LULANG LE FALIMEHILE!
Ha e le Hantle ho Bolela’ng ho ba Mokreste?—Bibele e Re’ng ka Taba ee?
Batho ba bangata mehleng ena lefatšeng ka bophara ba re ke Bakreste empa ba etsa lintho tse utloisang batho ba bang bohloko. Ba bang ha ba nahanele batho ba bang, ha ba tšepahale hape ha ba mosa. Ha ba bang bona ba ka ’na ba se tšepahalle balekane ba bona ba lenyalo. Boitšoaro bona ba bona bo etsa hore batho ba ipotse hore na: ‘Ha e le hantle ho bolela’ng ho ba Mokreste?’
Ha e le hantle ho bolela’ng ho ba Mokreste?
Ho bonolo hore motho a re ke Mokreste empa ho cho joalo feela ha hoa lekana. Ho latela Bibele, Mokreste ke motho eo e leng morutuoa oa Jesu Kreste. (Liketso 11:26) Jesu o ile a re: “Haeba le lula le mamela lithuto tsa ka, ehlile le barutuoa ba ka.” (Johanne 8:31) Ke ’nete hore ha se batho kaofela ba mamelang mantsoe a Jesu. Empa Mokreste o etsa sohle seo a ka se khonang ho mamela le ho latela lithuto tsa Jesu esita le ho phela tumellanong le tsona. Nahana ka mehlala ena e latelang.
Bakreste ba bontša lerato
Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha ea hore le ratane. Le ratane feela joalokaha ke le ratile. Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.”—Johanne 13:34, 35.
Seo Jesu a ileng a se etsa: Jesu o ile a bontša batho bohle lerato ho sa tsotellehe hore na ba na le botumo bofe kapa hore na ba tsoa hokae. O ile a folisa ba kulang, a fepa ba lapileng a ba a shoela batho bohle.—Matheu 14:14-21; 20:28.
Bakreste ba itšoara joang?: Bakreste ba rata batho bohle ’me baa fana, ha ba khetholle hape baa tšoarela. Ba thusa batho ba hlokang ’me ba ikemiselitse ho itella batho ba bang.—1 Johanne 3:16.
Bakreste baa tšepahala
Jesu o ile a re: “Ke ’na . . . ’nete.”—Johanne 14:6.
Seo Jesu a ileng a se etsa: Lintho tsohle tseo Jesu a neng a li bua le ho li etsa e ne e le ’nete. Ha aa ka a qhekella batho hore ba lumele seo e seng ’nete. Batho ba ne ba mo tseba e le motho ea buang ’nete le hoja ka linako tse ling ho bua ’nete ho ne ho mo bakela mathata.—Matheu 22:16; 26:63-67.
Bakreste ba itšoara joang?: Bakreste ha ba bue leshano. Ba patala lekhetho, ha ba utsoe ebile ba sebetsa ka thata mosebetsing. (Baroma 13:5-7; Baefese 4:28) Ha ba qhekelle batho ba bang, ha ba etse bolotsana litlhahlobong tsa sekolo ebile ha ba fane ka boitsebiso bo fosahetseng ha ba kopa mosebetsi.—Baheberu 13:18.
Bakreste ba mosa
Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na, lona bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka le ithute ho ’na hobane ke bonolo ebile ke ikokobelitse ’me le tla khatholoha. Etsoe joko ea ka ha e boima le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Seo Jesu a ileng a se etsa: Jesu o ne a le mosa ebile a atameleha. O ne a rata bana, a tšelisa ba tšoenyehileng hape a boetse a hlompha batho.—Mareka 10:13-15; Luka 9:11.
Bakreste ba itšoara joang?: Bakreste ba bua le batho ba bang ka mosa ’me ha ba ba hlabe ka mantsoe. (Baefese 4:29, 31, 32) Ba bontša batho ba bang hore baa ba thahasella ebile ba batla menyetla ea hore ba ba thuse.—Bagalata 6:10.
Bakreste ba tšepahalla balekane ba bona ba lenyalo
Jesu o ile a re: “Ho se ke ha e-ba le motho ea arolang batho bao Molimo a ba kopantseng.”—Mareka 10:9.
Seo Jesu a ileng a se etsa: Le hoja Jesu a ne a sa nyala o ile a khothalletsa balekane ba lenyalo hore ba tšepahallane. (Matheu 19:9) O ile a lemosa batho ka lintho tse ka etsang hore lenyalo le senyehe.—Matheu 5:28.
Bakreste ba itšoara joang?: Bakreste ba qoba mokhoa leha e le ofe o bontšang hore ha ba hlomphe balekane ba bona. (Baheberu 13:4) Balekane ba lenyalo ba bontšana lerato le tlhompho.—Baefese 5:28, 33.