Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 87
  • Bibele e Re’ng ka Batho ba sa Jeng Nama?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Batho ba sa Jeng Nama?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mopi o ikutloa joang ka liphoofolo le batho
  • Ke eng e tla ntlafatsa lefatše?
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Na ho Fosahetse ho ja Nama?
    Tsoha!—1997
  • Na Liphoofolo li ea Leholimong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 87
Litholoana, meroho le linoko tse fapaneng.

fcafotodigital/E+ via Getty Images

Bibele e Re’ng ka Batho ba sa Jeng Nama?

Ho na le batho ba bangata lefatšeng ba thahasellang taba ea ho phela ba sa je nama.

  • “Batho ba khethang ho phela ka tsela ena ba leka ka hohle hore ba se ke ba sebelisa liphoofolo bakeng sa lijo, liaparo kapa ntho leha e le efe.”—The Vegan Society.

Batho ba bang ba khetha ho se je nama hobane ba batla ho ntlafatsa tikoloho, boemo ba bona ba bophelo kapa hobane bolumeli ba bona bo sa ba lumelle hore ba e je.

  • “Batho ba bang ba lumela hore ho se je nama ke mokhoa o molemo oa ho phela, tsela ea bolumeli ebile ba lebeletse hore ho phela ka tsela ena ho ntlafatse lefatše.”—Britannica Academic.

Na ho se je nama ho ka ntlafatsa lefatše? Bibele e re’ng ka taba ee?

’Mopi o ikutloa joang ka liphoofolo le batho

Bibele ea bontša hore ’Mopi e leng Jehova Molimoa o nka batho ba phahametse liphoofolo ebile o itse ba li laole. (Genese 1:27, 28) Hamorao, Molimo o ile a lumella batho hore ba je liphoofolo. (Genese 9:3) Leha ho le joalo, ha a thabele ho bona batho ba li sotla.—Liproverbia 12:10.

Bibele ea bontša hore batho ba ka iketsetsa qeto ea hore na ba tla ja nama kapa che.b Molimo o re nka re le batho ba bohlokoa ho sa tsotellehe hore na re ja eng. (1 Bakorinthe 8:8) Ha rea lokela ho ahlola batho ba bang ka seo ba khethang ho se ja.—Baroma 14:3.

Ke eng e tla ntlafatsa lefatše?

Bibele e bontša hore maemo a lefatše lena a ke ke a ntlafatsoa ke tsela eo re phelang ka eona. Mathata a mangata a teng kajeno ke ao batho ba ke keng ba khona ho a lokisa, a bakoa ke lipolotiki, tsela eo batho ba etsang lintho ka eona le maemo a moruo. Bibele e re:

  • “Lintho tse sothehileng li ke ke tsa otlolloa.”—Moeklesia 1:15.

’Mopi o tla felisa mathata a rona. Bibele ha e hlalosa kamoo a tla a felisa kateng e sebelisa mokhabo-puo.

  • “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha. Leholimo la pele le lefatše la pele li ne li se li fetile ’me leoatle le ne le se le le sieo.”—Tšenolo 21:1.

’Muso oa Molimo e leng “leholimo le lecha” o tla felisa mebuso ea batho e leng “leholimo la pele.” ’Muso oa Molimo o tla felisa batho ba khopo e leng “lefatše la pele” ’me o buse “lefatše le lecha” e leng batho ba tla be ba mamela Molimo feela.

Ke ka tlas’a ’Muso oa Molimo feela moo batho ba tla phela ka khotso le liphoofolo ba be ba khone ho hlokomela tikoloho.—Esaia 11:6-9.

“Ke ikutloa ke imolohile kelellong”

Jukka o sebelitse ka thata ho sireletsa liphoofolo empa o ile a nyahamisoa ke ha a bona boiteko ba hae bo sa etse phetoho e kaalo. Qetellong, o ile a fumana hore na a ka sireletsa liphoofolo joang. Bala pale ea hae ea bophelo.

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

b Bibele e re laela hore re “qobe . . . mali.” (Liketso 15:28, 29) Sena se bolela hore re se ke ra noa mali, ra ja nama e sa ntšoang mali kapa hona ho ja lijo tse tšetsoeng mali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela