Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 105
  • Bibele e ka u Thusa Hore u se ke oa Hlora

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e ka u Thusa Hore u se ke oa Hlora
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao-motheo ea Bibele e ka re thusang
  • Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jeoa ke Bolutu—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • U ka Thusoa Ke’ng ha u Jeoa ke Bolutu?
    Lihlooho Tse Ling
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 105
Bacha ba ntseng ba thabela botsoalle ba lutse ka ntle.

Bibele e ka u Thusa Hore u se ke oa Hlora

Ka 2023, litsebi tsa bophelo botle li ile tsa hlokomela hore ho hlora ke bothata bo boholo bo hlokang ho emeloa ka maoto. Na ho na le tharollo?

  • Dr. Vivek Murthy o re: “Ho hlora le ho ikarola ho batho bang ho ka re kulisa.” O boetse o re: “Na ho na le seo re ka se etsang? Re ka sebetsa ka thata letsatsi le leng le le leng hore re matlafatse setsoalle le batho ba haufi le rona.”a

Ka linako tse ling motho a ka hlora a ntse a e-na le batho ba bang. Leha ho le joalo, Bibele e ka re thusa ho sa tsotellehe hore na ke’ng e etsang hore re hlore. E na le likeletso tse molemo tse ka re thusang hore re matlafatse setsoalle sa rona le ba haufi le rona le ho hlola ho hlora.

Melao-motheo ea Bibele e ka re thusang

Buisana le batho ba bang. Bolella batho ba bang hore na u ikutloa joang empa le uena u ba mamele ha ba hloka ho ntša maikutlo a bona. Ha u ipha nako ea ho mamela batho ba bang u tla ba le metsoalle ea ’nete.

  • Molao-motheo oa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.”—Bafilipi 2:4.

Etsa setsoalle le batho ba fapaneng. Leka ho etsa metsoalle le batho ba baholo, ba banyenyane ho uena le ba tsoang merabeng e meng.

  • Molao-motheo oa Bibele: “Le eketse lerato leo le re ratang ka lona.”—2 Bakorinthe 6:13.

Ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa hore na u ka etsa’ng ha u hlorile, bala sehlooho se re’ng “Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle.”

Rea u mema

Lipaki Tsa Jehova li bokana hammoho habeli ka beke ho ithuta ka ’Mopi oa rona le ho matlafatsa setsoalle sa rona le eena le batho bao re phelang le bona motseng. Re u memela ho ba le rona libokeng tsena tsa Lipaki Tsa Jehova.

  • Batla liboka tse haufi le moo u lulang.

  • Kopa thuto ea Bibele .

a Our Epidemic of Loneliness and Isolation: The U.S. Surgeon General’s Advisory on the Healing Effects of Social Connection and Community, 2023.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela