LULANG LE LEBETSE!
Bibele e Re’ng ka Malumeli a Nkang Lehlakore Ntoeng e Ukraine?
Hlokomela hore na baeta-pele ba hlaheletseng ba bolumeli ba re’ng ka ntoa e Ukraine:
“Moeta-pele oa kereke ea Orthodox e Russia e leng Patriarch Kirill ha a e-s’o re letho ho bontša hore o nyatsa ha Russia e hlasela Ukraine. . . . Kereke ea hae e lula e hasa mashano ka Ukraine ’me mopresidente oa Russia e leng Putin o sebelisa mashano ana ho ikemela ha a hlasela Ukraine.”—EUobserver, March 7, 2022.
“Patriarch Kirill . . . o lumellana kahohle-hohle le qeto ea Russia ea ho hlasela Ukraine kaha o re tlhaselo eo ke tsela ea ho loantša sebe.”—AP News, March 8, 2022.
“Ka Mantaha, moeta-pele oa kereke ea Orthodox e Ukraine e leng Metropolitan Epiphanius oa Pele oa Kyiv, o ile a hlohonolofatsa batho ba Ukraine hore ‘ba loantše Russia.’ . . . [O] ile a boela a re ho bolaea masole a Russia ha se sebe.”—Jerusalem Post, March 16, 2022.
“Re le Ukrainian Council of Churches and Religious Organizations (UCCRO), re tšehetsa masole a naha ea Ukraine le batho bohle ba loanelang ho sireletsa naha ea rona. Re hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho sireletsa Ukraine ho ba lireng ebile rea ba rapella.”—UCCROa Statement, February 24, 2022.
U nahana’ng ka taba ee? Na malumeli a reng a latela Jesu Kreste a lokela ho khothalletsa litho tsa ’ona hore li ee ntoeng? Bibele e re’ng ka taba ee?
Histori ea bolumeli lintoeng
Histori e bontša hore hangata malumeli a ’nile a re ke ntho e amohelehang ho ea ntoeng ebile a ’nile a khothalletsa batho hore ba ee ntoeng ha ka nako e tšoanang a etsa eka a loanela khotso. Ka lilemo-lemo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa pepesa boikaketsi boo. Hlokomela e meng ea mehlala e hlahang lingoloeng tsa rona.
Sehlooho se reng “The Crusades—A ‘Tragic Illusion’” (“Maikutlo a Fosahetseng ka Lintoa Tsa Bolumeli”) se ile sa hlalosa kamoo kereke ea Roma e K’hatholike e ileng ea kenya letsoho lipolaong tse sehloho tsa batho ba bangata ’me e re ka ho etsa joalo e sebeletsa Molimo le Kreste.
Sehlooho se reng “The Catholic Church in Africa” (“Kereke e K’hatholike Kontinenteng ea Afrika”) se ile sa bontša hore bolumeli ha boa ka ba etsa letho ho thibela lintoa tsa merabe le lipolao tse neng li reretsoe ho felisa merabe e itseng.
Sehlooho sa “Na Bolumeli bo Molato?” le sa “Karolo e Phethoang ke Bolumeli Lintoeng Tsa Batho” le sa “Bolumeli bo Nka Lehlakore,” li ile tsa hlalosa kamoo baruti ba K’hatholike, Orthodox le ba likereke tsa Prostanta ba ileng ba tšehetsa mahlakore a mabeli a loantšanang kateng.
Na malumeli a Bokreste a lokela ho tšehetsa lintoa?
Seo Jesu a se rutileng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna.”—Matheu 5:44-47.
Ipotse: Na malumeli a ka re a mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane ha ka nako e tšoanang a khothaletsa litho tsa ’ona hore li ee ntoeng li e’o bolaea? Ho fumana karabo, bala sehlooho se reng “Bakreste ba ’Nete le Ntoa” le se reng “Na Motho a ka Khona ho Rata Lira Tsa Hae?”
Jesu o itse: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na.” (Johanne 18:36) “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Matheu 26:47-52.
Ipotse: Haeba Bakreste ba ne ba sa lokela ho loana ho sireletsa Jesu, na ho na le lebaka le utloahalang leo ba ka loanang ka lona? Bala sehlooho se reng “Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?” ho bona kamoo ka botšepehi Bakreste ba pele ba ileng ba mamela lithuto tsa Jesu le ho latela mohlala oa hae.
Ho tla etsahala’ng ka malumeli a khothaletsang lintoa?
Bibele e ruta hore Molimo ha a amohele malumeli a reng a latela Jesu empa a sa mamele lithuto tsa hae.—Matheu 7:21-23; Tite 1:16.
Buka ea Tšenolo e re Molimo o nka malumeli a etsang joalo a ikarabella ka lipolao tsa “bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:21, 24) Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se reng “What Is Babylon the Great?” (“Babylona e Moholo ke Eng?”)
Jesu o ile a re malumeli ’ohle a sa amoheloeng ke Molimo a tla felisoa ka lebaka la liketso tsa ’ona tse mpe feela joalokaha sefate se sebe se behang litholoana tse mpe se “rengoa ’me se lahleloa mollong.” (Matheu 7:15-20) Ho ithuta hore na sena se tla etsahala joang, bala sehlooho se reng “Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!”
Photo credits, left to right: Photo by Sefa Karacan/Anadolu Agency/Getty Images; Maxym Marusenko/NurPhoto via Getty Images
a UCCRO e leng Ukrainian Council of Churches and Religious Organizations e entsoe ka likereke tse akareletsang tse 15 tse emetseng Orthodox, K’hatholike ea Roma le ea Greece, Prostanta, likereke tsa Fora, tsa Sejuda le tsa Mosleme.