Bacha Baa Botsa
Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
Oa tseba hore kea ratoa hobane ke mo boleletse hore bashanyana ba bang baa nthata. O ile a tšeha ha ke mo bolella kamoo metsoalle e meng ea ka e leng lithoto kateng. Ebile oa tseba hore ke bohlale—ke ’nile ka lokisa lintho tse ’maloa tse fosahetseng tseo a neng a li bua. Kea ipotsa hore na o tla mphereha neng.
Ke ngoanana e motle, empa o bonahala a se na tsebo! Ha ke e-s’o be le monyetla oa ho bua letho. Leha ke re kea bua, o lokisa seo ke se buang! Ha ke mo bona feela ekare nka ipata.
NA U tšoenngoa ke hore bashanyana ha ba u rate? Banana ba bangata ba tšoenngoa ke seo, esita le bao u neng u ka nahana hore ba ke ke ba e-ba le bothata! Ka mohlala, nahana ka Joanne. O motle, o bohlale ebile o khona ho itlhalosa. Leha ho le joalo, o re: “Hangata ke ba le boikutlo ba hore bashanyana ha ba nthate. Ba seng bakae bao ke neng ke ba rata ba ile ba nthahasella ka nakoana empa ka mor’a moo ba khaotsa ho mpuisa!”
Ke lintho life tse etsang hore bashanyana ba rate ngoanana? Hona ke life tseo ba sa li rateng? U ka etsa’ng hore u hape maikutlo a mohlankana ea itlhomphang empa u sa itheole seriti?
Seo U Lokelang ho se Etsa
● Tseba kelello le pelo ea hao. Mohlomong u ile ua khahloa ke bashanyana haholo ka mor’a hore u kene boroetsaneng. E ka ’na eaba u ile ua khahloa ke bashanyana ba ’maloa. Eo ke ntho e tloaelehileng. Empa haeba u ne u ka nkeha maikutlo ke moshanyana oa pele feela eo u utloang u mo rata, u ne u ka ’na ua ipeha kotsing ea ho sitisa khōlo ea hao maikutlong le moeeng. Ho nka nako hore motho a hōlise litšobotsi tse ntle, ’me a ‘fetole kelello ea hae’ mabapi le lintho tsa bohlokoa le hore a finyelle tse ling tsa lintho tseo a batlang ho li etsa.—Baroma 12:2; 1 Bakorinthe 7:36; Bakolose 3:9, 10.
Ke ’nete hore bashanyana ba bangata ba khahloa ke banana ba e-song ho tsitse linthong tseo ba li lumelang kapa ba se nang tsebo. Leha ho le joalo, bashanyana bao ba mpa ba khahliloe ke ’mele ea bona feela, eseng ke seo ba leng sona. ’Nete ke hore, mohlankana ea shebang litaba hantle o tla batla ngoanana eo e ka bang motlatsi oa hae.—Matheu 19:6.
Seo bashanyana ba se buang: “Ke khahloa ke ngoanana ea khonang ho inahanela lintho, ea bonahalang a kholisehile hore ke motho ea ikemetseng.”—James.
“Nka rata ngoanana ea khonang ho itlhalosa ka botšepehi le ka tlhompho, ea sa lumeleng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e buang feela. Esita le haeba a le motle, ha ke rate ngoanana ea buang feela lintho tseo a tsebang hore kea li rata. Seo sea ntšosa!”—Darren.
“Ke ’nete hore hangata qalong ke khahloa ke banana ba batle. Empa seo se ka fetoha ka potlako haeba ngoanana eo a se na merero e hlakileng, ea bohlokoa. Ka lehlakoreng le leng, haeba a tseba seo a batlang ho se etsa bophelong—haholo-holo haeba a se a finyeletse merero e meng ea hae—seo se ka mo etsa hore a be motle le ho feta.”—Damien.
● Hlompha batho ba bang. Feela joalokaha le uena u batla ho ratoa, bashanyana bao u ba tsebang le bona ba lakatsa ka ho tebileng hore ba hlomphuoe. Ha ho makatse hore ebe Bibele e re monna o lokela ho rata mosali oa hae le hore mosali o lokela ho ba le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae. (Baefese 5:33) Tumellanong le pono ena, phuputso e ’ngoe e entsoeng ho bahlankana ba makholo e bontšitse hore ba fetang karolo ea 60 lekholong ba ile ba bolela hore ba ananela tlhompho ho feta lerato. Le banna ba hōlileng ba fetang karolo ea 70 lekholong bao ho entsoeng phuputso ho bona ba ile ba bua se tšoanang.
Ho hlompha motho ha ho bolele ho inehela—ho tela tokelo ea ho ba le maikutlo a fapaneng le hae le ho a ntša. (Genese 21:10-12) Empa tsela eo u ntšang maikutlo a hao ka eona mohlomong e tla etsa hore mohlankana a khahloe ke uena kapa a u furalle. Haeba u lula u mo hanyetsa kapa u lokisa seo a se buang, a ka ’na a nka hore ha u mo hlomphe. Empa haeba u lumela seo a se nahanang u bile u mo babatsa, mohlomong o tla amohela le ho ananela maikutlo a hao habonolo. Ho hlakile hore mohlankana ea nang le temoho o tla hlokomela haeba u tšoara ba lelapa leno le batho ba bang ka tlhompho.a
Seo bashanyana ba se buang: “Bashanyana ba thabela ho tseba hore maikutlo a bona ke a bohlokoa, haholo-holo ho ngoanana eo ba mo ratang.”—Anthony.
“Ke nahana hore ha le qala ho ba le kamano, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke tlhompho. Lerato le ka ’na la tla hamorao.”—Adrian.
“Haeba ngoanana a ntlhompha, ka sebele ke lumela hore a ka nthata.”—Mark.
● Apara ka boitlhompho ’me u lule u hloekile. Moaparo oa hao le boitlhopho li tšoana le libuela-hōle tse phatlalatsang seo u se nahanang le boitšoaro ba hao. Le pele u qala ho bua le moshanyana, moaparo oa hao o se o mo boleletse ho hongata ka uena. Haeba moaparo oa hao o hlophehile hantle, o tla fetisa molaetsa o motle ka uena. (1 Timothea 2:9) Haeba u apara ka tsela e tsosang takatso kapa e bohlasoa, le teng molaetsa o tla feta ka ho hlaka—empa e le o mobe!
Seo bashanyana ba se buang: “Tsela eo ngoanana a aparang ka eona e bontša hantle kamoo a ikutloang kateng ka bophelo. Haeba a apara liaparo tse behang ’mele ka ntle kapa ka tsela e bohlasoa, seo se mpontša hore joale o tsietsing, o batla hore a bonoe.”—Adrian.
“Ke rata ngoanana ea tsebang ho hlokomela moriri oa hae, ea nkhang hamonate le ea nang le lentsoe le thobang. Ka le hlakoreng le leng, le hoja ke ne ke khahliloe ke ngoanana e mong e motle, ke ile ka mo tlohela ka lebaka la ho hloka bohloeki.”—Ryan.
“Ka sebele ke khahloa ke ngoanana ea sa inyeperetseng ka litlolo ea bileng a sa apareng liaparo tse mo penyang kapa tse behang ’mele ka ntle hore a bonoe.”—Ethan.
“Haeba ngoanana a apara ka tsela e tsosang takatso, ha ho pelaelo hore bashanyana ba tla mo bona. Empa ’na ha ke batle ho ratana le ngoanana ea joalo.”—Nicholas.
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
● U se ke ua bapala ka maikutlo a ba bang. Basali ba ka ba le tšusumetso e matla haholo ho banna. Matla ao a ho hohela banna a ka sebelisoa hantle kapa hampe. (Genese 29:17, 18; Liproverbia 7:6-23) Haeba u batla ho inonya matla ka moshanyana e mong le e mong eo u kopanang le eena, u ka ’na ua tsebahala u le motho ea bapalang ka maikutlo a ba bang.
Seo bashanyana ba se buang: “Ho lula pel’a ngoanana e motle feela le ho mo thetsa lehetleng ho ka thabisa moshanyana ’me ha mo tsosetsa maikutlo. Kahoo ke nahana hore ngoanana ea lulang a u tšoara-tšoara ha a bua le uena o bapala ka maikutlo a hao.”—Nicholas.
“Haeba ngoanana a lula a batla ho tšoara moshanyana e mong le e mong eo a kopanang le eena kapa a bonya le moshanyana e mong le e mong, ke nahana hore o bapala ka maikutlo a ba bang ’me ha ke khahloe ke eena.”—José.
“Haeba ngoanana a tšoara-tšoara moshanyana e mong le e mong eo a kopanang le eena ebe ka potlako o tsepamisa maikutlo ho ea mo bontšang thahasello haholo, ke nka hore o bapala ka maikutlo a ba bang.”—Ethan.
● U se ke ua mo manama haholo. Ha batho ba nyalana, Bibele e re ba fetoha “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Boemong bona, monna le mosali ba tela bolokolohi boo e ka ’nang eaba ba ne ba e-na le bona ha e sa le masoha; ka sebele ba ikemisetsa ho tšepana. (1 Bakorinthe 7:32-34) Leha ho le joalo, haeba ke hona u ithutang mohlankana, ha u na tokelo ea ho lebella hore a etse seo ho uena, esita le eena ha aa lokela ho lebella seo ho uena. Haeba u potlakela hore a shebane le uena feela, u ka ’na ua senya setsoalle sa lōna.b
Seo bashanyana ba se buang: “Ke nahana hore ngoanana o tla be a ’maname haholo haeba a batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang ’me a bonahala eka ha a khone ho thabela botsoalle le batho ba bang kapa ho etsa lintho tseo a li ratang, haeba ke le sieo.”—Darren.
“Haeba ngoanana eo ke sa tsoa kena leferehong le eena a lula a nketsetsa melaetsa ’me a batla ho tseba hore na ke na le bo-mang, haholo-holo mabitso a banana bao ke nang le bona, ke nahana hore seo ke letšoao la temoso.”—Ryan.
“Ngoanana ea sa u lumelleng ho qeta nako u e-na le metsoalle ea hao ea bashanyana ’me kamehla a koata ha u sa mo meme hore a tsamaee le uena, o tla be a u maname ka tsela e sa lokelang.”—Adrian.
Ikananele
Mohlomong u tseba banana ba ka etsang ntho leha e le efe e le hore feela ba bonoe ba be ba ratoe ke moshanyana ea itseng. Ba bang ba ka ba ba lahla melao eo ba phelang ka eona e le hore feela ba fumane mohlankana kapa esita le monna. Leha ho le joalo, molao-motheo o reng ‘u tla kotula seo u se jalang’ oa sebetsa tabeng ena. (Bagalata 6:7-9) Haeba u sa ikananele ’me u sa ananele le melao eo u lekang ho phela ka eona, u ka ’na ua hohela bashanyana ba sa u ananeleng kapa ba sa ananeleng melao eo u lekang ho phela ka eona.
’Nete ke hore hase bashanyana bohle ba tla u rata, ’me seo e ka ba ntho e molemo! Empa haeba u falimehela ho itlhokomela hore u be motle ’meleng ’me u hlokomela le botho ba hao, u tla ba “oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo”—’me u tla khahla mohlankana ea u loketseng.—1 Petrose 3:4.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba khaolo ea 3 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Ho hlakile hore ha batho ba lebeletsane, ka tšoanelo baa ikarabella e mong ho e mong.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
● U ka bontša joang hore u hlompha monahano le maikutlo a mohlankana?
● U ka bontša joang hore ua ikananela?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Lerato le tlhompho li tšoana le mabili a mabeli a baesekele—ka bobeli li bohlokoa