Ho ba le Khotso ho sa Tsotellehe Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho
Gary eo e kileng ea e-ba lesole o re: “Pele ke ithuta Bibele ke ne ke sa tsebe hore na ke hobane’ng ha ho e-na le bokhopo, ho hloka toka le mathata a mangata lefatšeng. Hona joale ke na le khotso ea kelello. Kea tseba hore Jehova Molimo o tla etsa hore lefatše e be sebaka se sireletsehileng.”
Gary ha se eena feela ea ikutloang ka tsela ena. Hlokomela kamoo Bibele e ileng ea thusa le ba bang kateng.
BIBELE E RE: “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.”—Pesaleme ea 86:5.
SEE SE THUSA JOANG: “Temana ena e nkholisa hore Jehova o mohau. Kea tseba hore o ikemiselitse ho ntšoarela ka hore ke ile ka kenya letsoho ntoeng nakong e fetileng.”—Wilmar, oa Colombia.
BIBELE E RE: “Ke bopa maholimo a macha le lefatše le lecha. Lintho tsa khale li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa le utloisa bohloko.”—Esaia 65:17.
SEE SE THUSA JOANG: “Ke na le menahano e sithabetsang, e mpakelang khatello ea maikutlo ka lebaka la lintho tse nketsahalletseng ha ke ne ke le sesoleng. Temana ena e nkhopotsa hore haufinyane Jehova o tla nthusa ho lebala ka ho feletseng lintho tse bohloko tse ileng tsa ntlhahela. Nke ke ka hlola ke li hopola. Ke ntho e thabisang haholo!”—Zafirah, oa America.
BIBELE E RE: “Ha a busa, ba lokileng ba tla eketseha, khotso e tla ba ngata hafeela khoeli e ntse e le teng.”—Pesaleme ea 72:7.
SEE SE THUSA JOANG: “Ke lula ke nahana ka mantsoe ao. Haufinyane lintoa le lintho tse bohloko tseo e li bakang li tla fela ’me re ke ke ra hlola re tšoenyeha ka tšireletseho ea baratuoa ba rona.”—Oleksandra, oa Ukraine.
BIBELE E RE: “Bafu ba hao ba tla phela. . . . Tsohang ’me le hoeletse le thabile, lona ba ahileng leroleng.”—Esaia 26:19.
SEE SE THUSA JOANG: “Boholo ba litho tsa lelapa leso li ile tsa bolaoa nakong eo ho neng ho felisoa morabe oa rona oa Matutsi. Temana ena e-ea nkholisa hore ke tla boela ke ba bona hape. Ke labalabela ho utloa ba bua ba thabile nakong e tlang ha ba se ba tsositsoe!”—Marie, oa Rwanda.
BIBELE E RE: “Ho setse nakoana e seng kae ’me batho ba khopo ha ba sa tla hlola ba e-ba teng . . . Leha ho le joalo, lefatše e tla ba lefa la ba bonolo, ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena khotso.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
SEE SE THUSA JOANG: “Le hoja ntoa e se e felile, ho ntse ho ena le ho hloka toka le batho ba khopo. Litemana tsena li nthusitse haholo. Jehova o bona lintho tsohle ebile o utloisisa boemo ba ka. O tšepisa hore haufinyane o tl’o felisa bohloko bohle ’me re ke ke ra hlola re utloa bohloko.”—Daler, oa Tajikistan.
Batho ba faneng ka maikutlo makasineng ena, ke karolo ea batho ba li-milione bao e leng Lipaki tsa Jehova ba thusitsoeng ke Bibele hore ba fumane khotso. Ba ithutile ho hlola lehloeo leo ba neng ba ena le lona ho merabe e meng kapa lichaba tse ling. (Baefese 4:31, 32) Lipaki tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking ebile ha li kenelle liketsahalong tse sehloho.—Johanne 18:36.
Lipaki tsa Jehova li tšehetsana joaloka lelapa. (Johanne 13:35) Ka mohlala, Oleksandra eo re buileng ka eena pejana, eena le ngoanabo ba ile ba tlameha ho balehela naheng e ’ngoe ka lebaka la ntoa. O re: “Hang ha re fihla naheng e ’ngoe, re ile ra bona Lipaki tsa Jehova li le teng sebakeng seo ho re amohela. Tšehetso ea bona e ile ea re thusa hore re tloaele ho phela naheng e ncha re le baphaphathehi.”
Lipaki tsa Jehova li u memela Libokeng tsa tsona moo u tla ithuta ka molaetsa oa khotso o hlahang ka Bibeleng le kamoo u ka u sebelisang kateng. Kena ho jw.org/st ho fumana sebaka se haufi le uena kapa u kope ho ithuta Bibele mahala le sebelisa bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!