Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 89
  • Bibele e Re’ng ka Tšireletseho ea Basali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Tšireletseho ea Basali?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o nka basali joang?
  • Ke eng e ka u thusang hore u ikutloe u le betere?
  • Na Molimo o tla ke a felise ho hlekefetsoa ha basali?
  • Tlhekefetso ea Basali—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2008
  • Ke Eng Seo Bokamoso bo se Tšoaretseng Basali?
    Tsoha!—1998
  • Molimo o fa Basali Tlhompho le Seriti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Basali—Na baa Hlomphuoa ka Lapeng?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 89
Basali ba lilemo tse fapaneng ba tsoang lichabeng tse fapaneng.

Bibele e Re’ng  ka Tšireletseho ea Basali?

Basali le banana ba limilione lefatšeng lohle ba ile ba hlekefetsoa. Na le uena u e mong oa bona? Bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a nka tšireletseho ea hao e le ea bohlokoa le hore na o tla etsa’ng ka tsela e mpe eo basali ba tšoeroeng ka eona.

“Ha ke ne ke le ngoana, abuti oa ka o ne a ntlhekefetsa ka ho nchapa le ho bua mantsoe a hlabang letsatsi le leng le le leng. Le ka mor’a hore ke ­nyaloe, ’mè matsale oa ka le eena o ne a ntlhekefetsa. Eena le ntate matsale oa ka ba ne ba ntšoere joaloka lekhoba. Sena se ile sa etsa hore ke be le maikutlo a ho ipolaea.”—Madhu,a India.

World Health Organization e re:“Ho hlekefetsoa ha basali ke kobo anela.” E hakanya hore mosali a le mong ho ba bararo o kile a shapuoa kapa a hlekefetsoa ka thobalano.

Haeba sena se kile sa u etsahalla, u ka ’na oa ikutloa u sa sireletseha hohle moo u eang hobane u utloa eka ho na le motho ea ka ’nang a bua mantsoe a hlabang, a u shapa kapa a u hlekefetsa ka thobalano. Ka lebaka la tlhekefetso e atileng le tšoaro e mpe ea basali, u ka ’na oa utloa eka batho ba bangata ‘ha ba nke Basali e le ba bahlokoa.’ Feela na ehlile Molimo eena o nka basali e le ba bohlokoa?

Mosali o ntse a bala Bibele.

Bibele e re Molimo o nka tšireletseho ea basali e le ea bohlokoa

Letšoao la mosali ea ntseng a bala Bibele.

Molimo o nka basali joang?

Lengolo: “[Molimo] a bopa monna le mosali.”—Genese 1:27.

Tlhaloso: Molimo o ile a bopa banna le basali ’me o batla hore kaofela ha bona ba hlomphuoe. Ho ekeletsa moo, o lebeletse hore monna a ‘rate mosali oa hae joalokaha a ithata,’ a se ke a batla ho mo laola, ho mo halefela kapa ho mo shapa. (Baefese 5:33; Bakolose 3:19) Sena ke bopaki ba hore Molimo o nka tšireletseho ea basali e le ea bohlokoa.

“Ha ke ne ke le ngoana, ke ile ka hlekefetsoa ka thobalano ke batho bao ke amanang le bona. Eaba ha ke le lilemo li 17, mohiri oa ka o ile a ntšosetsa ka hore o tla ntebela mosebetsing haeba ke sa etse thobalano le eena. Le hona joale ha ke se ke le moholo, monna oa ka, batsoali ba ka le baahisane ba ntse ba sa ntlhomphe. Hamorao ke ile ka ithuta hore Jehovab ’Mopi eena o hlompha basali. Sena se ile sa nkholisa hore oa nthata ebile o nka ke le motho oa bohlokoa.”— Maria, Argentina.

Letšoao la mosali ea mametseng e mong ha a ntse a bua.

Ke eng e ka u thusang hore u ikutloe u le betere?

Lengolo: “Ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.”—Liproverbia 18:24.

Tlhaloso: Motsoalle oa ’nete o tla lula a u tšehetsa. Kahoo, u ka bua le motho eo u mo tšepang haeba u utloa eka seo se ka u thusa.

“Lilemo tse 20 kaofela ha ho na motho eo ke ileng ka mo bolella hore ke ile ka hlekefetsoa ka thobalano. Sena se ile sa etsa hore ke lule ke tšoenyehile, ke sa thaba ke bile ke imetsoe kelellong. Ke ile ka ikutloa ke imolohile haholo kamor’a ho bolella motho ea neng a ikemiselitse ho ’mamela ka hloko ka se ileng sa nketsahalla.”—Elif, Türkiye.

Lengolo: “Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho [Molimo] hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:7.

Tlhaloso: Kholiseha hore Molimo oa u mamela ha u mo rapela. (Pesaleme ea 55:22; 65:2) O tla u thusa ho utloisisa kamoo u leng ­bohlokoa kateng ho eena hobane oa u tsotella.

“Ho ithuta ka Jehova ho entse hore ke ikutloe ke le betere linthong tse bohloko haholo tse ileng tsa nketsahalla. Hona joale nka khona ho llela ho Molimo ka thapelo hobane ke motsoalle ea ­utloisisang hantle kamoo ke ikutloang kateng.”—Ana, Belize.

Letšoao la mosali ea shebileng holimo.

Na Molimo o tla ke a felise ho hlekefetsoa ha basali?

Lengolo: “Jehova . . . U tla phethahatsa toka ho likhutsana le ho batho ba hateletsoeng e le hore motho leha e le ofe lefatšeng a se ke a hlola a ba tšosa.”—Pesaleme ea 10:17,18.

Tlhaloso: Haufinyane Molimo o tla felisa ho hloka toka, bokhopo le tlhekefetso ho basali.

“Ke ho thobang pelo ho ithuta hore haufinyane Jehova o tla felisa ho hlekefetsoa ha ­basali le banana. Ho tseba sena ho mphile khotso.”—Roberta, Mexico.

Ho ithuta ka ho eketsehileng ka tšepo eo Bibele e fanang ka eona, hore na ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore litšepiso tsa eona li tla phethahala le hore na Lipaki Tsa Jehova li thusa batho joang kajeno li sebelisa Bibele, kopa hore motho ea u fileng pampitšana ena a u etele.

Daonlouda sehlooho se hatisitsoeng.

a Mabitso a fetotsoe.

b Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se re’ng: “Jehova ke Mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela