Khaolong ea 29
Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?
Araba lipotso tse latelang:
1. U ka hlalosa “lerato” joang? ․․․․․
2. U ka hlalosa “ho nkeha maikutlo” joang? ․․․․․
3. U nahana hore phapang ke efe pakeng tsa lerato le ho nkeha maikutlo? ․․․․․
E KA ’na eaba ho bile bonolo ho araba lipotso tsena tse ka holimo. Etsoe ho bonolo ho hlokomela phapang pakeng tsa lerato le ho nkeha maikutlo ha u nahana ka seo e leng khopolo-taba feela.
Empa seo sohle se ka fetoha ha u qala ho bona mohlankana kapa moroetsana eo u mo ratang. Hang-hang u nkoa ke setsokotsane sa lerato ’me ha u sa batla ho utloa letho. U mo rata hoo u sa tsebeng hore na u iketse’ng. Kapa na ho feela ho le joalo? Na ke lerato—kapa ke ho nkeha maikutlo? U ka tseba joang? E le hore re arabe potso eo, a re qale ka ho hlahloba kamoo e ka ’nang eaba tsela eo u ikutloang ka eona ka batho ba bong bo fapaneng e ’nile ea fetoha kateng lilemong tsa morao tjena. Ka mohlala, nahana ka lipotso tse latelang:
● U ne u nahana’ng ka batho ba bong bo fapaneng ha u le lilemo li hlano?
● Hona joale u nahana’ng ka bona?
E ka ’na eaba likarabo tsa hao li bontša hore ha u kena lilemong tsa bocha, u ile ua qala ho talima batho ba bong bo fapaneng ka tsela e ’ngoe. Brian ea lilemo li 12 o re: “Ke ile ka qala ho hlokomela hore banana ba batle.” Elaine ea lilemo li 16 o hopola kamoo lintho li ileng tsa fetoha kateng lilemong tse seng kae tse fetileng. O re: “Metsoalle eohle ea ka ea banana e ile ea qala ho bua ka bashanyana, kahoo bashanyana ba nkopanya hlooho.”
Kaha joale u se u qala ho lemoha batho ba bong bo fapaneng, u ka sebetsana joang le maikutlo aa a matla? Ho e-na le ho etsa eka ha u na maikutlo ao—e leng se tla u thatafalletsa lintho le ho feta—u ka sebelisa monyetla ona o babatsehang ho ithuta ho hong ka khoheli, ho nkeha maikutlo le lerato. Ha u utloisisa likarolo tsena tse tharo tse amanang le litaba tsa lerato, seo se ka u qobisa masisa-pelo le ho u thusa hore ka nako ea teng, u fumane motho eo u mo ratang e le kannete.
KHOHELI → Seo u se bonang
“’Na le metsoalle ea ka re lula re bua ka banana. Re leka ho bua ka lintho tse ling, empa hang feela ha ho feta ngoanana e motle, re lebala seo re neng re ntse re bua ka sona!”—Alex.
“Ke khahloa ke mohlankana ea nchebang mahlong le ea bososelang hamonate ea bileng a bontšang ho itšepa ha a tsamaea.”—Laurie.
Ke ntho ea tlhaho ho khahloa ke motho e motle. Bothata ke hore ka linako tse ling tsela eo u bonang motho ka eona e ka ’na ea fapana le seo a leng sona. Hobane’ng? Hobane ponahalo e ka ’na ea thetsa. Bibele e re: “Joaloka lesale la nko la khauta sefeneng sa kolobe, mosali e motle empa a furalla ho ba le kelello o joalo.” (Liproverbia 11:22) Ho hlakile hore molao-motheo ona oa sebetsa le ho bashanyana.
HO NKEHA MAIKUTLO → Seo u se nahanang
“Ha ke le lilemo li 12, ke ne ke nkehile maikutlo haholo ka moshanyana e mong ’me hamorao ha ke hlaphoheloa, ke ile ka elelloa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke mo rata. Ke hobane feela metsoalle eohle ea ka e ne e rata bashanyana—’me le eena e ne e le moshanyana. Lebaka e ne e le lona leo!”—Elaine.
“Ke ’nile ka haptjoa maikutlo ke banana ba bangata, empa ke ne ke khahloa feela ke kamoo ba shebahalang kateng. Hang ha ke hlokomela hore na motho eo ke oa mofuta ofe, ke ne ke elelloa hore ha re tšoane joalokaha ke ne ke nahana.”—Mark.
Ha motho a nkehile maikutlo ka motho ea itseng o nahana hore oa mo rata. Ha e le hantle, ho rata motho ho akarelletsa ho khahloa ke ponahalo ea hae. Empa motheo oa lerato o fapane hōle le oa ho nkeha maikutlo. Ha motho a nkehile maikutlo o itšoara ho latela seo a se bonang ka ntle feela. Ho boetse ho etsa hore motho a iphapanyetse mefokolo ea motho eo ’me a feteletse makhabane a hae. Kahoo, ho nkeha maikutlo ho tšoana le ho haha qhobosheane lehlabatheng. Ngoanana e mong ea bitsoang Fiona o re: “Ke ntho ea nakoana feela. U ka khahloa ke motho ea itseng kajeno, ’me khoeling e tlang ua ikutloa ka tsela e tšoanang ka motho e mong hape!”
LERATO → Seo u se tsebang
“Ke nahana hore u rata motho hobane ho e-na le se u khahlang ka eena, ’me leo ke lebaka le utloahalang—eseng la boithati.”—David.
“Ke nahana hore batho ba lokela ho nka nako e le hore ba ratane e le kannete. Le qala le le metsoalle. Ebe butle-butle, u rata seo u se tsebang ka motho eo ’me u qala ho ba le maikutlo ao pele u neng u se na ’ona.”—Judith.
Motheo oa lerato ke ho tseba ka ho feletseng makhabane ao motho a nang le ’ona le lintho tseo a fokolang ho tsona. Ha ho makatse hore ebe Bibele ha e hlalose lerato e le boikutlo feela. Har’a tse ling, e re lerato “lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:4, 7, 8) Lerato le etsa hore motho a etse lintho tsena hobane a e-na le tsebo—eseng hobane a lumela lintho habonolo feela kapa a se na tsebo.
Mohlala oa Lerato la Sebele
Tlaleho ea Bibele e buang ka Jakobo le Ragele e bontša ka ho hlaka seo lerato la sebele le leng sona. Jakobo o ile a kopana le Ragele selibeng, moo Ragele a neng a il’o noesa linku tsa ntate oa hae. Jakobo o ile a khahloa ke eena hang-hang. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore “o ne a bōpehile hantle, a le motle haholo.”—Genese 29:17, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Empa hopola hore lerato la sebele ha lea thehoa feela seemong sa ’mele. Jakobo o ile a hlokomela lintho tse ling tse ntle ka Ragele. Ha e le hantle, Bibele e re ka mor’a nakoana, maikutlo a Jakobo ka Ragele e ne e se e se a ho khahloa feela. O ne a se “a rata Ragele.”—Genese 29:18.
Na pale ee ea lerato e ile ea fella moo? Che—ha ea ka ea fella moo. Ntate oa Ragele o ile a emisa Jakobo lilemo tse supileng pele a ka nyala Ragele. Ebang seo se ne se e-na le toka kapa che, lerato la Jakobo le ile la lekoa. Haeba Jakobo a ne a nkehile maikutlo feela, o ne a ke ke a khona ho ema nako eo e telele. Lerato la sebele ke lona feela le tšoarellang nako e telele. Kahoo ho ile ha etsahala’ng? Bibele e re: “Eaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka lilemo tse supileng, empa mahlong a hae tsa e-ba joaloka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.”—Genese 29:20.
U ithuta eng mohlaleng oo oa Jakobo le Ragele? Hore lerato la sebele le ka tšoarella nako e telele. Le hore ha lea itšetleha ka seemo sa ’mele feela. Ha e le hantle, motho eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa hao oa ka moso, e ka ’na ea e-ba eo qalong u neng u sa bone a le motle hakaalo. Ka mohlala, Barbara o ile a kopana le mohlankana e mong, eo a reng qalong o ne a sa mo khahle hakaalo. O re: “Empa ha ke ntse ke mo tloaela, lintho li ile tsa fetoha. Ke ile ka hlokomela kamoo Stephen a neng a tsotella batho ba bang kateng le kamoo a neng a lula a eteletsa pele lintho tseo ba bang ba li thahasellang kateng. Tsena ke litšobotsi tseo ke neng ke tseba hore lia hlokahala hore motho e be monna oa sebele. O ile a nkhahla ’me ka qala ho mo rata.” Seo se ile sa etsa hore lenyalo la bona e be le tiileng.
Haeba u se u hōlile ka ho lekaneng hore u ka ratana ka sepheo sa ho kena lenyalong, u tla tseba joang haeba u fumane motho eo u mo ratang e le kannete? U ka ’na ua ikutloa ka tsela e itseng, empa tšepa kelello ea hao e koetlisitsoeng ka Bibele. U se ke ua sheba seemo sa ’mele feela. Iphe nako ea ho hōlisa botsoalle ba lōna. Hopola hore hangata ho nkeha maikutlo ho nka nako e khutšoanyane feela. Empa lerato la sebele le tiea le ho feta ha nako e ntse e ea ’me e ba “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14.
Kholiseha hore u ka fumana lerato la mofuta oo—haeba u sa susumetsoe ke khoheli feela (seo u se bonang) le ho nkeha maikutlo (seo u se nahanang). Lintlha tse maqepheng a mararo a latelang li tla u thusa ho etsa seo.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 1 LE EA 3
A re nke hore u fumane motho eo u mo ratang e le kannete. U ka tseba joang haeba u se u loketse ho kena lenyalong?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Metsi a mangata ha a khone ho tima lerato, leha e le hore linōka li ka le hohola.”—Sefela sa Lifela 8:7.
KELETSO
E le ho fumana hore na u tseba motho ea u khahlileng hantle hakae, araba lipotso tse leqepheng la 39 (bakeng sa banana) le tse leqepheng la 40 (bakeng sa bashanyana) Bukeng ea 2.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Bacha ba kenang ba tsoa litabeng tsa lerato, ha e le hantle “ba itokisetsa” ho hlala ha ba se ba kene lenyalong.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le ho hlokomela hore na tsela eo ke ikutloang ka eona ka motho ea itseng e bontša hore ke nkehile maikutlo kapa kea mo rata, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore ho be le maikutlo a matla a khoheli pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng?
● Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa atlehe litabeng tsa lerato?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 207]
“Lerato le khona ho hlōla mathata, athe batho ba nkehileng maikutlo bona ba atisa ho arohana hang feela ha maemo a fetoha kapa mathata a hlaha. Ho nka nako hore batho ba hlaolele lerato la sebele.”—Daniella
[Lebokose le leqepheng la 209]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
U ne U ka Etsa’ng?
Michael o se a qetile likhoeli tse tharo a ratana le Judy ’me Judy o re “o mo rata hona hoo.” Michael oa mo tefisa—ebile o mo bolella hore na a apare joang le hore na a tloaelane le bo-mang. O ’nile a mo tšoara joaloka khalase—ho fihlela bekeng e fetileng. Michael o ile a jabela Judy ka tlelapa ha a “mo fumana” a bua le moshanyana e mong.
Michael o re: “Judy o lokela ho tseba hore ke tšaba hore o tla ntlohela. Ha e le hantle, esita le ho nahana feela ka hore mohlankana e mong a ka ’na a nkukela eena, ho nkopanya hlooho! Ke masoabi hore ebe ke ile ka mo jabela. Empa ke sitoa ho iphapanya ha ke mo bona a e-na le mohlankana e mong. Ntle ho moo, ke kōpile hore a ntšoarele!”
Judy o re: “Batsoali ba ka ba re Mike o rata ho ntaola, empa bonneteng ke motho ea phelang ka melao-motheo e phahameng. Ha a e-s’o ka a leka ho nqobella ho kopanela boitšoarong bo bobe. Le ha a ntjabela ka tlelapa—e leng seo ke sa kang ka se bolella batsoali ba ka—ke hobane ke ne ke ntse ke bua le moshanyana e mong. Mike oa boulela, e leng se nkhahlang ka linako tse ling. Ebile o nkōpile hore ke mo tšoarele a ba a ntšepisa hore ha a sa tla hlola a etsa seo.”
Ntša maikutlo a hao: Na u bona matšoao a lemosang ho baratani baa? Haeba a teng, ke afe? ․․․․․
Judy o lokela ho etsa’ng? ․․․․․
Uena u ne u ka etsa’ng? ․․․․․
[Lebokose le leqepheng la 210]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
U ne u ka Etsa’ng?
Ethan o se a qetile likhoeli tse peli a ratana le Alyssa ’me o hlokometse kamoo Alyssa a ratang ho pheha khang kateng, haholo-holo le batsoali ba hae. Ha e le hantle, Alyssa o lula a pheha khang le batsoali ba hae, ’me hangata ke eena ea hlōlang. O khona ho tsitlella seo a se batlang ho fihlela batsoali ba hae ba tela. Alyssa o ’nile a ithorisa ho Ethan ka hore batsoali ba hae “ba utloa ka eena.”
Ethan o re: “Alyssa o ipuela feela. Ha a batle ho bolelloa ntho leha e le efe—esita le ke batsoali ba hae. Ntate oa hae o etsa lintho tse khopisang, kahoo ha ho makatse hore ebe seo sea mo halefisa. Alyssa ha a tlatse lerata feela. A ka lla, a topola molomo, kapa a iketsa motho ea mosa—a etsa ntho leha e le efe hore batsoali ba hae ba mo fe seo a se batlang.”
Alyssa o re: “Ha ke tsotelle hore na u mang kapa u boemong bofe, ke tla u joetsa litaba tsa hao, ebile ha ke na ho hlatha koana le koana. Mohlankana oa ka, Ethan, o ntseba hantle. O kile a mpona hore na ke joang ha ke e-na le batsoali ba ka.”
Ntša maikutlo a hao: Na u bona matšoao a lemosang ho baratani baa? Haeba a teng, ke afe? ․․․․․
Ethan o lokela ho etsa’ng? ․․․․․
Uena u ne u ka etsa’ng? ․․․․․
[Lebokose le leqepheng la 211]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
Na ke Lerato Kapa ke ho Nkeha Maikutlo?
Leka ho tlatsa mantsoe a sieo lipolelong tse ka tlaase mona. Tlatsa likheo tseo ka lentsoe lerato/rata kapa poleloana ho nkeha maikutlo/nkehile maikutlo.
1. “Ha motho a․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ o iphapanyetsa linnete ’me o rata hore lintho li lule li le joalo. Ha a batle ho sheba lintho ka tsela ea sebele.”—Calvin.
2. “Haeba ke tlameha ho fetola botho ba ka ha ke e-na le ngoanana ea nkhahlileng, seo ke ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ .” —Thomas.
3. “Ho na le ntho e itseng e ka ’nang ea u khopisa ka motho eo. Empa haeba u mo ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․, u tla ’ne u batle ho ba le eena ’me le rarolle bothata boo.”—Ryan.
4. “Ha motho a․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․, o sheba feela lintho tseo ba tšoanang ho tsona.”—Claudia.
5. “Ha u․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․motho, ha u pate seo u leng sona.”—Eve.
6. “․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ke tsela e ’ngoe ea boithati ea ho batla ho fumana seo u se batlang—mohlomong e le hore feela u re u na le mohlankana.”—Allison.
7. “Ha u ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ motho, u lemoha liphoso le botho ba hae bo sa tloaelehang, empa u mamella lintho tseo.”—April.
8. “Ha u ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․, u sitoa ho hlalosa hore na ke’ng e u khahlang ka motho eo—u utloa feela hore ua mo rata.”—David.
9. “Ha u ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․, ha ho mohla motho eo a etsang phoso.”—Chelsea.
10. “Ha u ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․motho, ha u sa talima batho ba bong bo fapaneng joaloka pele, kaha u nka hore u lokela ho tšepahala ho motho eo.”—Daniel.
Likarabo: Ho nkeha maikutlo: 1, 2, 4, 6, 8, 9. Lerato: 3, 5, 7, 10.
[Setšoantšo se maqepheng a 206, 207]
Ho nkeha maikutlo ho tšoana le ho haha qhobosheane lehlabatheng—ka mor’a nakoana hoa fela