BACHA BAA BOTSA
Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?—Karolo ea 2: Bashanyana
Batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ke bo-mang?
Sheba mantsoe ana ’me u arabe lipotso tse latelang.
Karolo ea 1 |
Karolo ea 2 |
---|---|
Ba borabele |
Ba hlomphang |
Ba ichebileng bobona |
Ba tšepahalang |
Ba matla |
Ba nang le kutloelo-bohloko |
Ba botsoa |
Ba khothetseng |
Ba sa tsotelleng |
Ba nang le boikarabelo |
Ba sa tšepahaleng |
Ba buang ’nete |
Ke mantsoe afe a hlalosang bashanyana bao u atisang ho ba bona mecheng ea liphatlalatso (ho akarelletsa lifiliming, thelevisheneng le lipapatsong)?
Ke mantsoe afe a hlalosang tsela eo u ka ratang hore batho ba u tsebe ka eona?
E ka ’na eaba u arabile potso ea pele ka mantsoe a hlahang karolong ea 1 ’me ua araba potso ea bobeli ka a hlahang karolong ea 2. Haeba ho joalo, u entse hantle. Hobane’ng? Hobane tsela eo mecha ea liphatlalatso e hlahisang banna ka eona ha e bontše seo u leng sona—kapa seo u batlang ho ba sona. Nahana hore na ke hobane’ng ha re ka cho joalo.
Hangata mecha ea liphatlalatso e hlahisa banna e le ba ratang ntoa ebile e le marabele. Buka ea Why Boys Don’t Talk—and Why It Matters e re banna ba tummeng thelevisheneng, lifiliming le lipapaling ke “ba matla le ba bohale. . . . Seo se fana ka maikutlo a hore u lokela ho ba matla le ho ba lerabele haeba u batla ho ratoa ke batho.”
Nahana ka sena: Na ho ba bohale ho tla etsa hore u be motsoalle, mosebetsi-’moho kapa monna ea molemo? Ha ho na le ntho e u halefisang, ke ntho efe e hlokang matla—ho lumella ntho eo ho u halefisa kapa ho laola khalefo? Ke ntho efe e tla bontša hore u monna oa sebele?
Bibele e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.”—Liproverbia 16:32.
Haeba u tseba ho laola bohale, u matla ho feta mohale
Mecha ea liphatlalatso e hlahisa banna e le ba hlanyetsang thobalano. Chris ea lilemo li 17 o re: “Bashanyana ba hlahang thelevisheneng le lifiliming, ba chencha banana joaloka likausi.” Gary ea lilemo li 18 o phaella ka ho re: “Hangata mecha ea liphatlalatso e hlahisa bashanyana e le ba hlanyetsang thobalano.” Ka mohlala, lifilimi tse ling li etsa eka ntho feela eo bashanyana ba e phelelang ke menate, ho noa le ho robala le banana.
Nahana ka sena: Na u batla ho ba motho ea joalo? Na ha monna oa sebele a sheba basali o nka hore ba etselitsoe feela hore banna ba robale le bona, kapa o oa ba hlompha?
Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho [laola ’mele oa hae] khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.”—1 Bathesalonika 4:4, 5.
Mecha ea liphatlalatso e hlahisa bashanyana e le ba se nang boikarabelo. Hangata lifilimi le mananeo a thelevishene, a hlahisa bashanyana e le ba botsoa le ba se nang thuso. Mohlomong ke kahoo batho ba bang ba hōlileng ba sa lumeleng hore bashanyana ba na le bokhoni ba ho etsa mesebetsi e itseng. Gary, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka sokola ho fumana mosebetsi hobane bo-rakhoebo ba sebakeng sa heso ba ne ba batla ho hira basali feela. Ba ne ba nahana hore bashanyana ha ba na boikarabelo ebile ha ba tšepahale!”
Nahana ka sena: Na ke hantle hore mecha ea liphatlalatso e hlahise bashanyana e le ba se nang boikarabelo le ba sa tšepahaleng? U ka bontša joang hore uena ha u joalo?
Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.”—1 Timothea 4:12.
Seo u lokelang ho se tseba
Mecha ea liphatlalatso e ka ba le tšusumetso e matla ho uena. Ka mohlala, mecha ea liphatlalatso e ka etsa hore u nahane hore u lokela ho apara feshene ea morao-rao, e le hore u ratoe ke batho. Colin ea lilemo li 17 o re: “Lipapatso li hlahisa bashanyana ba apere liaparo tseo ho thoeng li tla etsa hore banana ba ba hlanyetse. Li etsa hore motho a batle ho li reka. Nkile ka etsa joalo ka makhetlo a ’maloa!”
Nahana ka sena: Na tsela eo u aparang ka eona e bontša seo u leng sona, kapa e bontša hore u latela bongata? Ke mang ea ruang molemo ha u sebelisa chelete ea hao ho reka liaparo tsa feshene?
Bibele e re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.”—Baroma 12:2.
Ho etsisa batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ho ka etsa hore u se khahle banana. Hlokomela seo banana ba bang ba se buileng:
“Nke ke ka thabela ho ba le mohlankana ea iketsang seo a seng sona hore feela a khahle batho ba bang. Moshanyana ea etsang joalo o qetella a shebahala joaloka sephoqo!”—Anna.
“Lipapatso li etsa hore bashanyana ba batle ho ba le lisebelisoa tse itseng tsa elektronike kapa liaparo tse itseng e le hore ba khahle banana. Empa ha banana ba se ba hōlile, ha ba sa sheba lintho tseo. Ho e-na le hoo, ba sheba seo monna a leng sona le tsela eo a tšoarang batho ba bang ka eona. Ka mohlala, banana ba rata bahlankana ba tšepahalang.”—Danielle.
“Hangata ha moshanyana a nahana hore o motle, o oa ikhantša—’na ha ke batle ho ba le motho ea joalo. Moshanyana leha a ka ba motle hakae, o ba mobe haeba a na le botho bo sa rateheng.”—Diana.
Nahana ka sena: Mangolo a re Samuele “o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Samuele 2:26) Ke litšobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona e le hore u be le botumo bo joalo?
Bibele e re: “Le tsoele pele joaloka banna.”—1 Bakorinthe 16:13.
Seo u ka se etsang
Ipotse hore na batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba ka u ama joang. Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”—1 Johanne 2:16.
Mecha ea liphatlalatso e etsa hore batho ba nke hore ha ho phoso ho ba le litakatso tseo. Kahoo, ithute ho nahana hore na lintho tseo u li bonang li ka u ama joang. Hangata lintho tseo u li bonang mecheng ea liphatlalatso, li entsoe ke babapatsi ba batlang ho etsa chelete.
Ipolelle hore na uena u batla ho ba motho oa mofuta ofe. Bibele e re: “Le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng”—eseng ho ea ka seo batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba batlang hore u be sona.—Bakolose 3:10.
Ka mohlala, nahana ka litšobotsi tseo u li tšoaileng qalong ea sehlooho sena, e leng litšobotsi tseo u ka ratang ho tsebahala ka tsona. U ka qala hona joale hore u li bontše kapa u ntlafatse tsela eo u li bontšang ka eona.
Batla batho ba ka u behelang mohlala o motle. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa. (Liproverbia 13:20) Ke banna bafe bao u ba tsebang ba bontšang hore ba bohlale? Ba bang ba bona ba ka akarelletsa ntate oa hao kapa malome oa hao. Ba bang e ka ba metsoalle e nang le phihlelo kapa batho bao u ba tloaetseng. Ho na le banna ba bangata ba behang mohlala o motle ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova. Bibele e bua ka batho ba behang mohlala ba kang Tite, bao bacha ba ka ba etsisang.—Tite 2:6-8.
Tlhahiso: Ithute ka mehlala ea banna ba khabane ba behang mohlala o motle ba kang Abele, Noe, Abrahama, Samuele, Elia, Jonase, Josefa le Petrose bukeng ea Etsisa Tumelo ea Bona.