Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 98
  • U ka Thusoa Ke’ng ha u Jeoa ke Bolutu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Thusoa Ke’ng ha u Jeoa ke Bolutu?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao-motheo ea Bibele e ka re thusang
  • Bibele e ka u Thusa Hore u se ke oa Hlora
    Lihlooho Tse Ling
  • Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jeoa ke Bolutu—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Jeoa ke Bolutu le Hoja ho E-na le Litsela Tse Ngata Tsa Puisano
    Tsoha!—2010
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 98
Ngoanana ea utloileng bohloko o lutse ka pel’a k’homphieutha bosiu, o behile matsoho sefahlehong.

Justin Paget/​Stone via Getty Images

U ka Thusoa Ke’ng ha u Jeoa ke Bolutu?

  • Buka ea Our Epidemic of Loneliness and Isolation: The U.S. Surgeon General’s Advisory on the Healing Effects of Social Connection and Community ea 2023 e re: “Hoo e ka bang halofo ea batho ba lulang Amerika ba re ba jeoa ke bolutu ’me boholo ba bona ke bacha ba lilemo li 18 ho ea ho 25.”

  • Ka la 15 November 2023, mokhatlo oa World Health Organization o ile oa phatlalatsa hore o khethile sehlopha sa batho hore ba sebetsane le bothata bona bo jeleng setsi ba ho jeoa ke bolutu. Batho bana ba lokela ho khothaletsa batho linaheng tsohle hore ba ikemisetse ho etsa metsoalle le ho batla litsela tse ngata tse molemo tsa ho sebetsana le bothata bona ba ho jeoa ke bolutu le haeba ba le linaheng tse futsanehileng.

Bibele e fana ka likeletso tse molemo tse ka re thusang ho sebelisana le batho ba bang.

Melao-motheo ea Bibele e ka re thusang

Qoba ho etsa lintho tse ngata tse ka u suthisetsang hole le batho ba bang. Ka mohlala, u se ke oa qeta nako e ngata haholo mecheng ea puisano. Ho e-na le hoo, qeta nako u e-na le batho ba bang e le hore u etse metsoalle ea ’nete.

  • Molao-motheo oa Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

Batla menyetla ea ho thusa batho ba bang. Ha re etsetsa batho ba bang lintho tse molemo ba tla re rata haholoanyane ebile re tla thaba haholoanyane.

  • Molao-motheo oa Bibele: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”​—Liketso 20:35.

Batla likeletso tse ling tse tsoang Bibeleng tse ka u thusang ho etsa metsoalle e molemo websaeteng ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela