Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 October leq. 30
  • Na u ne u Tseba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ne u Tseba?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morena Davida le ’Mino
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ’Mino ke Mpho ea Molimo e Amang Maikutlo
    Tsoha!—2008
  • ’Mino o Thabisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 October leq. 30
Libini tsa Baiseraele li rorisa Jehova ka mantsoe a phahameng li sebelisa liharepa le literompeta.

Na u ne u Tseba?

’Mino e ne e le karolo ea bohlokoa bophelong ba Baiseraele ba mehleng ea pele

’MINO o ne o le bohlokoa haholo setsong sa Iseraele. Hangata Bibele e bua ka batho ba binang le ba letsang liletsa tsa ’mino. Ha e le hantle, karolo e kholo ea Bibele ke lipina. Ka mohlala, Lipesaleme, Sefela sa Lifela le Lillo Tsa Jeremia ke lipina. Buka ea Music in Biblical Life e bontša hore Bibele e bua ka ’mino e le karolo ea bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi ba Baiseraele.

Bophelong ba letsatsi le letsatsi. Baiseraele ba ne ba bina e le ho bontša kamoo ba ikutloang kateng. (Esa. 30:29) Meketeng basali ba ne ba letsa meropa e menyenyane, ba bina ba thabile ba bile ba tantša. Mekete ena e ne e akareletsa mekete ea borapeli, ha ho behoa morena e mocha le ha masole a hlotse ntoeng. (Baahl. 11:34; 1 Sam. 18:​6, 7;1 Mar. 1:​39, 40) Baiseraele ba ne ba boetse ba bina ha ba siame. (2 Likron. 35:25) Ho ea ka McClintock and Strong’s Cyclopedia ho hlakile hore “Baheberu ba ne ba rata ’mino haholo.”

Ntlong ea borena. Marena a Iseraele a ne a rata ’mino haholo. Morena Saule o ile a bitsetsa Davida ntlong ea borena hore a tl’o mo letsetsa harepa. (1 Sam. 16:​18, 23) Ha Davida e e-ba morena o ile a iketsetsa liletsa tsa ’mino, a qapa lipina a boela a theha sehlopha sa ’mino se neng se bina tempeleng ea Jehova. (2 Likron. 7:6; Amose 6:5) Morena Solomone le eena o ne a e-na le libini tsa banna le basali ntlong ea hae ea borena.—Moek. 2:8.

Borapeling. Habohlokoa le ho feta, Baiseraele ba ne ba rorisa Jehova ka pina. Ha e le hantle, ho ne ho e-na le banna ba 4 000 ba neng ba letsa liletsa tsa ’mino tempeleng Jerusalema. (1 Likron. 23:5) Ba ne ba letsa lisimbala, liletsa tsa likhoele, liharepa le literompeta. (2 Likron. 5:12) Banna bana ba rupetsoeng, e ne e se bona feela ba rorisang Jehova ka ’mino. Baiseraele ba bangata ba ne ba bina lipina ha ba le leetong la selemo le selemo le eang moketeng Jerusalema. (Pes. 120-134) Ho latela libuka tsa Bajuda, Baiseraele ba ne ba bina Lipesaleme tsa Hallela nakong ea Paseka.

’Mino e ntse e le karolo ea bohlokoa ho batho ba Molimo. (Jak. 5:13) Re bina lipina ho rorisa Jehova. (Baef. 5:19) ’Mino o etsa hore re ikutloe re le haufi le Bakreste-’moho le rona. (Bakol. 3:16) O boetse oa re matlafatsa ha re e-na le mathata. (Lik. 16:25) ’Mino o re thusa ho bontša Jehova hore rea mo rata ebile re lumela ho eena.

a Ho Bajuda, Lipesaleme tsa 113 ho ea ho 118, li tsebahala e le Lipesaleme tsa Hallel ’me li ne li binoa ho rorisa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela