Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwhf sehlooho 37
  • Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong
  • Se ka Thusang Lelapa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho sebelisa joala hampe ho baka mathata lenyalong
  • Na u lekhoba la joala?
  • U se ke oa hana hore u na le bothata ba ho noa
  • Seo u ka se etsang
  • Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele
    Tsoha!—2005
  • Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng
    Se ka Thusang Lelapa
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Se ka Thusang Lelapa
ijwhf sehlooho 37
Lireng tse peli tsa lenyalo le libotlolo tsa joala tse sa tšoaneng tafoleng.

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong

Na molekane oa hao o kile a u bolella hore o tšoenngoa ke tsela eo u noang ka eona? Haeba ho joalo, ho na le lintho tseo u lokelang ho nahana ka tsona.

Sehloohong sena

  • Ho sebelisa joala hampe ho baka mathata lenyalong

  • Na u lekhoba la joala?

  • U se ke oa hana hore u na le bothata ba ho noa

  • Seo u ka se etsang

Ho sebelisa joala hampe ho baka mathata lenyalong

Ho sebelisa joala hampe ho ka baka maloetse a mangata, a akarelletsang lefu la pelo, ho thatafala ha sebete le kankere. Ho sebelisa joala hampe ha ho bake maloetse feela, empa hape ho ka baka mathata lenyalong a kang, tlhekefetso ea ka malapeng, mathata a lichelete, ho se tšepahalle molekane e mong le tlhalo.

Bibele e re ha joala bo sebelisoa hampe, bo ka “loma joaloka noha, [ba] ntša chefo joaloka marabe.” (Liproverbia 23:32) U ka tseba joang haeba u le lekhoba la joala?

Na u lekhoba la joala?

Lipotso tse latelang li ka u thusa ho bona hore na u lekhoba:

  • Na u thatafalloa ho laola tsela eo u noang ka eona?

  • Na u lula u nahana hore na u tla noa neng hape?

  • Na u tsoela pele ho noa le hoja ho u bakela mathata bophelong le lenyalong la hao?

  • Na ha u ikutloe hantle ha u leka ho khaotsa?

  • Na ho noa ho etsa hore le ngangisane le molekane oa hao?

  • Na u se u noa joala bo bongata ho feta boo u neng u bo noa qalong?

  • Na oa ikutsoa ha u noa joala kapa oa bo pata ha u le mosebetsing kapa hae?

Haeba u arabile tse ling tsa lipotso tsena ka e, e ka ’na eaba u se u le lekhoba la joala. E ka ’na eaba u na le bothata ba ho sebelisa joala hampe.

U se ke oa hana hore u na le bothata ba ho noa

Na molekane oa hao o kile a u bolella hore u tšoenngoa ke tsela eo u noang ka eona? Haeba ho joalo, mohlomong u kile oa leka ho ikemela kapa oa nyenyefatsa boitšoaro ba hao. Mohlomong u ile oa beha ba bang molato, ho akarelletsa le molekane oa hao ka ho bua mantsoe a kang:

  • “Haeba u ne u ntšoara hantle, ke ne ke sa tl’o noa.”

  • “Haeba mosebetsi oa hao o ne o u tšoenya joaloka oa ka, u ne u tla noa le uena.”

  • “Ke tseba batho ba bangata ba noang ho mpheta.”

Haeba u bua mantsoe a kang ao, u tla be u nka takatso ea hao ea ho noa e le ea bohlokoa ho feta hore u thabe lenyalong. Ke eng eo e leng ea bohlokoa haholo?

Molao-motheo oa Bibele: “Monna ea nyetseng o amehile . . . ka [ho] batla ho thabisa mosali oa hae.”—1 Bakorinthe 7:33.

Litšoantšo: Litšoantšo tse sa tšoaneng tsa monna ea nang le bothata ba ho noa joala ea buang le mosali oa hae. 1. Monna o lutse ka mora lebota le le telele o tšoere botlolo ea joala e sa tšelang. Ho na le libotlolo tse ling tse peli fatše. Mosali oa hae o eme ka lehlakoreng le leng la lebota o tšoenyehile ha a khone ho mo bona. 2. Monna o shebile mosali oa hae fensetereng e leboteng ’me o mametse lintho tse mo tšoenyang.

Ho hana hore u na le bothata ba ho noa, ho ka tšoana le lebota le u sitisang. Kahoo, le nkele sebaka ka fensetere e u thusang ho bona hantle lintho tse tšoenyang molekane oa hao

Seo u ka se etsang

  • Nka maikutlo a molekane oa hao e le a bohlokoa. Le haeba molekane oa hao a tšoenyeha ho tlola ka taba ena, mohlomong u ka ’na oa etsa liphetoho tse itseng. Haeba u sa khone ho etsa liphetoho ka ho noa le hoja seo se tšoenya molekane oa hao, sena se ka bontša hore u na le bothata ba ho noa.

    Molao-motheo oa Bibele: “Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.

  • Ithute haholoanyane ka joala. E le hore lesole le hlole ntoa, le tlameha ho ithuta maqiti a ba lireng. Ka ho tšoanang, e le hore u hlole bothata ba hao, u lokela ho ithuta haholoanyane ka joala le hore na bo chehela batho leraba joang. U lokela ho ithuta le litsela tse ling tse ka u thusang hore u qobe ho ba lekhoba la joala le hore u se ke oa boela oa noa hape le nakong e tlang.

    Molao-motheo oa Bibele: “Ke kopa hore le qobe ho khotsofatsa litakatso tsa lona tse fosahetseng tse le loantšang.”—1 Petrose 2:11.

  • Fumana thuso. Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo le lipetlele tse ka fanang ka thuso, hammoho le mananeo a thusang batho hore ba tlohele joala. U ka boela oa kopa motsoalle ea behang mohlala o motle ho u thusa hore na ke hobane’ng ha u le lekhoba la joala. Mo kope thuso ha u utloa hore u lekeha hore u qalelle ho noa hape.

    Monna o lutse sofeng ’me o bua le setsebi sa tsa bophelo bo botle.

    Nahana ka ho batla thuso ea litsebi tsa bophelo bo botle

    Molao-motheo oa Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Ho sebelisa joala hampe ha se bothata bo ka lokisoang habonolo feela ka hore u bale sehlooho se sekhutšoanyane kapa u re feela, “ke tla leka ho noa hanyane.” U lokela ho hlokomela hore seo u se etsang ha se ame bophelo ba hao feela, se ama le lenyalo la hao.

Ho fumana lintlha tse eketsehileng: Bala lihlooho tse latelang, ho utloa hore na ba bang ba khonne joang ho hlola bothata ba ho sebelisa joala hampe.

“I Am No Longer a Cruel Man”

“I No Longer Feel Ashamed of Myself”

“Ke ne ke Lula Seterateng”

U ka boela oa shebella le video e reng: ‘Ke Ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela