Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 October leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Jerusalema le Tempele ea Solomone
    ‘Bona Naha e Ntle’
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 October leq. 31
Setšoantšo se bontšang karolo e ka holimo le e ka pele ea tempele ea Solomone.

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Foranta ea tempele ea Solomone e ne e phahame hakae?

Foranta e ne e le monyako oa tempele o kenang ka karolong ea Sehalalelo. Ho latela likhatiso tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang tse lokolotsoeng pele ho selemo sa 2023, “foranta e ka pele e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong, e lekana le bophara ba ntlo ’me bophahamo ba eona e le 120.” (2 Likron. 3:4) Liphetolelo tse ling le tsona li bontša hore bophahamo ba foranta ena e ne e le “litsoe tse 120,” e leng bophahamo ba limithara tse 53!

Leha ho le joalo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e ntlafalitsoeng ea 2023 e re ka foranta ea tempele ea Solomone: “Bophahamo ba eona e ne e le litsoe tse 20” kapa bophahamo ba limithara tse ka bang robong.a Nahana ka mabaka ana a ’maloa mabapi le ntlafatso ena.

Bophahamo ba foranta ha boa boleloa lengolong la 1 Marena 6:3. Temaneng eo, Jeremia o bua ka bolelele kapa bophara le botebo ba foranta, eseng bophahamo ba eona. Khaolong e latelang, o hlalosa ka ho hlaka likarolo tse ling tsa tempele, ho akareletsa Tanka e selika-likoe ea tšepe, literoli tse leshome le lipilara tse peli tsa koporo tse neng li le ka pel’a foranta. (1 Mar. 7:​15-37) Haeba kannete foranta e ne e le bophahamo ba limithara tse fetang 50 ’me e feta tempele eohle, ke hobane’ng ha Jeremia a sa ka a bua ka bophahamo ba eona? Esita le ka mor’a lilemo tse makholo, bo-rahistori ba Bajuda ba ile ba tlaleha hore foranta e ne e sa phahama ho feta tempele eohle ea Solomone.

Litsebi lia belaela hore mabota a tempele a ne a ka tšehetsa foranta e bophahamo ba litsoe tse 120. Mehleng ea khale, mehaho e phahameng e kang marako a likeiti tsa tempele e Egepeta, e ne e ba sephara fatše ebe bophara ba eona boa fokotseha ho ea holimo. Empa tempele ea Solomone e ne e fapane. Litsebi li lumela hore mabota a teng a ne a sa fete botenya ba litsoe tse tšeletseng kapa limithara tse 2.7. Rahistori oa Meralo Theodor Busink o ile a re: “Ho latela botenya ba lebota le [monyako oa tempele], foranta e ne e ke ke ea e-ba bophahamo ba litsoe tse 120.”

E ka ’na eaba mantsoe a hlahang temaneng ea 2 Likronike 3:4 a kopilitsoe ka tsela e fosahetseng. Le hoja meqolo e meng ea khale e re “120” temaneng ena, e meng e ka tšeptjoang joaloka Codex Alexandrinus e ngotsoeng lilemo tse ka bang 1 500 tse fetileng le Codex Ambrosianus e ngotsoeng lilemo tse ka bang 1 400 tse fetileng, e re “litsoe tse 20.” Ke hobane’ng ha mokopitsi a ne a ka ngola “120” ka phoso? Mantsoe “lekholo” le “litsoe” a ngoloa ka tsela e batlileng e tšoana ka Seheberu. Kahoo e ka ’na eaba mokopitsi o ngotse “lekholo” ho e-na le ho ngola “litsoe.”

Le hoja re leka ka matla ho utloisisa lintlha tsena le ho bontša tempele ea Solomone ka tsela e nepahetseng, re amehile haholo ka seo tempele eo e se emetseng e leng tempele e kholo ea tšoantšetso. Re thaba haholo hore ebe Jehova o memetse bahlanka bohle ba hae hore ba mo rapele tempeleng eo!—Baheb. 9:​11-14; Tšen. 3:12; 7:​9-17.

a Naletsana e bontša hore “meqolo e meng ea khale e re ‘120,’ ha e meng le liphetolelo tse ling li re ‘litsoe tse 20.’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela