Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 105
  • Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tseba lintho tse u tšosang
  • Seo u ka se etsang
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho ba Botsoalle Haholoanyane?
    Tsoha!—1999
  • Nka ba ea Botsoalle Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—1999
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Ntlafatsa Mokhoa oa ho Qoqa Joang?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 105
Ngoanana o lutse a le mong ’mokeng, ha a qoqe le batho ba bang.

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?

Ntho e bohloko ke hore: Lihlong li ka u sitisa ho ba le metsoalle e molemo le ho etsa lintho tse u thabisang.

Ntho e thabisang ke hore: Ha se kamehla ho ba lihlong e leng ntho e mpe. Ho ka u thusa hore u nahane pele u bua, u shebe le ho mamela ka hloko.

Ntho e ’ngoe e thabisang ke hore: Lihlong li ka fela, u ka khona ho sebetsana le tsona e le hore li se ke tsa ama bophelo ba hao hampe. Sehlooho sena se tl’o bontša hore na u ka etsa seo joang.

  • Tseba lintho tse u tšosang

  • Seo u ka se etsang

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Tseba lintho tse u tšosang

Lihlong li ka etsa hore u tšabe ho buisana le batho le shebane mahlong. Ka lebaka leo, u ka ’na oa utloa eka u hole le batho ba bang joalokaha eka u koalletsoe u le mong ka kamoreng e lefifi. Eo ke ntho e tšosang. Empa ha u tseba lintho tse u tšosang, u tla bona hore u tšohile moru o se nang nkoe. Nahana ka mehlala ena e meraro.

  • Ntho ea pele e ka u tšosang: “Ha ke tsebe hore na ke bue ka eng.”

    ’Nete: Batho ba hopola tsela eo u ileng oa etsa hore ba ikutloe ka eona ho feta lintho tseo u ileng oa li bua. U ka hlola ho tšoha ka hore u be motho ea mamelang le ea bontšang thahasello ho lintho tseo batho ba bang ba li buang.

    Seo u ka nahanang ka sona: Na u ka rata ho ba le motsoalle ea batlang hore e be eena feela ea lulang a bua kapa ea u mamelang ka hloko?

  • Ntho ea bobeli e ka u tšosang: “Batho ba ka ’na ba nahana hore kea bora.”

    ’Nete: Batho ba tla lula ba e-na le seo ba ka se buang ka uena ho sa tsotellehe hore na u lihlong kapa che. U ka hlola ho tšoha ka hore u phutholohe, e le hore batho ba ka u tseba hamolemo.

    Seo u ka nahanang ka sona: Haeba u nahana hore batho bohle baa u ahlola, na mohlomong e ka ba ke uena ea ba ahlolang ka ho nahana hore ha ba u rate?

  • Ntho ea boraro e ka u tšosang: “Ke tla soaba haeba nka bua ntho e fosahetseng.”

    ’Nete: Seo se ka etsahalla motho e mong le e mong. U ka hlola tšabo ea hao ka hore u nke liphoso e le tsela ea ho bontša ba bang hore ha u nke hore uena ha u etse liphoso.

    Seo u ka nahanang ka sona: Na ha u thabele ho ba har’a batho ba lumelang hore le bona ba etsa liphoso?

Na u ne u tseba? Batho ba bang ba nahana hore ha ba lihlong hobane ba lula ba romela melaetsa ka fono. Empa ho bonolo ho etsa setsoalle sa ’nete haeba u bua le batho le shebane mahlong. Sherry Turkle eo e leng setsebi sa mafu a kelello le theknoloji o re: “Re khona ho ba metsoalle ea batho ba bang haeba re khona ho ba bona le ho utloa mantsoe a bona.”a

Ngoanana eo o se a qoqa le banyalani ba bang hona ’mokeng.

Ha u se u khona ho sebetsana le lintho tse u tšosang, u tla hlokomela hore ho bua le batho le shebane mahlong ha ho sa tšosa joaloka pele

Seo u ka se etsang

  • Qoba ho ipapisa le ba bang. Ha ho hlokahale hore u be motho ea buang haholo. Leha ho le joalo, u ka ipehela pakane ea hore lihlong li se ke tsa u sitisa ho ba le metsoalle e molemo le ho etsa lintho tse u thabisang.

    “Moqoqo ha oa lokela ho ba molelele haholo ebile ha ho bolele hore u lokela ho lula u o etella pele. U ka itsebisa motho eo u qalang ho kopana le eena ’me oa mo botsa lipotso tse ’maloa tse bonolo.”—Alicia.

    Molao-motheo oa Bibele: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

  • Sheba batho. Sheba batho ba khonang ho etsa metsoalle habonolo hore na ba bua le batho ba bang joang. Ke eng e ba sebeletsang? Ke eng e sa ba sebeletseng? Ke mekhoa efe e metle ea bona eo u ka e etsisang?

    “Sheba u be u ithute ho batho ba khonang ho etsa metsoalle habonolo. Sheba hore na ba etsa’ng ebile ba re’ng ha ba kopana le motho ka lekhetlo la pele.”—Aaron.

    Molao-motheo oa Bibele: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho o leotsa motsoalle oa hae.”—Liproverbia 27:17.

  • Botsa lipotso. Hangata batho ba rata ho ntša maikutlo a bona ka lintho tse itseng. Kahoo, ho ba botsa lipotso ke tsela e ntle ea ho qalisa moqoqo le bona. Hape ho etsa hore ho se ke ha lebisoa tlhokomelo haholo ho uena.

    “Ho itokisa esale pele ho ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo. E le ho fokotsa khatello, nahana ka lintho tseo u tla bua ka tsona kapa lipotso tseo u tla li botsa batho bao u tla kopana le bona ka lekhetlo la pele.”—Alana.

    Molao-motheo oa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.”—Bafilipi 2:4.

a Ho tsoa bukeng ea Reclaiming Conversation.

Seo bacha ba bang ba se buang

Kelsey.

“Qala ka lintho tse nyenyane joaloka ho bososela le ho lumelisa. U tla makala ha u bona kamoo batho ba bang ba arabelang kateng. Seo se tla u fa sebete sa hore nakong e tlang u bue le motho e mong.”—Kelsey.

Robin.

“Motho e mong le e mong o na le lintho tse ikhethang ka eena hape ho na le lintho tsa bohlokoa tseo a ka li arolelanang le ba bang. Ha u sa ntše maikutlo a hao, batho ba bang ba ke ke ba tseba makhabane a matle ao u nang le ’ona.”—Robin.

Veronica.

“Haeba u etsa hore batho ba phutholohe ha ba e-na le uena, ba tla u rata le haeba u le lihlong. Hape ho bososela ho a thusa. E le hore u be motho ea ratehang, u lokela ho sheba lintho tse ntle ho batho ba bang.”—Veronica.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela