Marek M. Berezowski/Anadolu Agency via Getty Images
LULANG LE FALIMEHILE!
Re Kena Selemong sa Bobeli ho E-na le Ntoa Ukraine—Bibele e Fana ka Tšepo Efe Mabapi le Lintoa?
Ka Labohlano la 24 February 2023, e tla be e se e le selemo ho e-na le ntoa e tšosang Ukraine. Ho ea ka litlaleho tsa litaba, masole a ka bang 300 000 a Ukraine le a Russia a bolauoe kapa a lemetse. Hape ho hakanngoa hore baahi ba ka bang 30 000 ba bolauoe ntoeng ena. Ho ka etsahala hore ba feta palo ena.
Ka bomalimabe, ho bonahala eka ntoa ena e ke ke ea fela hona joale.
“E se e le selemo masole a Russia a kene naheng ea Ukraine ’me ha ho bonahale eka ntoa ena e tla fela hona joale. Ha ho bonahale eka ho na le naha e tla hlola ntoeng ena ebile ha ho bonahale eka ho na le tšepo ea hore linaha tsena li tla bopa khotso.”—NPR (National Public Radio), la 19 February 2023.
Ke ho utloahalang hore ebe batho ba bangata ba utloisoa bohloko ke ntoa ena le lintoa tse ling tse amang batho ba se nang molato lefatšeng lohle. Bibele e re tšepisa eng mabapi le lintoa? Na li tla ke li fele?
Ho na le ntoa e tl’o felisa lintoa tsohle
Bibele e bua ka ntoa e tl’o pholosa batho bohle. Ntoa eo e bitsoa Armagedone ’me e hlalosoa e le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14, 16) Molimo o tla sebelisa ntoa ena ho felisa mebuso ea batho e ntseng e tsoela pele ho baka lintoa. Ntoa ea Armagedone e tla tlisa khotso joang lefatšeng? Bala lihlooho tse latelang e le hore u fumane karabo: