Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 60
  • Bibele e Re’ng ka Komello e Kholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Komello e Kholo?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e profetile eng ka komello?
  • Ke hobane’ng ha komello e ntse e mpefala?
  • Na ho na le tšepo ea hore lintho li tla loka?
  • Selemo sa 2022 se Neng se Tletse Mathata—Bibele e Re’ng ka Sona?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Mocheso o Ntseng o Hloa Mekoalaba Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 60
Lefatše le omeletseng ka lebaka la komello le nang le semela se le seng se ntseng se phela.
Brais Seara/Moment via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka Komello e Kholo?

  • “China e re ke lekhetlo la boraro e tlaleha mocheso o ntšang koena bolibeng le komello e matla.”—The Guardian, September 7, 2022.

  • “Likarolo tse ling tsa Afrika li tla ba le komello ka lilemo tse hlano tse latellanang.”—UN News, August 26, 2022.

  • “Boholo ba linaha tse Europe li kotsing ea ho ba le komello e mpe ka ho fetisisa.”—BBC News, August 23, 2022.

Litsebi tse ngata li hakanya hore komello e kang ena e tla tsoela pele ho ba teng ebe e mpefale le ho feta. Na ho na le tšepo ea hore lintho li tla loka? Bibele e re’ng tabeng ee?

Bibele e profetile eng ka komello?

Bibele e ile ea re ka mehla ea bofelo:

  • “Ho tla ba le . . . tlala . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Luka 21:11.

Hangata komello e baka khaello ea lijo. Khaello eo ea lijo e bakang mathata le lefu e phethahatsa boprofeta ba Bibele.—Tšenolo 6:6, 8.

Ke hobane’ng ha komello e ntse e mpefala?

Bibele e fana ka lebaka la hore na ke hobane’ng ha komello e ntse e mpefala. E re:

  • “Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Sena se bolela hore batho ha ba na khona ho ‘laola mehato ea bona’ kapa hona ho ipusa. Hangata liqeto tsa bona tse mpe li baka komello le khaello ea metsi.

  • Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore lintho tseo batho ba li etsang li bakile ho fetoha ha maemo a leholimo ho etsang hore ho be le komello lefatšeng lohle.

  • Maano ao batho ba a etsang ka lebaka la meharo le ho se shebele lintho pele a entse hore ho senngoe meru, lefatše le silafale le tšebeliso e fosahetseng ea lihloliloeng. Sena se ka etsa hore re lahleheloe ke mehloli ea metsi.

Leha ho le joalo, Bibele e fana ka tšepo.

Na ho na le tšepo ea hore lintho li tla loka?

Bibele e re tšepisa hore Molimo o tla lokisa mathata a khaello ea metsi. Joang?

  1. 1. Molimo o tla ‘felisa ba senyang lefatše.’ (Tšenolo 11:18) O tla felisa sesosa sa khaello ea lijo e leng batho ba khopo le ba meharo bao liketso tsa bona li senyang tikoloho.—2 Timothea 3:1, 2.

  2. 2. “Sebaka se chesitsoeng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka.” (Esaia 35:1, 6, 7) Molimo o tla etsolla tšenyo e bakiloeng ke komello ebe o fetola lefatše paradeise e noselitsoeng hantle.

  3. 3. “U hlokomela lefatše, u etsa hore le behe lijalo tse ngata ebile oa le nontša.” (Pesaleme ea 65:9) Molimo o tla hlohonolofatsa lefatše e le hore le tlale ka lijo tse ngata le metsi a hloekileng bakeng sa batho bohle.

Bala sehlooho se reng,“ Climate Change and Our Future—What the Bible Says” (“Bibele e Re’ng ka ho Fetoha ha Maemo a Leholimo le ka Bokamoso ba Rona?”) e le hore u ithute haholoanyane ka kamoo ho fetoha ha maemo a leholimo ho phethahatsang boprofeta ba Bibele kateng.

Bala sehlooho se reng, “Who Will Save the Earth?” (“Ke Mang ea Tla Pholosa Lefatše?”) e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka tšepo eo Bibele e fanang ka eona ka bokamoso.

Bala sehlooho se reng, “Extreme Weather—Can the Bible Help You to Cope?” (“Na Bibele e ka U Thusa ho Mamella Maemo a Leholimo a sa Tloaelehang?”) ho bona hore na Bibele e ka u thusa joang hore u mamelle mathata a bakoang ke maemo a leholimo a sa tloaelehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela