Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 9
  • Na Molimo o na le Lebitso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o na le Lebitso?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 9
Lebitso la Molimo ka Seheberu

Na Molimo o na le Lebitso?

Karabo ea Bibele

Motho e mong le e mong o na le lebitso le mo khethollang. Na hase ntho e utloahalang hore Molimo le eena a be le lebitso? Batho ba khona ho theha setsoalle ha ba tseba mabitso a ba bang ’me ba a sebelisa. Na ho lokela ho etsahala se fapaneng ha ho tluoa tabeng ea ho theha setsoalle le Molimo?

Ka Bibeleng, Molimo o re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Le hoja a e-na le litlotla tse ngata, tse kang “Molimo ea Matla ’Ohle,” “’Musi Morena” le “’Mōpi,” o fa barapeli ba hae tlotla ka ho ba mema hore ba mo bitse ka lebitso la hae le mo khethollang.—Genese 17:1; Liketso 4:24; 1 Petrose 4:19.

Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li na le lebitso la Molimo ho Exoda 6:3. Lengolo leo le re: “Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Molimo ea Matla ’Ohle, empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova.”

Jehova ke tsela eo lebitso la Molimo le bitsoang ka eona ka Senyesemane, e ’nileng ea sebelisoa ka lilemo tse makholo. Le hoja litsebi tse ngata li khetha ho sebelisa lentsoe “Yahweh,” Jehova ke lebitso le tsejoang hohle. Karolo e qalang ea Bibele e ne e sa ngoloa ka Senyesemane empa e ne e ngotsoe ka Seheberu, e leng puo e baloang ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le letšehali. Puong eo, lebitso la Molimo le hlaha ka liluma-’moho tse ’nè, e leng יהוה. Litlhaku tseo tse ’nè tsa Seheberu—tse fetoletsoeng e le YHWH—li tsejoa ka hore ke Litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela