SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 43
PINA EA 90 Le Khothatsane
Leka ho Lula u E-na le Maikutlo a Nepahetseng
“Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.”—1 BATHES. 5:21.
NTLHA-KHOLO
Seo u ka se etsang hore u be le maikutlo a nepahetseng ka tšebeletso ea hao ho Jehova.
1-2. (a) Ke lipotso life tseo bahlanka ba Jehova ba ka ipotsang tsona ka linako tse ling? (b) Sehloohong see re tl’o bua ka eng?
KA LINAKO tse ling, re ka ’na ra belaella liqeto tseo re li entseng le ho ipotsa hore na re ba bohlokoa ho Jehova. Ka mohlala, mocha oa Paki a ka ’na a ipotsa hore na Jehova oa mo tsotella le hore na ke bohlale hore a kolobetsoe. Mor’abo rona ea nang le lelapa a ka ’na a ipotsa hore na qeto eo a ileng a e etsa ha e sa le mocha ea ho kenela tšebeletso, na e sa ntse e mo tsoela molemo. Kapa nahana ka morali’abo rona ea holileng ea seng a se na matla joaloka pele. A ka ’na a nyahama hobane ka lebaka la ho hola, ha a sa khona ho etsa lintho tseo a neng a li etsa. Na u kile oa ipotsa lipotso tse kang tsee: ‘Na ehlile Jehova oa ntsotella? Na Jehova o ananela hore ebe ke iteletse ho mo sebeletsa? Na ebile bohlale hore ebe ke tetse lintho tseo ke li tetseng bakeng sa Jehova? Na ke ntse ke le motho oa bohlokoa ho Jehova?’
2 Ha u ka iphapanyetsa maikutlo ana, u ka iphumana u se u sa batle ho sebeletsa Jehova. Sehloohong sena, re tl’o bua ka melao-motheo ea Bibele e tla re thusa haeba re utloa eka (1) Jehova ha a re tsotelle, (2) re sa kholiseha ka liqeto tseo re li entseng nakong e fetileng le (3) haeba re utloa eka ha re sa na thuso ho Jehova.
BATLA LIKARABO TSA LIPOTSO TSA HAO
3. Ke eng e ka re thusang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona?
3 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona ke Lentsoe la Molimo. Le ka re atametsa haufi le Jehova le ho re thusa hore ‘re eme re tiile tumelong.’—1 Bakor. 16:13.
4. Re ka ‘etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse’ joang? (1 Bathesalonika 5:21)
4 Bala 1 Bathesalonika 5:21. Bibele e re khothalletsa ‘ho etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.’ Re ka etsa see joang? Ka hore re netefatse hore maikutlo a rona a lumellana le seo Bibele e se buang. Ha re nke mohlala oa mocha ea belaellang hore Jehova oa mo tsotella. Ha aa lokela ho iphapanyetsa boikutlo boo. Empa o lokela ‘ho etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse’ ka ho ithuta hore na maikutlo a Jehova ke afe tabeng eo.
5. Re ka etsa’ng hore re utloe ha Jehova a araba lipotso tsa rona?
5 Ha re bala Lentsoe la Molimo, ho joalokaha eka re mo mametse ha a bua le rona. Kahoo, haeba ho e-na le lipotso tseo re ipotsang tsona, re ka batla likarabo tsa tsona ka Bibeleng. Re ka batlisisa taba eo re sebelisa lingoloa tseo mokhatlo oa Jehova o re fang tsona. (Liprov. 2:3-6) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho fumana likarabo tsa lipotso tseo re ipotsang tsona, ebe re batla melao-motheo ea Bibele e ka re thusang boemong boo re leng ho bona. Re ka boela ra bala ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba e-ba boemong boo re leng ho bona.
6. Liboka li re thusa joang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona?
6 Re ka boela ra utloa ha Jehova a bua le rona ha re le libokeng. Haeba re e-ba teng kamehla ho tsona, re ka utloa ho hong puong kapa karabong ea motho e mong, e ka arabang potso eo re ntseng re ipotsa eona. (Liprov. 27:17) A re boneng hore na ke eng e ka re thusang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona.
HAEBA RE UTLOA EKA JEHOVA HA A RE TSOTELLE
7. Motho e mong a ka ipotsa eng?
7 Na u ee u ipotse hore na Jehova oa u tsotella? Haeba u ikutloa u se na thuso, ho ka ba thata ho lumela hore motho ea moholo joaloka Jehova e ka ba motsoalle oa hao. Mohlomong Morena Davida o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang, ha a tla re: “Jehova, motho ke’ng hore u mo hlokomele, mora oa motho ke’ng hore u mo ele hloko?” (Pes. 144:3) U ka fumana karabo ea potso ee hokae?
8. Ho ea ka 1 Samuele 16:6, 7, 10-12, Jehova o bona eng ha a sheba batho?
8 Ha re bala Bibele, rea hlokomela hore Jehova o tsotella le batho bao ho nkoang ba se na thuso. Ka mohlala, Jehova o ile a roma Samuele hore a il’o khetha morena oa Iseraele har’a bara ba Jese. Jese o ile a bitsa bara ba hae ba supileng eaba o siea oa ho fela e leng Davida.a Empa Jehova o ile a khetha Davida. (Bala 1 Samuele 16:6, 7, 10-12.) Jehova o ne a bona hore na Davida ke motho ea joang, a bona hore o mo rata ka pelo eohle.
9. U ka kholisoa ke eng hore Jehova oa u tsotella? (Sheba setšoantšo.)
9 U se ke oa lebala kamoo Jehova a u bontšitseng hore oa u tsotella. A ka u fa keletso e u loketseng. (Pes. 32:8) Taba ena e bontša hore o re tseba hantle! (Pes. 139:1) Ha u bona kamoo keletso ea Jehova e u tsoelang molemo kateng, u tla kholiseha hore oa u tsotella. (1 Likron. 28:9; Lik. 17:26, 27) Jehova o bona boiteko ba hao le makhabane a hao ’me o batla ho ba Motsoalle oa hao. (Jer. 17:10) O batla hore le uena u leke ho ba motsoalle oa hae.—1 Joh. 4:19.
“Haeba u batla [Jehova] o tla etsa hore u mo fumane.”—1 Likron. 28:9 (Sheba serapa sa 9)b
HAEBA RE SA KHOLISEHA KA LIQETO TSEO RE LI ENTSENG NAKONG E FETILENG
10. U ka ’na oa ba le maikutlo afe ha u nahana ka liqeto tseo u ileng oa li etsa khale?
10 Ka linako tse ling, re ka ipotsa hore na liqeto tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng li nepahetse. Mohlomong u ile oa khetha ho sebeletsa Jehova ho e-na le ho khetha mosebetsi kapa ho ba le khoebo e neng e ka u etsetsa chelete. Hamorao u se u bona batho bao u hotseng le bona ba entseng qeto e fapaneng eka ba tsitsitse licheleteng. Joale oa ipotsa hore na e ne e le bohlale ho etsa qeto eo u ileng oa e etsa.
11. Ke eng e neng e tšoenya mongoli oa Pesaleme ea 73?
11 Haeba u na le maikutlo a tšoanang, leka ho nahana ka mongoli oa Pesaleme ea 73. O ne a bona eka batho ba bang ba atlehile ebile ha ba na mathata. (Pes. 73:3-5, 12) Taba ena e ne e etsa hore a utloe eka ho sebeletsa Jehova ha ho mo tsoele molemo. O ne a lula a “khathatsehile letsatsi lohle.” (Pes. 73:13, 14) O ile a thusoa ke eng?
12. Ho latela Pesaleme ea 73:16-18, mopesaleme o ile a thusoa ke eng?
12 Bala Pesaleme ea 73:16-18. Mopesaleme eo o ile a kena ka sehalalelong sa Jehova, eare ha a le moo a khona ho nahana hantle. O ile a elelloa hore le hoja batho bao ba bonahala eka ba phela hamonate, bokamoso ba bona bo lerootho. Ka mor’a moo, o ile a ba le khotso hobane a hlokomela hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa bophelong. Kahoo, o ile a ikemisetsa ho tsoela pele a sebeletsa Jehova.—Pes. 73:23-28.
13. U ka khothatsoa ke eng ha u se u belaella liqeto tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng? (Sheba setšoantšo.)
13 Le uena Lentsoe la Molimo le ka u thusa joalokaha le thusitse mopesaleme. U hopole hore Jehova o tla lula a e-na le uena mathateng ’ohle a hao le hore qetellong moputso oa hao o tla ba molemo ho feta oa batho ba sa mo sebeletseng. Batho bana ba tšepile lintho tseo ba khonang ho iketsetsa tsona hobane ha ho na bokamoso boo ba bo lebeletseng, empa uena Jehova o tla u hlohonolofatsa ka tsela eo u ke keng oa e lekanya. (Pes. 145:16) Nahana, na kannete re ka tseba hore na bophelo ba rona bo ka be bo bile joang ha re ne re entse qeto e fapaneng? Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore motho ha a etsa liqeto tse bontšang hore o rata Molimo le batho ba bang, a ke ke a soetseha.
Letela litlhohonolofatso tseo Jehova a li tšepisitseng (Sheba serapa sa 13)c
HA U UTLOA EKA HA U SA NA THUSO HO JEHOVA
14. Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le mathata afe, hona ba ipotsa potso efe?
14 Bahlanka ba bang ba Jehova ba se ba tsofetse, ba bang baa kula ha ba bang ba phela le bokooa. Kahoo, ba ka utloa eka ha ba na thuso ho Jehova. Ba ka ba ba ipotsa hore na Jehova o ntse a ba nka ba le bohlokoa.
15. Mongoli oa Pesaleme ea 71 o ne a kholisehile ka eng?
15 Mongoli oa Pesaleme ea 71 o ne a tšoenyehile ka bothata bo tšoanang, ha a tla re: “U se ke oa ntlohela ha matla a ka a fela.” (Pes. 71:9, 18) Leha ho le joalo, mopesaleme enoa o ne a kholisehile hore ha a sebeletsa Jehova ka botšepehi, o tla mo tataisa a be a mo tšehetse. Mopesaleme o ile a ithuta hore Jehova o rata batho ba itellang ho mo sebeletsa le ha ba e-na le mathata.—Pes. 37:23-25.
16. Ke eng seo batho ba holileng ba ntseng ba ka se etsetsa Jehova? (Pesaleme ea 92:12-15)
16 Haeba u motho ea holileng, ipone ka tsela eo Jehova a u bonang ka eona. A ka u thusa hore u lule u le motsoalle oa hae le haeba u se u se na matla. (Bala Pesaleme ea 92:12-15.) Ho fapana le ho nahana ka lintho tseo u ke keng oa li etsa, nahana ka tseo u ka li etsang, tse kang ho tsotella ba bang le ho ba khothatsa. U ka qoqela ba bang kamoo Jehova a u thusitseng nakong e fetileng le ka tšepo eo u nang le eona. U se ke oa halala kamoo lithapelo tsa hao li ka thusang ba bang kateng. (1 Pet. 3:12) Ho sa tsotellehe maemo a rona, ho na le hoo re ka ho etsetsang Jehova le ba bang.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang?
17 Haeba taba ea hore ha u na matla a lekaneng ho sebeletsa Jehova ka tsela eo u batlang ka eona ea u tšoenya, kholiseha hore Jehova o ananela boiteko boo u bo etsang. Kaha Jehova ha a re bapise, le uena u lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang. (Bagal. 6:4) Ka mohlala, Maria o ile a fa Jesu oli e turang. (Joh. 12:3-5) Mohlolohali e mong a ile a fana ka lichelete tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlase. (Luka 21:1-4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a nka ka bobeli ba bontšitse hore ba na le tumelo. Le ha u ka bona eka ntho eo u e etsetsang Jehova e nyenyane, u tsebe hore eena o e nka e le ea bohlokoa haholo.
18. Lentsoe la Molimo le ka re thusa joang? (Sheba lebokose le reng “Lentsoe la Jehova le ka U Thusa ho ba le Maikutlo a Matle.”)
18 Kaofela ha rona ho na le lintho tse ka re tšoenyang mabapi le mosebetsi oo re o etsetsang Jehova. Empa joalokaha re bone, Lentsoe la hae e leng Bibele, le ka re thusa ho fumana likarabo tse nepahetseng. Kahoo, re lokela ho batla likarabo tseo e le hore re se ke ra lula re tšoenyehile. Jehova ha a re shebe re le sehlopha feela empa o ananela lintho tsohle tseo u mo etsetsang tsona ebile o batla ho u putsa. Le ka mohla, u se ke oa nahana hore Jehova o nka bahlanka ba hae ba se na thuso kapa o ba hlokela nako.
PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
a Le hoja Bibele e sa re bolelle hore Davida o ne a le lilemo li kae ha Jehova a ne a mo khetha, ho bonahala eka e ne e sa le mocha.—Sheba Molula-Qhooa oa September 1, 2011, leq. 29, ser. 2.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mocha o batla tataiso ea Jehova ka Mangolong.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona o ntse a sebetsa e le hore a ka hlokomela lelapa la hae, o ntse a nahana ka lefatše le lecha la Paradeise.