa.

Nka nako ho nahana ka bokamoso bo hlollang boo Jehova a re tšepisitseng bona (Sheba serapa sa 17)d


18. Ke hobane’ng ha re ka tšepa litšepiso tsa Jehova?

18 Ka mor’a hore Jobo a mamelle mathata a mangata, o ile a re ho Jehova: “Joale kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle ebile ha ho na ntho e ka u hlolang.” (Jobo 42:2) Joalokaha Jobo a ile a ithuta, ha ho letho le ka kena-kenanang le ho phethahala ha morero oa Jehova. Taba ena e ka re matlafatsa hona joale ha re ntse re mamelletse. Ka mohlala, nahana ka ’mè ea kulang ea nyahameng hobane lingaka tse ngata li sa khone ho mo thusa. Empa ha ngaka e nang le boiphihlelo ebile e tšeptjoa ke batho ba bangata e fumana bothata ’me e mo hlalosetsa hore na e tla mo thusa joang, o ikutloa a imolohile le hoja a ke ke a fola hang-hang. Joale o se a khona ho mamella kaha o na le tšepo ea hore lintho li tla loka. Ka tsela e tšoanang, kholiseho eo re nang le eona ea hore Paradeise e tla ba teng, e re thusa ho mamella.

19. Re hloka eng e le hore re khona ho mamella?

19 Joalokaha re ithutile, Jehova o re file mpho ea thapelo, Lentsoe la hae, Bakreste-’moho le rona le tšepo ho re thusa ho mamella mathata a rona. Haeba re sebelisa lintho tsena ka botlalo, Jehova o tla re thusa bothateng bo bong le bo bong boo re kopanang le bona ho fihlela tsamaiso ena ea Satane e felile.—Bafil. 4:13.

JEHOVA O RE THUSA JOANG HORE RE KHONE HO MAMELLA A SEBELISA . . .

  • thapelo le Lentsoe la hae?

  • Bakreste-’moho le rona?

  • tšepo ea rona?

PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova

a Sehloohong sena, mabitso a mang a fetotsoe.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea seng a holile o mamella ka botšepehi letsatsi le letsatsi.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea seng a holile o mamella ka botšepehi letsatsi le letsatsi.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea seng a holile o mamella ka botšepehi letsatsi le letsatsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela