Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 28 maq. 195-202
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo U Lokelang ho Qala ka Sona
  • Mohato o Latelang
  • Seo U sa Lokelang ho se Etsa
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Tsoha!—2009
  • Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
    Tsoha!—2010
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 28 maq. 195-202

Khaolong ea 28

Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?

Ka sebele ke mo khahlile. Ke mo boleletse tsohle ka ’na—lintho tseo ke nang le tsona, libaka tseo nkileng ka li etela le batho bao ke ba tsebang. E tlameha ebe o labalabela ho intša le ’na!

Ekare lefatše le ka ngamoha, ke kene! E le hore motho eo ha a bone hore ha ke mo rate? Nka khaotsa moqoqo oo joang ka tsela e ke keng ea mo utloisa bohloko?

U SE u le lilemong tsa hore u qale ho intša. U ka rata ho fumana motho ea bohehang, ea lumelang lintho tseo le uena u li lumelang. (1 Bakorinthe 7:39) Empa nakong e fetileng, lekhetlo ka leng ha u ne u leka ho fereha ngoanana ea itseng, u ’nile ua utloa eka u thula thaba ka phatla. Ho ile ha senyeha hokae? Na banana ba batla bahlankana ba shebahalang hantle feela? Ngoanana e mong ea bitsoang Lisa o re: “Ke rata mohlankana ea litšika.” Leha ho le joalo, banana ba bangata ha ba shebe seo feela. Carrie ea lilemo li 18 o re: “Ha se kamehla bashanyana ba batle ba nang le mekhoa e metle.”

Ho ba le “mekhoa e metle” ho akarelletsa eng? Haeba u batla ho tseba ngoanana ea itseng haholoanyane, ke lintlha life tseo u lokelang ho nahana ka tsona? Hona ke melao-motheo efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola?

Seo U Lokelang ho Qala ka Sona

Pele u etsa qeto ea hore u se u loketse ho intša le ngoanana ea itseng, ho na le lintho tsa motheo tseo u lokelang ho li tseba tse tla u thusa ho etsa setsoalle le motho leha e le ofe. Nahana ka lintlha tse latelang.

● Ithute ho ba le mekhoa e metle. Bibele e re ‘lerato ha le na mekhoa e mebe.’ (1 Bakorinthe 13:5, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho ba le mekhoa e metle ho bontša hore u hlompha ba bang, ua hōla tsebong ’me u hlaolela botho bo kang ba Kreste. Leha ho le joalo, ho ba le mekhoa e metle ha ho tšoane le ho apara sutu hore u khahle ba bang, ebe ua e hlobola ha u fihla lapeng. Ak’u ipotse, ‘Na ke bontša mekhoa e metle ha ke e-na le ba lelapa leso?’ Haeba u sa e bontše, ho tla bonahala eka u iqobella ho ba le mekhoa e metle ha u e-na le ba bang bao e seng ba lelapa leno. Hopola, e le hore ngoanana ea masene a tsebe hantle hore na u motho ea joang, o tla sheba tsela eo u tšoarang ba lelapa leno ka eona.—Baefese 6:1, 2.

Seo banana ba se buang: “Ntho e nkhahlang e le kannete ke ha moshanyana a bontša mekhoa e metle linthong tse nyenyane, tse kang ho mpulela lemati haesita le linthong tse khōlō tse kang ho ba mosa le ho ’nahanela esita le ho nahanela ba lelapa leso.”—Tina.

“Kea teneha ha motho a qala ho kopana le ’na ’me a mpotsa lintho tse sa mo ameng, tse kang, ‘Na u na le mohlankana?’ kapa ‘U batla ho etsa’ng bophelong?’ Seo ha se bontše mekhoa e metle ebile se etsa hore ke se ke ka phutholoha!”—Kathy.

“Ke nka e le ho hloka tlhompho ha bashanyana ba nahana hore ba ka bapala ka maikutlo a rōna, joalokaha eka maikutlo a rōna hase a bohlokoa ’me re tsietsing ea ho nyaloa hoo re batlang hore ba re hauhele.”—Alexis.

● Lula u hloekile ’meleng. Ho lula u hloekile ho bontša hore ua itlhompha ebile u hlompha ba bang. (Matheu 7:12) Ha u itlhompha, ho ka etsahala hore ba bang ba u hlomphe. Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlokomoloha bohloeki ’meleng, u tla itšenyeletsa ho ngoanana eo u mo shebileng.

Seo banana ba se buang: “Mohlankana e mong ea neng a nthahasella, o ne a nkha lehano. Ke ne ke sitoa ho iphapanyetsa seo.”—Kelly.

● Hlaolela tsebo ea ho qoqa. Puisano e ntle ke motheo oa kamano e tšoarellang. Ha u bue ka lintho tseo u li thahasellang feela empa u bua le ka tseo motsoalle oa hao a li thahasellang. (Bafilipi 2:3, 4) U mamela ka hloko seo a se buang ’me u ananela maikutlo a hae.

Seo banana ba se buang: “Kea thaba ha mohlankana a qoqa le ’na ka bolokolohi, a hopola lintho tseo ke mo boleletseng tsona a bile a botsa lipotso tse ntšetsang moqoqo pele.”—Christine.

“Ke nahana hore bashanyana ba khahloa ke seo ba se bonang, empa banana bona ba khahloa ke seo ba se utloang.”—Laura.

“Limpho ke tsa bohlokoa. Empa haeba mohlankana a khona ho qoqa, a tseba ho u tšelisa le ho u khothatsa . . . seo se khahlisa hakaakang!”—Amy.

“Ke tseba mohlankana e mong ea imametseng, eo ho seng mohla a lokolohang ho feta tekano. Ha e le hantle, re khona ho qoqa a sa bue lintho tse kang, ‘Ua tla ua nkha hamonate’ kapa ‘Kajeno u shebahala hantle haholo.’ O ’mamela ka hloko ha ke bua ’me ke sona seo banana ba se ratang.”—Beth.

“Ka sebele nka rata ho qeta nako e ngata ke ithuta motho ea ratang metlae empa a boetse a khona ho bua ka lintho tse tebileng, a sa utloahale eka oa iketsisa.”—Kelly.

● E-ba le boikarabelo. Bibele e re: “E mong le e mong o lokela ho jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5, Contemporary English Version) Banana ba ke ke ba rata mohlankana ea sa khoneng ho lula mosebetsing hobane a le botsoa kapa a qeta nako e ngata a bapala.

Seo banana ba se buang: “Ekare bashanyana ba bang ba ka bontša hore ba na le boikarabelo haholoanyane. Motho ea se nang boikarabelo oa ntsoafisa. Seo ha se mo hlahise hantle.”—Carrie.

“Bashanyana ba bang ha ba tsebe seo ba batlang ho se etsa bophelong. Haeba ba khahliloe ke ngoanana ea itseng, baa mo botsa hore na o batla ho etsa’ng bophelong, ebe ba re, ‘Khele, ke sona seo le ’na ke batlang ho se etsa!’ Empa lintho tseo ba li etsang ha li bontše seo.”—Beth.

Ho sebelisa litlhahiso tse ka holimo ho tla u thusa hore u thabele botsoalle bo molemo. Leha ho le joalo, u lokela ho etsa’ng haeba u nahana hore u se u loketse ho fereha ngoanana ea itseng?

Mohato o Latelang

● Nka bohato ba pele. Haeba u nahana hore ngoanana ea itseng eo u mo ratang e ka ba molekane ea loketseng oa lenyalo, mo tsebise hore ua mo rata. Toba taba ’me u mo bolelle ka ho hlaka hore na u ikutloa joang. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo. U tšoha hore a ka ’na a u hana. Empa hore ebe u ikemiselitse ho nka bohato ba pele ho bontša hore u se u hōlile. Leha ho le joalo, ela hloko: Hase hore u kōpa hore le nyalane. Kahoo, e-ba hlokolosi. Haeba u bua u hloname kapa u se u lomahantse meno haholo, seo se ka ’na sa tšosa ngoanana ho fapana le ho mo khahla.

Seo banana ba se buang: “Ha ke khone ho bona se ka pelong. Kahoo haeba mohlankana a batla ho ithuta ’na, o tla lokela hore a ipuele ’nete feela, a tobe taba ’me a mpolelle.”—Nina.

“Haeba le ne le bile metsoalle ka nakoana, ho ka ’na ha e-ba thata ha boemo boo bo fetoha. Empa nka hlompha motho ea mpolellang ka ho toba hore a ka rata ho ntseba haholoanyane, ke se motsoalle feela tjee.”—Helen.

● Hlompha qeto ea ngoanana. U tla etsa’ng haeba ngoanana a re o batla hore le lule le le metsoalle feela? Mo hlomphe ’me u lumele hore o tseba se ka pelong ea hae le hore o tiile ka seo a se bolelang. U tla be u bontša hore ha u e-s’o hōle kelellong haeba u mo phehella hore a u lumele. Ha e le hantle, haeba u hlokomoloha seo ngoanana a u bolellang sona ka ho hlaka ha a re ha a u rate—ebile u halefisoa ke seo—na u hlile u nahanela maikutlo a hae kapa a hao feela?—1 Bakorinthe 13:11.

Seo banana ba se buang: “Kea teneha ha ke boleletse moshanyana ka ho toba hore ha ke mo rate empa a ntse a nkemella.”—Colleen.

“Ke ile ka hlalosetsa moshanyana e mong hore ha ke mo rate, empa a ’na a nkemella ka hore ke mo fe nomoro ea ka ea fono. Ke ne ke batla ho mo siela seriti. Etsoe mohlomong ho ne ho bile thata hore a mpolelle maikutlo a hae. Empa qetellong ke ile ka tlameha ho bua ke lomahantse meno.”—Sarah.

Seo U sa Lokelang ho se Etsa

Bahlankana ba bang ba nahana hore ha ba na bothata ba ho etsa hore banana ba ba rate. Ba ka ba ba hlōlisana le metsoalle ea bona ka hore na ke mang ea khahlang banana ba bangata. Empa tlhōlisano e joalo ke ketso e sehlōhō ’me e tla u senya lebitso. (Liproverbia 20:11) U ka phema seo haeba u hopola lintho tse latelang.

● U se ke ua bapala ka maikutlo a motho e mong. Motho ea bapalang ka maikutlo a e mong a lerato o sebelisa mantsoe a boikaketsi le ho etsa lintho tse ka tsosang maikutlo a motho e mong a lerato. Haa ikemisetsa ho ntšetsa pele kamano e hlomphehang ea lerato le motho eo. Ho etsa seo ke ho hlokomoloha keletso ea Bibele ea hore u tšoare “basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.” (1 Timothea 5:2) Batho ba bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato hase metsoalle ea sebele ebile ha e be balekane ba molemo ha ba se ba le lenyalong. Banana ba nang le temoho ba tseba seo.

Seo banana ba se buang: “Ke ntho e khopisang ha motho a u bolella mantsoe a boikaketsi empa u tseba hore o buile se tšoanang ho motsoalle oa hao khoeling e fetileng.”—Helen.

“Mohlankana e mong e motle o ile a qala ho bontša hore oa nthahasella empa a qeta nako e ngata a bua ka eena. Ha ngoanana e mong a fihla sehlopheng sa rōna, o ile a etsa se tšoanang le ho eena. Ha ho fihla ngoanana e mong oa boraro, a ’na a etsa se tšoanang. Seo se ne se khopisa!”—Tina.

● U se ke ua bapala ka maikutlo a ngoanana. U se ke ua lebella hore setsoalle seo u nang le sona le bashanyana ba bang se tla tšoana le seo u bang le sona le banana. Hobane’ng? Nahana ka sena: Haeba u babatsa motsoalle e mong oa hao oa moshanyana ka hore sutu ea hae e ncha ea mo tšoanela kapa u lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao, a ka ’na a se ke a nahana hore u na le maikutlo a lerato ho eena. Empa haeba u babatsa ngoanana ka tsela eo a shebahalang ka eona kapa u lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao, a ka ’na a nahana hore ua mo rata.

Seo banana ba se buang: “Ke nahana hore bashanyana ha ba utloisise hore ba ke ke ba tšoara banana ka tsela e tšoanang le eo ba tšoarang metsoalle ea bona ea bashanyana ka eona.”—Sheryl.

“Moshanyana e mong o ile a nka nomoro ea ka ea fono ’me ka mor’a moo a nthomella molaetsa. Kahoo . . . seo se bolela’ng? Ka linako tse ling le ka ba le kamano ka ho ngollana melaetsa ’me le be le nkehe maikutlo, empa ha e le hantle, le ka bua lintho tse kae ha le ngollana melaetsa ka fono?”—Mallory.

“Ke nahana hore bashanyana ha ba hlokomele kamoo banana ba amehang maikutlo kapele kateng, haholo-holo haeba ba bontša hore baa ba tsotella ebile e le batho bao ho leng bonolo ho buisana le bona. Hase hore banana bao ba tsietsing. Ke nahana hore banana ba bangata ba mpa ba batla ho fumana mohlankana ea ba loketseng.”—Alison.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 3

KHAOLONG E LATELANG

U ka hlokomela phapang joang pakeng tsa lerato la sebele le ho nkeha maikutlo feela?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:24.

KELETSO

Botsa batho ba baholo ba seng ba kae ba hōlileng tsebong hore na ba nahana hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo mohlankana a lokelang ho e tseba ke efe, ’me u hlahlobe hore na ho hlokahala hore u e ntlafatse.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Seo u leng sona ka hare ke sa bohlokoa ho feta tsela eo u shebahalang ka eona.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ntlha eo nka bontšang mekhoa e metle haholoanyane ho eona, ke ․․․․․

E le hore ke ntlafatse bokhoni ba ka ba ho qoqa, ke tla ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● U ka bontša joang hore ua itlhompha?

● U ka bontša joang hore u hlompha monahano le maikutlo a ngoanana?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 198]

“Bashanyana ba nahana hore ba lokela ho apara kapa ho shebahala ka tsela e itseng e le hore ba khahle banana. Le hoja sena e ka ’na eaba ke ’nete, ke nahana hore banana ba bangata ba khahloa ke litšobotsi tse ntle tseo mohlankana a nang le tsona.’’—Kate

[Setšoantšo se leqepheng la 197]

Ho ba le mekhoa e metle ha ho tšoane le ho apara sutu hore u khahle ba bang ebe ua e hlobola ha u fihla lapeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela