Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho ba Botsoalle Haholoanyane?
“Ho ba lihlong ho katla matla. Ke tšabo e tepelletsang eo u lokelang ho loantšana le eona. E hlile ke ea sebele.”—Richard.a
“Ke ne ke e-na le bothata ba sebele ba ho ba lihlong ha ke ntse ke hōla. Ho ne ho tšoana leha eka ke iphelela khocheletsaneng ea ka ke le mong.”—Elizabeth ea lilemo li 18.
‘NA HO na le ho hong ho phoso ka ’na? Ke hobane’ng ha ke sa khone ho ba botsoalle haholoanyane?’ Na ka linako tse ling u ee u ipotse lipotso tsee? Ho tšoana le Richard, ea qotsitsoeng ka holimo, u ka ’na ua ikutloa u ferekane kapa u tšoenyehile ha u qala ho kopana le motho e mong. U ka ’na ua apareloa ke tšabo ha u le har’a batho ba itseng ba boholong. Kapa u ka ’na ua tšoenyeha haholo ka seo ba bang ba se nahanang ka uena hoo ha u fuoa monyetla oa ho hlalosa maikutlo a hao kapa likhopolo tsa hao, u ka thōlang. Tracey e mocha oa lumela: “Ke fumana ho hlile ho nthatafalla ho ea buisana le batho bao ke sa ba tsebeng hantle.”
Ha e le hantle, ke eng e susumetsang maikutlo ao? Ho utloisisa bothata e ka ba mohato oa pele oa ho bo hlōla. (Liproverbia 1:5) Mosali e mong o ile a re: “Ke ne ke sa tsebe hore na ke hobane’ng ha ke ikutloa ke sa phutholoha ha ke le har’a batho. Empa hona joale kaha ke se ke hlokometse hore na bothata ba ka ke eng, ke khona ho loantšana le bona.” Kahoo, a re ke re hlahlobeng mabaka a seng makae a etsang hore bacha ba bang ba fumane ho le thata ho ba botsoalle.
Bothata ba ho ba Lihlong
Mohlomong ho ba lihlong ke lona lebaka le tloaelehileng haholo. Le hoja mocha ea botsoalle a atisa ho thabela botsoalle le batho ba fapa-fapaneng, mocha ea lihlong, ea ikhulang ho batho a ka jeoa ke bolutu hape a ikutloa e le mokhelo ho ba bang. Elizabeth ea lilemo li 18 o re: “Ke ne ke e-na le bothata ba sebele ba ho ba lihlong ha ke ntse ke hōla. Ho ne ho tšoana leha eka ke iphelela khocheletsaneng ea ka ke le mong.” Diane o hopola khatello eo a ileng a tobana le eona selemong sa hae sa pele sekolong se phahameng. “Ke ne ke sa rate ho shejoa. Ke ne ke e-na le tichere e neng e re re lekanyetse hore na re nahana hore botumo ke ba bohlokoa hakae. Ka tekanyo ea ho tloha ho lehe ho isa ho hlano, lehe le ne le bolela hore hase habohlokoa ka ho feletseng ’me hlano e bolela hore ke habohlokoa. Banana bohle ba neng ba tumme sekolong ba ile ba khetha hlano. ’Na ke ile ka khetha lehe. Ho ’na, tšabo ea ho ba ea tummeng e ne e nketsa hore ke be lihlong. Ha u batle ho shejoa kapa hore tlhokomelo e lebisoe ho uena hobane u tšaba hore ba bang ba ka ’na ba se ke ba u rata.”
Ke ’nete hore tšekamelo ea ho ba le lihlong tse itseng hase ntho e mpe ka ho feletseng. Lihlong li amana haufi-ufi le boikokobetso—e leng ho elelloa mefokolo ea rōna. Ha e le hantle Bibele e re laela hore re ‘tsamaee ka boikokobetso le Molimo.’ (Mikea 6:8) Ho ka ’na ha e-ba bonolo haholoanyane ho qeta nako le motho ea ikokobelitseng kapa ea batlang a le lihlong ho feta ho qeta nako le motho ea ikhohomosang, ea khahlapetsang ba bang, kapa ea batlang se ka holimo ho se lebeletsoeng. ’Me le hoja e le ’nete hore ho na le ‘nako ea ho bua,’ ho boetse ho na le ‘nako ea ho khutsa.’ (Moeklesia 3:7) Batho ba lihlong ba ka ’na ba se ke ba thatafalloa ke ho khutsa. Kaha ba na le tšekamelo ea ho ‘potlaka mabapi le ho utloa le ho lieha mabapi le ho bua,’ hangata ba bang baa ba ananela ka hore ke bamameli ba molemo.—Jakobo 1:19.
Leha ho le joalo, hangata mocha e ba ea thōtseng haholo, ea lihlong, kapa ea tšabang batho hoo a thatafalloang ke ho etsa metsoalle. ’Me maemong a itseng a feteletseng, ho ba lihlong ho ka hlahisa seo mongoli e mong a se bitsang “mofuta o mong oa ho ikoalla chankaneng ea maikutlo”—ho itšehla thajana.—Liproverbia 18:1.
Ho ba Lihlong—Bothata bo Atileng
Haeba u na le bothata ba lihlong, hlokomela hore ke bothata bo atileng haholo. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng ho liithuti tsa sekolo se phahameng le tsa koleche, “karolo ea 82 lekholong ea liithuti e ne e inka e le lihlong ka nako e ’ngoe e itseng bophelong ba eona.” (Adolescence, ea Eastwood Atwater) Lihlong e ne e le bothata ba ba bang esita le mehleng ea Bibele. E ka ’na eaba banna ba hlaheletseng, ba kang Moshe le Timothea, ba ne ba loantšana le tsona.—Exoda 3:11, 13; 4:1, 10, 13; 1 Timothea 4:12; 2 Timothea 1:6-8.
Nahana ka Saule, morena oa pele oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. Ka tlhaho Saule e ne e le motho ea sebete. Ha ntate oa hae a lahleheloa ke mohlape oa hae oa liphoofolo, ka sebete Saule o ile a tsoa ho ea li batla. (1 Samuele 9:3, 4) Empa ha a khetheloa ho ba morena oa sechaba, hang-hang o ile a apareloa ke lihlong. Ho fapana le hore a hlahelle ka pele ho letšoele le nyakaletseng, Saule o ile a ipata har’a thōtō!—1 Samuele 10:20-24.
Ho ikhalala ho totobetseng ha Saule ho ka ’na ha bonahala ho makatsa. Etsoe, Bibele e mo hlalosa e le mohlankana ea khahlehang, e motle. “O na a feta le bohle ba sechaba ka bolelele, a tsoile ka mahetla”! (1 Samuele 9:2) Ho feta moo, moprofeta oa Molimo o ne a tiiselitse Saule hore Jehova o ne a tla hlohonolofatsa borena ba hae. (1 Samuele 9:17, 20) Ho ntse ho le joalo, Saule o ile a ikutloa a sa itšepe. Ha a ne a bolelloa hore e tla ba morena, ka boikokobetso o ile a araba: “Ha ke re ke mo-Benyamine, oa leloko le lenyenyane ho meloko ea Iseraele, ’me mothapo oa ka ke o monyenyane ho methapo eohle ea leloko la Benyamine na? U rialo joang ho ’na?”—1 Samuele 9:21.
Haeba motho ea kang Saule a ne a ikhalala, ha ho makatse ha le uena ka linako tse ling u ka ikutloa u ikhalala. Joaloka mocha, u mothating oa bophelo oo ho oona ’mele oa hao o fetohang ka potlako. Ke hona u qalang ho ithuta ho phela lefatšeng la batho ba baholo. Ka hona, ke ha tlhaho hore ka linako tse ling u ikutloe u itšoha u bile u sa sireletseha. Dr. David Elkind o ile a ngola makasineng ea Parents: “Lilemong tse qalang tsa bocha, bacha ba bangata ba tleloa ke nako ea ho ba lihlong, ha ba iqapela seo ke se bitsang mokhopi o inahaneloang—tumelo ea hore ba bang ba ba shebile ’me ba amehile ka ponahalo ea bona le liketso tsa bona.”
Kaha hangata bacha ba ahloloa ke lithaka ka ponahalo, ba bangata ba tšoenyeha ka ponahalo ea bona. (Bapisa le 2 Bakorinthe 10:7.) Leha ho le joalo, ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo ea motho ho kotsi. Moroetsana e mong oa Fora ea bitsoang Lilia o pheta phihlelo ea hae ka boemo bona: “Ke ne ke e-na le bothata boo bacha ba bangata ba nang le bona. Ke ne ke tsoa makhopho—ke le lihlōba! Ha u batle le ho ea ho ba bang hobane u tšoenyehile ka ponahalo ea hao.”
Qaka e Tsoelang Pele Mocha-o-chele
Kaha hangata batho ba lihlong ba nkoa hampe, ba ka ’na ba tšoaseha habonolo letotong la maemo a etsang hore ba itšehle thajana. Buka e reng Adolescence e re: “Bacha ba lihlong ba batla ba thatafalloa ho etsa metsoalle kaha hangata ba bang ba ba nahanela ka tsela e fosahetseng. Batho ba lihlong ba atisa ho nkoa e le majela-thōko, ba tenehileng, ba se nang thahasello, ba khellang ba bang fatše, ba se nang botsoalle, le ba bileng ba tletseng bora. Ha ba tšoaroa ka maikutlo ao, ba ka ’na ba ikutloa e le mekhelo le ho feta, ba jeoa ke bolutu, ba bile ba tepeletse.” Ka ho ke keng ha qojoa, sena se etsa hore ba be lihlong le ho feta, e leng seo ha e le hantle, se matlafatsang maikutlo a fosahetseng a hore ke makako kapa ke baikhantši.
Kaha joaloka Mokreste u “sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše,” u lokela ho ameha ka boikutlo boo u fanang ka bona ho ba bang. (1 Bakorinthe 4:9) Na u halikisa mahlo ha u bua le ba bang? Na tsela eo u emang ka eona le boitšisinyo ba hao ba ’mele li fana ka molaetsa oa hore ha u batle ho khathatsoa? Kahoo, hlokomela hore ba bang ba ka ’na ba utloisisa seo hampe ’me ba ba le tšekamelo ea ho u koekoetla. Sena se ka u thatafalletsa le ho feta hore u etse botsoalle.
Lisosa Tse Ling
Bothata bo bong hape bo tloaelehileng ke ba ho tšaba ho hlōleha. Ke ’nete hore ho tloaelehile hore u ikutloe u sa itšepe kapa u le leqe ha u etsa ntho eo u qalang ho e etsa, eo u se nang phihlelo ea eona. Empa bacha ba bang ba fetelletsa taba boemong bona. Ha a sa le mocha, Gail o ne a e-na le seo a se bitsang tšabo e feteletseng ea batho. O re: “Ke ne ke sitoa ho araba ka tlelaseng. ’Me batsoali ba ka ba ne ba lula ba bolelloa lintho tse kang, ‘Ha a phahamise letsoho ka tlelaseng. Ha a itlhalose ka bolokolohi.’ Ho ’na, ho etsa seo ho ne ho nkimela ho bile ho ntšithabetsa. Esita le hona joale ho ntse ho nthatafalla.” Ho tšaba ho hlōleha ho katla matla. Mocha e mong ea bitsoang Peter o re: “Ke amehile haholo ka ho etsa liphoso. Ha kea kholiseha hantle ka seo ke se etsang.” Ho songoa le ho nyatsuoa ka sehlōhō ke lithaka ho ka mpefatsa tšabo eo motho a nang le eona ’me ha baka tšenyo ea nako e telele boikutlong ba mocha ba ho itšepa.
Ho haella ha tsebo ea ho sebelisana le batho ke bothata bo bong bo tloaelehileng. Mohlomong u tsilatsila ho itsebisa motho e mong eo u sa mo tsebeng, feela hobane u sa tsebe seo u lokelang ho se bua. U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore esita le batho ba baholo ba ikutloa ba sa phutholoha ha ba le har’a batho ka linako tse ling. Rakhoebo e mong ea bitsoang Fred o re: “Lefatšeng la khoebo, ke tseba ho etsa mosebetsi oa ka hantle haholo. Ha ke bua ka tsa khoebo feela, ha ke tsilatsile ho fana ka boikutlo bo botle. Empa ha ke fetohela moqoqong oa botsoalle le bona batho bao, kea tsilatsila. Nka ’na ka hlalosoa ke le motho ea borang kapa ea ratang libuka haholo kapa ea tsamaisoang ke theknoloji haholo kapa ea sa thahaselliseng hakaalo.”
Ebang u lihlong, ua itšoha, kapa u mpa u sa phutholohe feela ha u le har’a batho, ho molemong oa hao hore u ithute ho atolosa botsoalle. Bibele e khothalletsa Bakreste ho ‘atoloha’ le ho tseba ba bang! (2 Bakorinthe 6:13) Empa u ka etsa seo joang? Sena se tla tšohloa tokollong e ’ngoe e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Hangata batho ba lihlong ba nkoa e le majela-thōko
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho tšaba ho hlōleha ho etsa hore bacha ba bang ba ikhule bathong