Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 12
  • Na Bibele e na le Tlaleho e Nepahetseng ea Bophelo ba Jesu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e na le Tlaleho e Nepahetseng ea Bophelo ba Jesu?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho Fumanoe Letlotlo la Mehleng ea Boholo-holo Thotobolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bopaki ba ho Bolokoa ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lebaka Leo ka Lona U ka Tšepang Likosepele Tsa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bopaki ba Khale ba Lethathamo la Libuka Tsa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 12
Jesu litlamong tsa masole

Na Bibele e na le Tlaleho e Nepahetseng ea Bophelo ba Jesu?

Karabo ea Bibele

Ha mongoli oa Bibele Luka a bua ka tlaleho ea bophelo ba Jesu o ile a re: “Ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.”—Luka 1:3.

Batho ba bang ba bolela hore litlaleho tsa bophelo ba Jesu tse Likosepeleng—mangolo a ngotsoeng ke batho ba phetseng mehleng ea hae ba kang Matheu, Mareka, Luka le Johanne—li ile tsa fetoloa neng-neng lekholong la bone la lilemo.

Leha ho le joalo, sekhechana sa bohlokoa sa Kosepele ea Johanne se ile sa fumanoa Egepeta ho elella qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo. Kajeno se tsebahala e le Papyrus Rylands 457 (P52) ’me se bolokiloe Laebraring ea John Rylands e Manchester, Engelane. Sekhechana seo se na le karolo eo e leng Johanne 18:31-33, 37, 38, Libibeleng tsa morao tjena.

Sekhechana sena sa khale se ngotsoeng ka letsoho ke sona se tsebahalang sa Mangolo a Segerike a Bakreste. Litsebi tse ngata li lumela hore se ile sa ngoloa hoo e ka bang ka 125 C.E., e leng lilemo tse ka bang 25 ka mor’a hore buka ea pele e ngoloe. Se ngotsoeng moo se batla se lumellana hantle le se libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse tlileng hamorao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela