Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 13
  • Litlaleho Tse Buang ka Jesu li Ngotsoe Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlaleho Tse Buang ka Jesu li Ngotsoe Neng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ha e le Hantle Kosepele Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Testamente e Ncha”—Histori Kapa Tšōmo?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • ’Nete ka Jesu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na Bibele e re Bolella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 13
Letsoho la monna ea ngolang moqolo

Litlaleho Tse Buang ka Jesu li Ngotsoe Neng?

Karabo ea Bibele

Malebana le lintho tseo a li tlalehileng tse etsahetseng bophelong ba Jesu, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ea ho boneng o pakile, ’me bopaki ba hae ke ba ’nete, ’me monna eo oa tseba hore o bolela lintho tsa ’nete, e le hore le lōna le ka lumela.”—Johanne 19:35.

Lebaka le leng la ho tšepa Likosepele tse tlalehiloeng ke Matheu, Mareka, Luka le Johanne ke hore ba li ngotse nakong eo lipaki tse boneng ka mahlo li ntseng li phela. Ho ea ka libuka tse ling, Kosepele ea Matheu e ile ea ngoloa lilemo tse robeli feela ka mor’a lefu la Kreste, ke hore hoo e ka bang ka 41 C.E. Litsebi tse ngata li tšehetsa taba ea hore Kosepele eo e ngotsoe moraonyana ho moo, empa tse ngata lia lumellana hore libuka tsohle tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li ngotsoe lekholong la pele la lilemo C.E.

Batho ba ileng ba bona Jesu ha a sa phela lefatšeng, le ba ileng ba bona ha a bolaoa le ha a tsosoa, ba ka tiisa ho nepahala ha litlaleho tsa Kosepele. Ba ne ba ka boela ba pepesa habonolo feela ho se nepahale leha e le hofe haeba ho ne ho le teng. Moprofesa F. F. Bruce o ile a re: “E ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoa ha baapostola ba ne ba bolela ke hore ba ne ba kholisehile hore ba bua ka lintho tseo bamameli ba bona ba neng ba li tseba; ba ne ba sa re feela, ‘Re lipaki tse boneng lintho tsena,’ empa ba ne ba boetse ba re, ‘joalokaha le lōna le tseba’ (Acts 2:22).”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela