Na Boiteko ba Mebuso ba ho Bopa Khotso bo ka Etsa Hore ho be le Khotso Lefatšeng?
Ho lula ho e-na le lintoa le likhohlano lefatšeng leo re phelang ho lona. Ka lebaka la seo, Machaba a Kopaneng le mekhatlo e meng e etsa mesebetsi e fapaneng ho tlisa khotso linaheng tseo ho nang le lintoa. Ba romela baemeli moo ka tšepo ea hore maemo a tla tsitsa. Mongoli kakaretso oa Machaba a Kopaneng António Guterres o re “Batho ba romeloang ke Machaba a Kopaneng ho tlisa khotso ke ba bohlokoa haholo mererong ea ho tlisa khotso lefatšeng.”
Ho theosa le lilemo boiteko ba ho boloka khotso bo ile ba eba le katleho maemong a mang. Ka mohlala, ba ile ba fana ka tšireletso ho baahi, ba khutlisetsa baphaphathehi linaheng tsa habo bona, ba ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang le ho thusa sechaba ho tsosolosa litšebeletso tsa mantlha. Leha ho le joalo, ho na le litšitiso tse ngata tse etsang hore boiteko ba mekhatlo ba ho etsa khotso bo se ke ba atleha ka ho feletseng. Na ho tla ke ho be le tharollo ea moshoelella e tla tlisa khotso ea sebele lefatšeng? Na Bibele e na le likarabo tabeng ee?
Litšitiso tseo mekhatlo e kopanang le tsona le tharollo ea Bibele
Tšitiso: ho se be le tšebelisano-’moho. Ha se ka linako tsohle ho leng bonolo hore masole le mekhatlo e fapaneng e sebetse ’moho haholo-holo ha ebile e tsoa linaheng tse fapaneng. Ka linako tse ling, ho se utloisisane le ho sheba lintho ka tsela e fapaneng ho etsa hore ho be thata ho sebelisana ’moho.
Tharollo ea Bibele: “ Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . . O [tla felisa] mebuso ena kaofela, ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Haufinyane Molimo o tla felisa lintoa tsohle ’me a etse hore khotso e be teng lefatšeng. (Pesaleme ea 46:8, 9) O tla felisa mebuso ena kaofela ’me ’Muso oa Molimo ke ona feela o tla busa lefatše. Re ke ke ra hloka mekhatlo ea batho e bolokang khotso hobane ’Muso o phethahetseng o busang o le leholimong o tla busa lefatše lohle ’me ho tla be ho sena lintoa.
Tšitiso: khaello ea lisebelisoa le litsebo. Ha se kamehla mekhatlo e bolokang khotso e nang le batho, chelete e lekaneng, kapa lintho tse ling ’me seo se etsa hore e se ke ea atleha ka ho feletseng. Ho sebetsa linaheng tsena ho kotsi ebile ho ntse ho e-ba thata le ho feta.
Tharollo ea Bibele: “Molimo oa Morena oa rona Jesu Kreste. . . a beha [Jesu] ka letsohong la hae le letona leholimong. O phahamiselitsoe ka holim’a mebuso eohle, bolaoli bohle, [le] matla ’ohle.”—Baefese 1:17, 20, 21.
Molimo ea matla ’ohle, Jehova,a o file Jesu lintho tsohle tseo a li hlokang e le hore a buse. (Daniele 7:13, 14b) Molimo o file Jesu matla, tsebo, bohlale le temoho tse fetang tsa ’muso kapa mokhatlo leha e le ofe oa batho. (Esaia 11:2) Jesu o boetse ona le lebotho le matla la mangeloi ao a ka a sebelisang. (Tšenolo 19:14) Haho letho le ka mo thatafallang.
Jesu o tla sebelisa bokhoni le litsebo tseo Molimo a mo fileng ho felisa ntoa a be a tlise khotso le tšireletseho ho batho bohle ba phelang tlas’a ’Muso oa Molimo.—Esaia 32:17, 18.
Tšitiso: molao. Ka linako tse ling molao thatafalletsa basebetsi ba mekhatlo e bolokang khotso ho etsa mosebetsi oa bona hantle ka lebaka la litaelo tse sa hlakang. Seo se ba thatafalletsa ho sireletsa batho kapa ho finyella merero eo ba ipehetseng eona.
Tharollo ea Bibele: “[Jesu o] filoe matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le lefatšeng.”—Matheu 28:18.
Molimo o file Jesu litaelo tse hlakileng le matla e le hore a etse hore ho be le khotso lefatšeng. (Johanne 5:22) Ha ho mohla Jesu a tla ahlola ka ho hloka toka kapa e be ’musi ea tletseng bobolu. (Esaia 11:3-5) Ke ho utloahalang hore ebe Bibele e bitsa Jesu “Khosana ea Khotso,” hobane ’Muso oa hae o busa “ka toka le ka ho loka.”—Esaia 9:6, 7.
’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso ea sebele
Mekhatlo ea batho ba bolokang khotso e ka tlisa botsitso ho isa boholeng bo itseng kapa mohlomong e felise le lintoa libakeng tse ling. Leha ho le joalo ba ke ke ba khona ho felisa lehloeo le teng ka lipelong tsa batho, le etsang hore ba loane.
“Khotso ha e eo ’me ho thata ho boloka ntho e sieo.”—Dennis Jett, eo e neng e le moemeli oa naha ea America.
Ho fapana le mebuso ea batho, ’Muso oa Molimo ona o tla khona ho tlisa khotso ea sebele hobane o khona ho thusa batho ho tlosa lehloeo le teng ka lipelong tsa bona. Ka mohlala hlokomela hore ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a ruta balateli ba hae ka mantsoe le ka liketso hore na ba ka bopa khotso joang le ho bontša ba bang lerato:
Jesu o ile a boela a re batho ba tla busoa ke ’Muso oa Molimo ba tla bonahala ka ho ratana. Bibele e boetse e ea hlakisa hore batho ba hloileng ba bang ba ke ke ba phela ’Musong oa Molimo:
Kaha Jehova Molimo ke eena ea bopileng moloko oa batho o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tlisa khotso lefatšeng. ’Muso oa Molimo o tla atleha ho etsa ntho eo batho ba hlolehileng ho e etsa e leng ho tlisa khotso lefatšeng.
a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”
b Ho Daniele 7:13, 14, mantsoe a reng “mor’a motho” a bua ka Jesu Kreste.—Matheu 25:31; 26:63, 64.