SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 19
PINA EA 6 Maholimo a Bontša Khanya ea Molimo
Etsisa Mangeloi a Tšepahalang
“Rorisang Jehova, lona mangeloi ’ohle a hae.”—PES. 103:20.
NTLHA-KHOLO
Seo re ka ithutang sona mohlaleng oa mangeloi a tšepahalang.
1, 2. (a) Re fapane joang le mangeloi? (b) Re tšoana joang le mangeloi?
HA JEHOVA a ne a u hulela ’neteng, o ne a u mema hore u be karolo ea lelapa le lerato la barapeli ba hae lefatšeng lohle le akarelletsang le mangeloi a limilione a tšepahalang. (Dan. 7:9, 10) Ha re nahana ka mangeloi, re ka ’na ra nahana kamoo a fapaneng le rona kateng. Ka mohlala, ha se joale mangeloi a le teng, le pele re ka ba teng. (Jobo 38:4, 7) A matla haholo ho re feta. Hape aa halalela a bile a lokile ka tsela eo re ke keng ra khona ho e finyella kaha ha rea phethahala.—Luka 9:26.
2 Le hoja re fapane le mangeloi ka litsela tsena, ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang le ’ona ka tsona. Ka mohlala, re tšoana le mangeloi ka hore le rona re ka khona ho bontša makhabane a Jehova. Re fuoe bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto joaloka ’ona. Re boetse re na le mabitso a sa tšoaneng, botho bo sa tšoaneng le mesebetsi e fapaneng tšebeletsong ea Jehova joaloka mangeloi. Ho tšoana le mangeloi, le rona re hloka ho sebeletsa ’Mopi oa rona.—1 Pet. 1:12.
3. Re ka ithuta eng ho mangeloi a tšepahalang?
3 Kaha ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang le mangeloi ka tsona, mohlala oa ’ona o motle o ka re khothatsa le ho re ruta lintho tse ngata tsa bohlokoa. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na re ka etsisa mangeloi a tšepahalang joang tabeng ea ho ikokobetsa, ho rata batho, ho mamella le ho sebetsa ka thata ho boloka phutheho e hloekile.
MANGELOI A IKOKOBELITSE
4. (a) Mangeloi a bontša joang hore a ikokobelitse? (b) Ke hobane’ng ha mangeloi a ikokobelitse? (Pesaleme ea 89:7)
4 Mangeloi a tšepahalang a ikokobelitse. Le hoja a na le boiphihlelo, a le matla haholo a bile a le bohlale, a mamela litaelo tsa Jehova. (Pes. 103:20) Ha a ntse a etsa mosebetsi oo Jehova a a fileng ’ona, ha ho mohla a ipolelisang ka lintho tseo a li etsang kapa hona ho sebelisa matla a ’ona ho ipitsetsa mahlo. A thabela ho etsa thato ea Molimo le hoja a sa boleloe ka mabitso.a (Gen. 32:24, 29; 2 Mar. 19:35) A hana ho amohela thoriso leha e le efe e lokelang ho ea ho Jehova. Ke hobane’ng ha mangeloi a ikokobelitse hakaale? Hobane a rata Jehova le ho mo hlompha ka ho tebileng.—Bala Pesaleme ea 89:7.
5. Lengeloi le leng le ile la bontša boikokobetso joang ha le khalemela moapostola Johanne? (Sheba setšoantšo.)
5 Nahana ka ketsahalo e ’ngoe e bontšang hore mangeloi a ikokobelitse. Hoo e ka bang ka selemo sa 96, lengeloi le sa boleloang ka lebitso le ile la bontša moapostola Johanne pono e hlollang. (Tšen. 1:1) Johanne o ile a etsa’ng ha a bona pono eo? O ile a khumama eaba o leka ho le rapela. Leha ho le joalo, kapele-pele lengeloi leo le tšepahalang le ile la mo thiba, la re: “Butle, u se ke oa etsa joalo. Rapela Molimo. Ke mpa feela ke le mohlanka oa Molimo joaloka uena le bana beno.” (Tšen. 19:10) Boo e ne e le boikokobetso bo bokaakang! Lengeloi leo le ne le sa batle ho rorisoa kapa ho hlomphuoa. Hang-hang le ile la re Johanne a rapele Jehova Molimo. Empa ha lea ka la khella Johanne fatše. Le hoja le ne le se le e-na le nako le sebeletsa Jehova le bile le le matla haholo ho feta Johanne, ka boikokobetso le ile la re moapostola eo ke mohlanka oa Molimo joaloka lona. Ke ’nete hore lengeloi leo le ile la tlameha ho khalemela Johanne empa ha lea ka la omanya moapostola eo ea holileng. Ho e-na le hoo, le ile la bua le eena ka mosa. E ka ’na eaba lengeloi leo le ile la hlokomela hore Johanne o ne a mpa a hlolletsoe ke seo a sa tsoa se bona.
Lengeloi le ile la bontša boikokobetso ha le ne le bua le Johanne (Sheba serapa sa 5)
6. Re ka etsisa boikokobetso ba mangeloi joang?
6 Re ka etsisa boikokobetso ba mangeloi joang? Joaloka mangeloi, ha re batle ho ithorisa ha re sebeletsa Jehova kapa ho leka ho amohela thoriso ka lebaka la lintho tseo re li finyellang. (1 Bakor. 4:7) Ho ekelletsa moo, ha rea lokela ho inka re phahametse ba bang hobane feela re sebelelitse Jehova ka nako e telele ho ba feta kapa re e-na le litokelo tse itseng. Ha e le hantle, ha re ntse re fuoa boikarabelo bo eketsehileng, ke hona ha re lokela ho nka ba bang ba re phahametse le ho feta. (Luka 9:48) Joaloka mangeloi, re batla ho sebeletsa batho ba bang. Ha re batle ho etsa hore ba ikutloe eka re ba bohlokoa ho ba feta.
7. Re ka bontša boikokobetso joang ha re lokela ho fana ka keletso kapa ho khalemela motho e mong?
7 Re ka boela ra bontša boikokobetso ha re lokela ho eletsa kapa ho khalemela Mokreste-’moho kapa ngoana. Ka linako tse ling, re lokela ho fana ka keletso re sa hlathe koana le koana. Empa joaloka lengeloi le ileng la khalemela Johanne ka mosa, re ka fa motho keletso re sa hlathe koana le koana empa re sa etse hore a ikutloe a le mosesaane. Haeba re nka ba bang ba re phahametse, re tla ba fa keletso e tsoang ka Bibeleng ka tsela e tla ba siela seriti le e bontšang hore re ba utloela bohloko.—Bakol. 4:6.
MANGELOI A RATA BATHO
8. (a) Ho ea ka Luka 15:10, mangeloi a bontša joang hore a rata batho? (b) Mangeloi a re thusa joang ha re ntse re bolela litaba tse monate? (Sheba setšoantšo.)
8 Mangeloi ha a iphapanyetse lintho tse etsahallang batho kapa hona ho nahana hore ha ba bohlokoa. Ha e le hantle, a rata batho. A thaba haholo ha moetsalibe a baka, e leng ha nku e lahlehileng e khutlela ho Jehova kapa ha motho a fetola litsela tsa hae ’me a sebeletsa Jehova. (Bala Luka 15:10.) Hape mangeloi a kenya letsoho mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso. (Tšen. 14:6) Le hoja mangeloi a sa bolelle batho litaba tse monate ka ho toba, a ka tataisetsa mohoeletsi ho motho ea batlang ho ithuta ka Jehova. Ke ’nete hore re ke ke ra tiisa hore mangeloi a ile a re tataisetsa ho motho ea itseng ka ho toba, etsoe Jehova o ntse a ka sebelisa mekhoa e meng e kang moea oa hae o halalelang, ho thusa batho ba batlang ho ithuta ka eena kapa ho re tataisetsa ho bona. (Lik. 16:6, 7) Ho ntse ho le joalo, o sebelisa mangeloi haholo. Kahoo, re ka kholiseha hore ha re ntse re bolela litaba tse monate, re sebetsa mahetla a bapile le mangeloi.—Sheba lebokose le reng “Lithapelo Tsa Bona li Ile Tsa Arajoa.”b
Banyalani ba qeta ho etsa bopaki ba phatlalatsa. Ha ba le tseleng e eang hae, morali oa bo rona o bona ausi ea bonahalang a hloname. Morali oa bo rona oa elelloa hore mangeloi a ka khona ho re tataisetsa ho batho ba batlang ho tseba ’nete. O ikutloa a susumelletseha ho bua le ausi eo e le hore a mo tšelise (Sheba serapa sa 8)
9. Re ka etsisa tsela eo mangeloi a ratang batho ka eona joang?
9 Re ka etsisa tsela eo mangeloi a ratang batho ka eona joang? Ha re utloa tsebiso ea hore motho o khutliselitsoe ka phuthehong, re ka etsisa mangeloi ka hore le rona re thabe. Re ka etsa sohle ho mo amohela le ho mo kholisa hore rea mo rata. (Luka 15:4-7; 2 Bakor. 2:6-8) Re ka boela ra etsisa mangeloi ka hore re etse sohle seo re ka se khonang mosebetsing oa boboleli. (Moek. 11:6) Feela joalokaha mangeloi a re tšehetsa ha re bolela litaba tse monate, le rona re ka batla litsela tsa ho tšehetsa bara le barali ba bo rona tšebeletsong ea bona. Ka mohlala, re ka rera ho sebetsa le motho eo e sa tsoa ba mohoeletsi kapa ra tšehetsa bara le barali ba bo rona ba holileng kapa ba kulang hore le bona ba khone ho bolela litaba tse monate.
10. Re ka ithuta eng phihlelong ea Sara?
10 Ho thoe’ng haeba maemo a sa re lumelle ho sebeletsa Jehova ka tsela eo re e batlang? Re ntse re ka fumana litsela tse ncha tsa ho sebetsa mahetla a bapile le mangeloi mosebetsing oa boboleli. Nahana ka phihlelo ea morali oa bo rona e mong oa India ea bitsoang Sara.c Ka mor’a hore e be pula-maliboho ka lilemo tse ka bang 20, o ile a kula hoo a neng a se a sa khone ho tloha betheng. Ho hlakile hore o ile a nyahama haholo. Empa qetellong Sara o ile a boela a thaba ka lebaka la tšehetso e tsoang ho Bakreste-’moho le eena le ho bala Bibele kamehla. Ke ’nete hore o ne a lokela ho batla litsela tse ncha tsa ho bolela litaba tse monate. Kaha o ne a se a sa khone ho lula fatše hore a ngole mangolo, tsela feela eo a neng a ka bolela litaba tse monate ka eona ke ka fono. Kahoo, o ile a founela lipoelo tsa hae, eaba le tsona li mo tsebisa ka batho ba bang ba neng ba ka thabela ho ithuta Bibele. Ke’ng se ileng sa etsahala ka mor’a moo? Ka likhoeli tse seng kae feela, Sara o ne a se a e-na le lithuto tse 70! Li ne li le ngata hoo a neng a sa khone ho li khanna kaofela. Kahoo, o ile a kopa ba bang ka phuthehong hore ba ithute le tse ling tsa liithuti tseo. Boholo ba liithuti tseo li se li ea libokeng. E tlameha ebe mangeloi a thaba haholo ho sebetsa mahetla a bapile le bara le barali ba bo rona ba etsang sohle seo ba ka se khonang mosebetsing oa boboleli joaloka Sara.
MANGELOI A NA LE MAMELLO
11. Mangeloi a tšepahalang a bontšitse joang hore a na le mamello e ikhethang?
11 Mangeloi a tšepahalang a beha mohlala o ikhethang oa ho mamella. E se e le lilemo tse likete a mamelletse ho hloka toka le bokhopo. A ile a bona ha Satane le mangeloi a mang a mangata a neng a sebeletsa le ’ona, a fetohela Jehova. (Gen. 3:1; 6:1, 2; Juda 6) Bibele e re bolella ka lengeloi le leng le ileng la thibelloa ka ho toba ke modemona ea matla. (Dan. 10:13) Ho ekelletsa moo, haesale mangeloi a bona e le batho ba fokolang feela ka palo ba khethang ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe seo, mangeloi ana a tšepahalang a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho a bile a thabile. Aa tseba hore ka nako e loketseng, Molimo o tla felisa ho hloka toka hohle ho teng.
12. Ke eng e ka re thusang ho mamella?
12 Re ka etsisa mamello ea mangeloi joang? Le rona joaloka mangeloi, re ka ’na ra bona lintho li etsoa ka ho hloka toka. Empa re kholisehile joaloka ’ona hore ka nako e loketseng, Molimo o tla felisa bokhopo bohle. Kahoo, le rona re ke ke ra “khathala ho etsa lintho tse ntle” joaloka mangeloi a tšepahalang. (Bagal. 6:9) Hape Molimo o re tšepisa hore o tla re thusa ho mamella. (1 Bakor. 10:13) Re ka kopa Jehova hore a re fe moea oa hae o tla re thusa ho mamella le ho thaba. (Bagal. 5:22; Bakol. 1:11) Ho thoe’ng haeba u hanyetsoa? Tšepa Jehova ka ho feletseng ’me u se ke oa tšoha. Jehova o tla lula a u thusa le ho u matlafatsa.—Baheb. 13:6.
MANGELOI A THUSA HORE PHUTHEHO E LULE E HLOEKILE
13. Ke mosebetsi ofe o khethehileng oo mangeloi a o fuoeng mehleng ee ea bofelo? (Matheu 13:47-49)
13 Mehleng ena ea bofelo, Jehova o file mangeloi mosebetsi o khethehileng. (Bala Matheu 13:47-49.) Lefatšeng lohle batho ba limilione ba thabela ho utloa litaba tse monate. Ba bang ba etsa liphetoho bophelong e le hore ba phele ka tsela e thabisang Jehova, ha ba bang bona ba sa itšoenye le ho itšoenya. Mangeloi a filoe mosebetsi oa ho “arola ba sa lokang ho ba lokileng.” Sena se bolela hore Molimo o a file mosebetsi oa ho boloka phutheho e hloekile. Sena ha se bolele hore motho leha e le ofe ea khaotsang ho ba karolo ea phutheho ka lebaka leha e le lefe, a ke ke a hlola a khutlela ka phuthehong ebile ha se bolele hore ho ke ke ha e-ba le mathata ka phuthehong. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore mangeloi a sebetsa ka thata ho boloka phutheho e hloekile.
14, 15. Re ka etsisa mangeloi joang ka hore le rona re amehe ka ho boloka phutheho e hloekile? (Sheba litšoantšo.)
14 Re ka etsisa mangeloi joang ka hore le rona re amehe ka ho boloka phutheho e hloekile? Re lokela ho sebetsa ka thata ho boloka setsoalle sa rona le Jehova se le matla. Re etsa sena ka ho khetha metsoalle e ratang Jehova le ho qoba eng kapa eng e ka senyang setsoalle sa rona le eena. Ha re etsa joalo, re tla be re thusa hore phutheho e lule e hloekile. (Pes. 101:3) Re ka boela ra thusa Bakreste-’moho le rona hore ba lule ba tšepahalla Jehova. Ka mohlala, re lokela ho etsa’ng haeba re tseba hore Mokreste-’moho le rona o entse sebe se tebileng? Ka hobane rea mo rata, re tla mo phehella hore a bolelle baholo ka taba eo. Haeba a sa ba bolelle, re tla lokela ho tsebisa baholo se etsahetseng. Re batla hore Mokreste-’moho le rona ea sentseng kamano ea hae le Jehova a thusoe kapele kamoo ho ka khonehang.—Jak. 5:14, 15.
15 Ka masoabi, ba bang ba entseng libe tse tebileng ba lokela ho tlosoa ka phuthehong. Maemong a joalo, re lokela ho ‘khaotsa ho itsoakanya’ le bona.d (1 Bakor. 5:9-13) Tokisetso ena e thusa phutheho hore e lule e hloekile. Ho feta moo, haeba re khetha ho se itsoakanye le batho ba tlositsoeng ka phuthehong, ha e le hantle re ba bontša mosa. Ho ema re tiile tabeng ena ho ka ba susumelletsa hore ba inahane hantle. Ha ba etsa joalo, re thaba hammoho le Jehova le mangeloi.—Luka 15:7.
Re lokela ho etsa’ng haeba re tseba hore Mokreste-’moho le rona o entse sebe se tebileng? (Sheba serapa sa 14)e
16. Ke ka litsela life re ka loanelang ho etsisa mangeloi?
16 Ke tokelo e kaakang hore ebe Jehova o re lumelletse ho ithuta ka mangeloi le ho sebetsa mahetla a bapile le ’ona! A re etsiseng makhabane a ’ona e leng ho ikokobetsa, ho rata batho, ho mamella le ho ameha ka ho boloka phutheho e hloekile. Haeba re etsisa mangeloi a tšepahalang, le rona re ka ba karolo ea lelapa la Jehova ka ho sa feleng.
PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo
a Ho mangeloi a limilione tse makholo, ke a mabeli feela a boletsoeng ka mabitso ka Bibeleng e leng Mikaele le Gabriele.—Dan. 12:1; Luka 1:19.
b Shebella video ea Tlaleho ea Pele ea 2021 ea Sehlopha se Busang ho jw.org/st e le hore u utloe liphihlelo tse ling.
c Lebitso le fetotsoe.
d Joalokaha ho hlalositsoe Tlalehong ea Bobeli ea 2024 ea Sehlopha se Busang, haeba motho ea tlositsoeng ka phuthehong a tla libokeng, mohoeletsi a ka sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ho etsa qeto ea hore na o tla lumelisa motho eo ka bokhutšoanyane ’me a mo amohele.
e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona o phehella motsoalle oa hae hore a e’o bua le baholo. Ha ho se ho fetile nako e itseng motsoalle oa hae a sa bua le baholo, morali oa bo rona o bolella baholo ka sebe seo motsoalle oa hae a se entseng.