SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 42
PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng
U ka Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao Joang?
“Nkarabe hle Jehova hobane ke u bitsa ka pelo ea ka eohle.”—PES. 119:145.
NTLHA-KHOLO
Ho nahanisisa ka lithapelo tse tlalehiloeng ka Bibeleng ho ka re thusa hore re ntlafatse lithapelo tsa rona.
1, 2. (a) Ke eng e ka re sitisang hore re phetlele Jehova sefuba ha re rapela? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a mamela lithapelo tsa rona ka hloko?
NA KA linako tse ling ha u rapela, u ee u utloe eka u pheta-pheta lintho tse tšoanang, ha u bolelle Jehova tsela eo u hlileng u ikutloang ka eona kapa u se u rapela e le hona ho phetha molao? Haeba ho joalo, ha u mong. Kaha re phathahane bophelong, ha u rapela u ka etsa hlahla-fethe mosebetsi ha o etsetsoe makhethe. Kapa re ka ’na ra thatafalloa ke ho phetlela Jehova sefuba hobane re utloa re sa tšoanelehe ho mo rapela.
2 Bibele ea re tiisetsa hore ntho ea bohlokoa ho Jehova ke ho mo rapela ho tsoa pelong re ikokobelitse, eseng ho ba likheleke. O utloa “likopo tsa ba bonolo.” (Pes. 10:17) O mamela ka hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e buang hobane o re tsotella e le kannete.—Pes. 139:1-3.
3. Re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see?
3 Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba ho rapela Jehova? Re ka etsa’ng e le hore lithapelo tsa rona li be matla? Ho nahanisisa ka lithapelo tse tlalehiloeng ka Bibeleng ho ka re thusa joang hore re ntlafatse lithapelo tsa rona? Re ka etsa’ng haeba re tšoenyehile hoo re sa tsebeng hore na re ka re’ng ha re rapela? A re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena.
U SE KE OA TŠABA HO RAPELA JEHOVA
4. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra tšaba ho rapela Jehova? (Pesaleme ea 119:145)
4 Ha re utloisisa hore Jehova ke motsoalle ea tšepahalang ea batlang hore re atlehe, re tla hlokomela hore ha rea lokela ho tšaba ho mo rapela. Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a leka ho nka Jehova ka tsela e tšoanang. Ha se hore bophelo ba hae bo ne bo se na mathata. Batho ba bang ba ile ba bua mashano ka eena. (Pes. 119:23, 69, 78) O ne a boetse a lokela ho sebetsana le ho se phethahale ha hae. (Pes. 119:5) Ho ntse ho le joalo, o ne a sa tšabe ho phetlela Jehova sefuba.—Bala Pesaleme ea 119:145.
5. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella letho hore le re sitise ho rapela? Etsa mohlala.
5 Jehova o batla hore batho ba entseng liphoso tse tebileng le bona ba mo rapele. (Esa. 55:6, 7) Kahoo, ha rea lokela ho lumella letho hore le re sitise ho rapela. Ka mohlala, motsamaisi oa sefofane oa tseba hore a ka buisana le batho ba laolang sephethephethe moeeng haeba a hloka thuso. Na o lokela ho ba leqe ho buisana le bona hobane feela a soabela taba ea hore o lahlehile kapa o entse phoso? Ha ho joalo! Ka tsela e tšoanang, le haeba ka linako tse ling re entse sebe kapa re ikutloa re lahlehile, ha rea lokela ho tšaba ho rapela Jehova.—Pes. 119:25, 176.
U KA ETSA’NG E LE HORE LITHAPELO TSA HAO LI BE MATLA?
6, 7. Ho nahanisisa ka makhabane a Jehova ho ka re thusa joang e le hore lithapelo tsa rona li be matla? Fana ka mohlala. (Sheba naletsana.)
6 Ha re bua le Jehova ka bolokolohi, re mo bolella menahano ea rona le tsela eo re hlileng re ikutloang ka eona, lithapelo tsa rona li tla ba matla. Kahoo, ke eng e ka re thusang hore re ntlafatse lithapelo tsa rona e le hore li be matla?
7 Nahanisisa ka makhabane a Jehova.a Ha u nahanisisa ka makhabane a Jehova, u tla khona ho mo bolella tsela eo u ikutloang ka eona habonolo. (Pes. 145:8, 9, 18) Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Kristine, eo ntate oa hae a neng a rata ntoa. O re: “Ho bua le Jehova joaloka Ntate ho ne ho se bonolo. Ke ne ke utloa eka mefokolo ea ka e tla etsa hore a ntahle.” O ile a thusoa ke’ng? O re: “Lerato le tšepahalang la Jehova le ile la nkholisa hore oa nthata. Kea tseba hore a ke ke a ntahla, o tla lula a ntšoere ka letsoho. Leha nka oa, o tla mphahamisa ka lerato. Sena se nthusa hore ke mo bolelle lintho tse nthabisang le tse nkutloisang bohloko.”
8, 9. Re rua melemo efe ha re nahana ka lintho tseo re batlang ho li bolella Jehova pele re rapela? Etsa mohlala.
8 Nahana ka seo u tl’o se bua. Pele u rapela, u ka ’na oa ipotsa lipotso tse ’maloa. Ka mohlala: ‘Ke mathata afe ka ho khetheha ao ke tobaneng le ’ona hona joale? Na ho na le motho eo ke lokelang ho mo tšoarela? Na ke tobane le bothata bo bocha boo ke hlokang thuso ea Jehova e le hore ke bo hlole?’ (2 Mar. 19:15-19) Re ka boela ra latela mohlala oo Jesu a re behetseng oona ka ho nahana ka hore na re ka re’ng ha re rapela Jehova mabapi le lebitso la hae, ’Muso oa hae le thato ea hae.—Mat. 6:9, 10.
9 Ha Morali oa bo rona Aliska a utloa hore monna oa hae o na le kankere ea boko e sa phekoleheng, ho ne ho se bonolo hore a rapele. O re: “Ke ne ke tšoenyehile hoo ke neng ke sitoa ho nahana hore na ke tl’o re’ng ha ke rapela.” O ile a thusoa ke eng? O re: “Pele ke rapela, ke nahana ka hore na ke tl’o re’ng ho Jehova e le hore ke se ke ka rapella ’na le monna oa ka feela. Ho etsa joalo, ho nthusitse hore ke khobe matšoafo le hore ke khone ho rapella lintho tse fapaneng.”
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho rapela re sa tata? (Sheba litšoantšo.)
10 U se ke oa rapela u tatile. Le hoja lithapelo tse khutšoanyane li ka ba matla, re khona ho hlalosa tsela eo re ikutloang ka eona hantle ha re rapela re sa tata.b Monna oa Morali oa bo rona Aliska, e leng Elijah, o re: “Ke leka ho rapela ka makhetlo a mangata ka letsatsi, ’me ho rapela ke sa tata ho entse hore ke atamele haufi le Jehova. Ha ke rapela, Jehova ha a ipotse hore na ke tla qeta neng, kahoo ke rapela ke iketlile.” Leka sena: Batla sebaka le nako e ka u lumellang hore u rapele mohlomong ka lentsoe le phahameng ho se na lintho tse u sitisang, ’me u itloaetse ho rapela u sa tata.
Batla sebaka le nako e tla u lumella hore u rapele u sa tata (Sheba serapa sa 10)
NAHANISISA KA LITHAPELO TSE TLALEHILOENG KA BIBELENG
11. Ho nahanisisa ka lithapelo tse tlalehiloeng ka Bibeleng ho ka re thusa joang? (Sheba lebokose le reng “Na u Ikutloa ka Tsela e Tšoanang le ea Bona?”)
11 Ho nahanisisa ka lithapelo, lipina kapa lipesaleme tse tlalehiloeng ka Bibeleng ho ka u thusa. Ha u ntse u nahana ka kamoo bahlanka ba Molimo ba ileng ba hlalosa tsela eo ba ikutloang ka eona kateng, u ka ’na oa susumelletseha hore u phetlele Jehova sefuba ha u rapela. U ka boela oa fumana lipoleloana tse ncha tsa thoriso tseo u ka li sebelisang ha u rapela. Hape u ka ’na ua fumana lithapelo tseo bahlanka ba Jehova ba ileng ba li etsa ha ba tobane le maemo a tšoanang le a hao.
12. Re ka ipotsa lipotso life ha re ntse re nahanisisa ka lintlha tsa thapelo e tlalehiloeng ka Bibeleng?
12 Ha u ntse u nahanisisa ka lintlha tsa thapelo e tlalehiloeng ka Bibeleng, ipotse: ‘Ke mang ea buileng mantsoe aa, hona o a buile a le maemong afe? Na ke ikutloa ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona ha a etsa thapelo ee? Nka ithuta eng thapelong ee?’ U ka ’na oa lokela ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng e le hore u fumane likarabo tsa lipotso tsena, empa tseba hore boiteko ba hao ha se ba lefeela. A re hlahlobeng mehlala e latelang.
13. Re ka ithuta eng ka thapelo mohlaleng oa Anna? (1 Samuele 1:10, 11) (Sheba setšoantšo.)
13 Bala 1 Samuele 1:10, 11. Ha Anna a ne a etsa thapelo ena, o ne a tobane le mathata a mabeli a maholo. O ne a sa khone ho ba le bana, hape mosali e mong oa monna oa hae o ne a mo sulafalletsa bophelo. (1 Sam. 1:4-7) Haeba u tobane le bothata bo sa eeng moriting, u ka ithuta eng thapelong ea Anna? O ile a imoloha ka mor’a hore a rapele Jehova a iketlile a bile a mo phetlela sefuba. (1 Sam. 1:12, 18) Le rona re ka imoloha ha re “lahlela moroalo oa [rona] ho Jehova” ka hore re mo hlalosetse hore na re ikutloa joang ka bothata bo bong le bo bong boo re tobanang le bona.—Pes. 55:22.
Ha Anna a ne a sa khone ho ba le bana le ha mosali e mong oa monna oa hae a lula a mo sulafalletsa bophelo, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova (Sheba serapa sa 13)
14. (a) Re ka ithuta eng hape mohlaleng oa Anna? (b) Ho bala le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ho ka re thusa ho ntlafatsa lithapelo tsa rona joang? (Sheba naletsana.)
14 Lilemo tse seng kae ka mor’a hore mora oa Anna e leng Samuele a hlahe, o ile a mo tlisa ho Moprista ea Phahameng Eli. (1 Sam. 1:24-28) Ha a rapela, o ile a bolella Jehova hore o ananela tsela eo a sireletsang le ho hlokomela bahlanka ba hae ba tšepahalang ka eona.c (1 Sam. 2:1, 8, 9) Anna o ne a ntse a e-na le mathata, empa ho e-na le hore a nahane ka mathata a hae feela, o ile a nahana ka tsela eo Jehova a mo hlohonolofalitseng ka eona. Re ithuta’ng? Re tla khona ho mamella mathata a sa eeng moriting haeba re nahana ka kamoo Jehova esale a re tšehetsa kateng ho fihlela hona joale.
15. Re ka ithuta eng thapelong ea moprofeta Jeremia ha re tšoaroa ka ho hloka toka? (Jeremia 12:1)
15 Bala Jeremia 12:1. Ho na le nako eo moprofeta Jeremia a neng a tšoenyeha ha a bona batho ba khopo ba atleha. O ne a boetse a nyahamisoa ke tsela eo Baiseraele-’moho le eena ba neng ba mo tšoara ka eona. (Jer. 20:7, 8) Re ikutloa ka tsela eo a neng a ikutloa ka eona ha re bona batho ba sa tšepahaleng ba atleha kapa ha re songoa. Le hoja Jeremia a ile a bolella Molimo tsela eo a ikutloang ka eona, ha aa ka a belaella toka ea Molimo. Ha a bona tsela eo Jehova a ileng a khalemela batho ba hae ba sa mameleng ka eona, o ile a kholiseha le ho feta hore Jehova ke Molimo ea nang le toka. (Jer. 32:19) Le rona re ka bolella Jehova maikutlo a rona ha re rapela, re tšepile hore ka nako e loketseng o tla lokisa ho hloka toka hoo re tobanang le hona.
16. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Molevi ea neng a le botlamuoeng haeba maemo a rona a sa re lumelle ho etsa lintho tse itseng? (Pesaleme ea 42:1-4) (Sheba litšoantšo.)
16 Bala Pesaleme ea 42:1-4. Pina ena e ngotsoe ke Molevi ea neng a le botlamuoeng a sa khone ho ea tempeleng ho e’o rapela le Baiseraele-’moho le eena. Pesaleme ena ea hae e bontša tsela eo a neng a ikutloa ka eona. Re ka khona ho utloisisa tsela eo a neng a ikutloa ka eona haeba le rona re sa khone ho tloha hae hobane re kula kapa re tšoeroe ka lebaka la tumelo ea rona. Maikutlo a rona a ka feto-fetoha, empa re tla be re etsa hantle haeba re bolella Jehova tsela eo re ikutloang ka eona. Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re utloisise haholoanyane hore na re ikutloa joang le hore re khone ho sheba boemo ba rona ka tsela e fapaneng. Ka mohlala, Molevi o ile a hlokomela hore o na le litsela tse ling tseo a ka rorisang Jehova ka tsona. (Pes. 42:5) O ile a boela a nahanisisa ka kamoo Jehova a mo hlokomelang kateng. (Pes. 42:8) Ho rapela Molimo ka tieo ho ka re thusa hore re utloisise haholoanyane hore na ke hobane’ng ha re ikutloa ka tsela eo re ikutloang ka eona, ha etsa hore re be le khotso ha ba ha re matlafatsa e le hore re ka mamella.
Molevi ea ngotseng Pesaleme ea 42 o ile a tšollela pelo ea hae ho Molimo. Ha re bolella Jehova kamoo re ikutloang kateng, seo se tla re thusa hore re shebe maemo a rona ka tsela e fapaneng (Sheba serapa sa 16)
17. (a) Re ka ithuta eng thapelong ea moprofeta Jonase? (Jonase 2:1, 2) (b) Lipolelo tse ling tse hlahang Lipesalemeng li ka re thusa joang ha re e-na le mathata? (Sheba naletsana.)
