Khaolong ea 27
Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
Oa tseba hore kea ratoa etsoe ke mo boleletse hore bashanyana ba bang baa nthata. O ile a tšeha ha ke mo bolella kamoo metsoalle e meng ea ka e leng lithoto kateng. Ebile oa tseba hore ke bohlale—ke ’nile ka lokisa lintho tse ’maloa tse fosahetseng tseo a neng a li bua. Kea ipotsa hore na o tla mphereha neng.
Ke ngoanana e motle, empa o bonahala a se na tsebo! Ha a mphe monyetla oa hore ke bue. Leha ke re kea bua, o lokisa seo ke se buang! Ha ke mo bona feela ekare nka ipata.
NA U tšoenngoa ke hore bashanyana ha ba u rate? Banana ba bangata ba tšoenngoa ke seo, esita le bao u neng u ka nahana hore ba ke ke ba e-ba le bothata! Ka mohlala, nahana ka Joanne. O motle, o bohlale ebile o khona ho itlhalosa. Leha ho le joalo, o re: “Hangata ke ba le boikutlo ba hore bashanyana ha ba nthate. Ba seng bakae bao ke neng ke ba rata ba ile ba nthahasella ka nakoana, empa ka mor’a moo ba khaotsa ho mpuisa!”
Ke lintho life tse etsang hore bahlankana ba rate ngoanana? Hona ke life tse etsang hore ba se ke ba mo rata? U ka etsa’ng hore u khahle mohlankana ea itlhomphang?
Seo U Lokelang ho se Etsa
● Tseba monahano le maikutlo a hao. Mohlomong u ile ua khahloa ke bashanyana haholo ka mor’a hore u kene boroetsaneng. E ka ’na eaba u ile ua khahloa ke bashanyana ba ’maloa. Eo ke ntho e tloaelehileng. Empa haeba u ka nkeha maikutlo ke moshanyana oa pele feela eo u utloang u mo rata, u ka ’na ua ipeha kotsing ea ho sitisa khōlo ea hao maikutlong le moeeng. Ho tla nka nako hore u hōlise litšobotsi tse ntle, ’me u ‘fetole kelello ea hao’ mabapi le lintho tsa bohlokoa le hore u finyelle lintho tse ling tseo u batlang ho li etsa.—Baroma 12:2; 1 Bakorinthe 7:36; Bakolose 3:9, 10.
Ke ’nete hore bashanyana ba bangata ba khahloa ke banana ba sa tsitsang linthong tseo ba li lumelang kapa ba se nang tsebo. Leha ho le joalo, bashanyana bao ba mpa ba khahloa ke seemo sa ’mele sa banana bao, eseng ke seo ba leng sona. ’Nete ke hore mohlankana ea shebang litaba hantle, o tla batla ngoanana eo e ka bang motlatsi oa hae.—Matheu 19:6.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke khahloa ke ngoanana ea khonang ho inahanela lintho, ea bonahalang a kholisehile hore ke motho ea ikemetseng.”—James.
“Nka rata ngoanana ea khonang ho itlhalosa ka botšepehi le ka tlhompho, ea sa lumeleng feela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e buang. Esita le haeba a le motle, ha ke rate ngoanana ea buang feela lintho tseo a tsebang hore kea li rata.”—Darren.
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
․․․․․
● Hlompha batho ba bang. Feela joalokaha u batla ho ratoa, bashanyana le bona ba labalabela ho hlomphuoa. Ha ho makatse hore ebe Bibele e re monna o lokela ho rata mosali oa hae le hore mosali o lokela ho ba le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae. (Baefese 5:33) Tumellanong le seo, ho bahlankana ba makholo bao ho buisanoeng le bona phuputsong e ’ngoe, ba fetang karolo ea 60 lekholong ba bontšitse hore ba ananela tlhompho ho feta lerato. Le banna ba hōlileng ba fetang karolo ea 70 lekholong bao ho buisanoeng le bona phuputsong eo ba buile se tšoanang.
Ho hlompha motho ha ho bolele ho inehela—ho tela tokelo ea ho ba le maikutlo a fapaneng le a hae le ho a ntša. (Genese 21:10-12) Empa tsela eo u ntšang maikutlo a hao ka eona e ka ’na ea etsa hore mohlankana a khahloe ke uena kapa a u furalle. Haeba u lula u mo hanyetsa kapa u lokisa seo a se buang, a ka ’na a nka hore ha u mo hlomphe. Empa haeba u ela hloko seo a se nahanang u bile u mo babatsa, mohlomong o tla amohela le ho ananela maikutlo a hao habonolo. Ho hlakile hore mohlankana ea nang le temoho o tla hlokomela haeba u tšoara ba lelapa leno le batho ba bang ka tlhompho.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke nahana hore ha le qala ho tsebana, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke tlhompho. Lerato le ka ’na la tla hamorao.”—Adrian.
“Haeba ngoanana a ntlhompha, ka sebele ke lumela hore a ka nthata.”—Mark.
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
․․․․․
● Apara ka boitlhompho ’me u lule u hloekile. Moaparo oa hao le boitlhopho li tšoana le libuela-hōle tse phatlalatsang seo u se nahanang le boitšoaro ba hao. Le pele u qala ho bua le moshanyana, moaparo oa hao o se o mo boleletse ho hongata ka uena. Haeba moaparo oa hao o hlophehile hantle, o tla fetisa molaetsa o motle ka uena. (1 Timothea 2:9) Haeba u apara ka tsela e tsosang takatso kapa e bohlasoa, le teng molaetsa o tla feta ka ho hlaka—empa e le o mobe!
Seo bashanyana ba se buang: “Tsela eo ngoanana a aparang ka eona e bontša hantle kamoo a ikutloang kateng. Haeba a apara liaparo tse behang ’mele ka ntle kapa ka tsela e bohlasoa, seo se mpontša hore joale o tsielehile, o batla hore a bonoe.”—Adrian.
“Ke rata ngoanana ea tsebang ho hlokomela moriri, ea nkhang hamonate le ea nang le lentsoe le thobang. Le hoja ke ne ke khahliloe ke ngoanana e mong e motle, ke ile ka mo tlohela ka lebaka la ho se hloeke ’meleng.”—Ryan.
“Haeba ngoanana a apara ka tsela e tsosang takatso, ha ho pelaelo hore o tla ipitsetsa mahlo. Empa ’na ha ke batle ho ratana le ngoanana ea joalo.”—Nicholas.
U nahana’ng ka mantsoe a ka holimo a builoeng ke bashanyana baa?
․․․․․
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
● U se ke ua bapala ka maikutlo a ba bang. Basali ba na le tšusumetso e matla haholo ho banna. Ba ka sebelisa matla ao a ho hohela banna hantle kapa hampe. (Genese 29:17, 18; Liproverbia 7:6-23) Haeba u batla ho inonya matla ka moshanyana e mong le e mong eo u kopanang le eena, u ka ’na ua tsejoa ka hore u motho ea bapalang ka maikutlo a ba bang.
Seo bashanyana ba se buang: “Ho lula pel’a ngoanana e motle feela le ho thetsana le eena ka mahetla e ka ba ntho e susumetsang maikutlo, kahoo ke nahana hore ngoanana ea lulang a u tšoara-tšoara ha a bua le uena o bapala ka maikutlo a hao.”—Nicholas.
“Haeba ngoanana a lula a tšoara-tšoara kapa a bonya le moshanyana e mong le e mong eo a kopanang le eena, ke nahana hore o bapala ka maikutlo a ba bang ’me ha a nkhahle.”—José.
● U se ke ua mo manama haholo. Ha batho ba nyalana, Bibele e re ba fetoha “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Boemong boo, monna le mosali ba tela bolokolohi boo e ka ’nang eaba ba ne ba e-na le bona ha e sa le masoha; ka sebele ba ikemisetsa ho khomarelana. (1 Bakorinthe 7:32-34) Empa haeba ke hona u ithutang mohlankana, ha u na tokelo ea ho lebella hore a etse seo ho uena, esita le eena ha aa lokela ho lebella seo ho uena.a ’Nete ke hore ha u ela hloko hore o na le tokelo ea ho thabela botsoalle le ba bang, u ka ’na ua mo khahla le ho feta. Tsela eo a sebelisang bolokolohi boo ka eona, e tla bontša hore na ke motho oa mofuta ofe.—Liproverbia 20:11.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke nahana hore ngoanana o tla be a ’maname haholo haeba a batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang ’me a bonahala eka ha a khone ho thabela botsoalle le batho ba bang kapa ho etsa lintho tseo a li ratang, haeba ke le sieo.”—Darren.
“Haeba ngoanana eo re sa tsoa qala ho ratana a lula a nketsetsa melaetsa ’me a batla ho tseba hore na ke na le bo-mang, haholo-holo mabitso a banana bao ke nang le bona, ke nahana hore seo ke letšoao la temoso.”—Ryan.
“Ngoanana ea sa u lumelleng ho qeta nako u e-na le metsoalle ea hao ea bashanyana ’me a koata ha u sa mo meme hore a tsamaee le uena kamehla, o tla be a u maname ka tsela e sa lokelang.”—Adrian.
U nahana’ng ka mantsoe a builoeng ke bashanyana ba sehloohoaneng see?
․․․․․
Ikananele
Mohlomong u tseba banana ba ka etsang ntho leha e le efe hore feela ba bonoe ba be ba ratoe ke moshanyana ea itseng. Ba bang ba ka ba ba lahla melao eo ba phelang ka eona e le hore feela ba fumane mohlankana kapa esita le hore ba nyaloe. Leha ho le joalo, molao-motheo o reng ‘u tla kotula seo u se jalang’ oa sebetsa tabeng ena. (Bagalata 6:7-9) Haeba u sa ikananele u bile u sa ananele melao eo u lekang ho phela ka eona, u ka ’na ua khahla bashanyana ba sa u ananeleng kapa ba sa ananeleng melao eo u lekang ho phela ka eona.
’Nete ke hore hase bashanyana bohle ba tla u rata, ’me seo e ka ba ntho e molemo! Empa haeba u hlokomela botle ba hao ba ka ntle le ba ka hare, u tla ba “oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo”—’me u tla khahla mohlankana ea u loketseng.—1 Petrose 3:4.
Ho thoe’ng haeba u moshanyana ’me u ’nile ua ipotsa hore na, ‘Ke hobane’ng ha banana ba sa nthate?’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho hlakile hore ha batho ba lebeletsane, ka tšoanelo baa ikarabella e mong ho e mong.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.”—Liproverbia 31:30.
KELETSO
U se ke ua inyeta ka litlolo! Ha u itlotsa haholo ka tsona, seo se ka fana ka maikutlo a fosahetseng a hore u motho ea inkelang holimo kapa ea batlang hore a bonoe.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Haeba u batla hore moshanyana a lule a shebane le uena feela, u ka ’na ua senya setsoalle sa lōna.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Tšobotsi eo ke tla leka ho ntlafatsa ho eona ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● U ka bontša joang hore u hlompha monahano le maikutlo a mohlankana?
● U ka bontša joang hore ua ikananela?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 190]
“Ke ’nete hore hangata qalong ke khahloa ke banana ba batle. Empa seo se ka fetoha ka potlako haeba ngoanana eo a se na morero o hlakileng, oa bohlokoa bophelong. Ka lehlakoreng le leng, haeba a tseba seo a batlang ho se etsa bophelong—haholo-holo haeba a se a finyeletse merero e meng ea hae—seo se ka mo etsa hore a be motle le ho feta.”—Damien
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Lerato le tlhompho li tšoana le mabili a mabeli a baesekele—ka bobeli ke tsa bohlokoa