LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA
Lebitso la Molimo ke mang?
Litho tsohle tsa malapa a rōna li na le mabitso. Le liphoofolo tse ruuoang malapeng li na le mabitso! Na ke ho utloahalang hore Molimo a be le lebitso? Ka Bibeleng, Molimo o na le litlotla tse ngata, tse kang Molimo ea Matla ’Ohle, ’Musi Morena le ’Mōpi, empa o boetse o na le lebitso.—Bala Esaia 42:8.
Liphetolelong tse ngata tsa Bibele lebitso la Molimo le hlaha ho Pesaleme ea 83:18. Ka mohlala, Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, temana eo e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”
Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo?
Re bitsa batho bao re ba ratang ka mabitso ha re bua le bona, ba kang metsoalle ea rōna e haufi-ufi
Molimo o rata hore re sebelise lebitso la hae. Re bitsa batho bao re ba ratang ka mabitso ha re bua le bona, ba kang metsoalle ea rōna e haufi-ufi—haholo-holo haeba ba thabela ha re ba bitsa ka ’ona. Na re lokela ho etsa se fapaneng ha re bua le Molimo? Ho phaella moo, Jesu Kreste o ile a re khothalletsa ho sebelisa lebitso la Molimo.—Bala Matheu 6:9; Johanne 17:26.
Leha ho le joalo, e le hore re be metsoalle ea Molimo re lokela ho mo tseba eseng re tsebe lebitso la hae feela. Ka mohlala, Molimo o joang? Na ha e le hantle re ka khona ho atamela ho Molimo? U ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ka Bibeleng.