17 Bala Jonase 2:1, 2. Moprofeta Jonase o ile a etsa thapelo ena a le ka mpeng ea tlhapi e kholo. Le hoja a ne a sa ka a mamela Jehova, Jonase o ne a kholisehile hore Molimo o tla mo utloa. Thapelong ea hae e matla, o ile a sebelisa lipolelo tse ngata tse hlahang Lipesalemeng.d E tlameha ebe o ne a tseba lipesaleme tseo hantle. Ho nahanisisa ka tsona, ho ile ha etsa hore a kholisehe hore Jehova o tla mo thusa. Ka ho tšoanang, haeba re leka ho tšoara litemana tse ling tsa Bibele ka hlooho, re ka li hopola ’me tsa re khothatsa nakong eo re rapelang Jehova ha re e-na le mathata.
LULA U ATAMELA HAUFI LE JEHOVA KA THAPELO
18, 19. Haeba re sa tsebe hore na re re’ng ha re rapela, ke kholiseho efe eo re e fumanang ho Baroma 8:26, 27? Fana ka mohlala.
18 Bala Baroma 8:26, 27. Ka linako tse ling, re ka ’na ra tšoenyeha hoo re sa tsebeng hore na re re’ng ha re rapela. Empa moea o halalelang o ka re thusa. Ka linako tse joalo, moea o halalelang “oa re buella.” Joang? Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ho susumetsa bangoli ba Bibele hore ba ngole lithapelo tse ngata ka Lentsoeng la hae. Ha re sa tsebe hore na re re’ng ha re rapela, Jehova a ka amohela lipoleloana tse ling tse hlahang lithapelong tseo e le lintho tseo re batlang ho mo kopa tsona, ebe oa li araba.
19 Taba ena e ile ea thusa Morali oa bo rona Yelena oa Russia. O ile a tšoaroa hobane a ne a rapela le ho bala Bibele. O ne a imetsoe hoo a neng a sitoa le ho rapela. O re: “Ke ile ka hopola hore ha ke tšoenyehile hoo ke sa tsebeng hore na ke rapelle eng, Jehova o tla amohela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba khale tse tlalehiloeng ka Bibeleng . . . joalokaha eka ke lithapelo tseo ke neng ke batla ho li etsa. . . . Sena se ile sa nkhothatsa nakong eo e thata haholo.”
20. Re ka lokisa likelello tsa rona joang pele re rapela ha re imetsoe?
20 Ha re imetsoe, ho ka ba thata hore re tsepamise mohopolo ha re rapela. Re ka lokisa likelello tsa rona ka hore re mamele Lipesaleme tse rekotiloeng. Re ka boela ra ngola tsela eo re ikutloang ka eona fatše joalokaha Morena Davida a ile a etsa. (Pes. 18, 34, 142; sehloohoana.) Ke ’nete hore ha ho na melao ea hore na re lokela ho lokisa likelello tsa rona joang pele re rapela. (Pes. 141:2) Etsa se u sebeletsang.
21. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka pelo eohle?
21 Hoa thabisa ho tseba hore Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona le pele re mo bolella. (Pes. 139:4) Leha ho le joalo, o thabela ho utloa hore na re ikutloa joang le ho bona hore na re mo tšepa hakae. Kahoo, u se ke oa tsilatsila ho rapela Ntate oa hao ea leholimong. Sebelisa lipolelo tse hlahang lithapelong tse tlalehiloeng ka Lentsoeng la hae. Mo rapele ka pelo ea hao eohle. Mo bolelle lintho tse u thabisang le tse u utloisang bohloko. Jehova o tla lula a e-na le uena joaloka Motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo!
PINA EA 45 Lintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona
a Sheba “Litsela tse ling tseo Jehova a hlalosoang ka tsona” tlas’a sehlooho “Jehova” bukeng ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
b Hangata lithapelo tse etsoang libokeng li khutšoanyane.
c Ha Anna a ntse a rapela, o ile a sebelisa lipolelo tse hlahang mangolong a Moshe. Ho hlakile hore o ne a ipha nako ea ho nahanisisa ka mangolo. (Deut. 4:35; 8:18; 32:4, 39; 1 Sam. 2:2, 6, 7) Lilemo hamorao, Maria ’mè oa Jesu, o ile a rorisa Jehova a sebelisa mantsoe a tšoanang le ao Anna a ileng a a sebelisa.—Luka 1:46-55.
d Ka mohlala, bapisa Jonase 2:3-9 le Pesaleme ea 69:1; 16:10; 30:3; 142:2, 3; 143:4, 5; 18:6; le 3:8. Jonase o ile a sebelisa mantsoe a hlahang litemaneng tsena ka tatellano ea tsona.