Boprofeta ke Eng?
Karabo ea Bibele
Boprofeta ke molaetsa o tsoang ho Molimo. Bibele e re baprofeta “ba ile ba bua litaba tse tsoang ho Molimo hobane ba susumetsoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:20, 21) Kahoo, moprofeta ke motho ea buang litaba tse tsoang ho Molimo ebe o li fetisetsa ho batho ba bang.—Liketso 3:18.
Molimo o ile a fa baprofeta molaetsa joang?
Molimo o ile a sebelisa mekhoa e mengata ho fetisetsa molaetsa oa hae ho baprofeta, e kang:
Ho ba ngolla. Molimo o ile a sebelisa mokhoa ona ha ’ngoe ha a ne a ngolla Moshe Melao e Leshome.—Exoda 31:18.
Ho bua le bona a sebelisa mangeloi. Ka mohlala, Molimo o ile a sebelisa lengeloi ho fa Moshe molaetsa oo a neng a lokela ho o bolella Faro oa Egepeta. (Exoda 3:2-4, 10) Ha Molimo a ne a hloka hore molaetsa o ngoloe fatše, o ne a laela mangeloi hore a bolelle batho hore na ba re’ng, joalokaha a ile a etsa ho Moshe ha a ne a re ho eena: “U ngole mantsoe ana hobane ke etsa selekane le uena le Iseraele tumellanong le ’ona.”—Exoda 34:27.a
Lipono. Ka linako tse ling moprofeta o ne a ka fumana lipono a ntse a sa robala. (Esaia 1:1; Habakuke 1:1) Lipono tse ling li ne li hlakile hoo baprofeta ba neng ba ipona ba le ho tsona. (Luka 9:28-36; Tšenolo 1:10-17) Ka linako tse ling, moprofeta o ne a ka bona lipono a ntse a robetse. (Liketso 10:10, 11; 22:17-21) Molimo o ne a boetse a fa moprofeta molaetsa oa hae ka litoro.—Daniele 7:1; Liketso 16:9, 10.
Ho susumetsa tsela eo ba nahanang ka eona. Molimo o ile a susumetsa menahano ea baprofeta hore ba fetise molaetsa oa hae. Sena ke sona seo Bibele e se buang ha e re: “Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo.” Mantsoe a reng “a tsoa ho Molimo” a ka boela a bolela a “bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16; Phetolelo ea Lefatše le Lecha) Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang kapa matla ao aa sebelisang ho etsa lintho, ho “bululela” menahano ea hae ho baprofeta ba hae. Le hoja baprofeta ba ne ba ikhethela mantsoe ao ba a sebelisang empa molaetsa o ne o tsoa ho Molimo.—2 Samuele 23:1, 2.
Na kamehla boprofeta bo bua ka lintho tse tla etsahala?
Teng ke nnete hore boholo ba molaetsa oa Molimo bo bua ka lintho tse tla etsahala leha e se ka tsela e tobileng empa boprofeta ba Bibele ha bo bue feela ka lintho tse tla etsahala. Ka mohlala, baprofeta ba Molimo ba ne ba khalemela Baiseraele hangata ka lintho tse mpe tseo ba li etsang. Likhalemelo tseo li ne li thusa Baiseraele ho bona hore haeba ba mamela, ba ne ba tla hlohonolofatsoa empa haeba ba khetha ho se mamele, lintho li ne li tla ba tsamaela hampe. (Jeremia 25:4-6) Qeto eo Baiseraele ba neng ba tla e etsa e ne e tla bontša hore na ba ne ba batla hore lintho li ba tsamaele joang.—Deuteronoma 30:19, 20.
Mehlala ea moo boprofeta ba Bibele bo sa bueng ka lintho tse tla etsahala
Ka lekhetlo le leng ha Baiseraele ba ne ba kopa Molimo hore a ba thuse, o ile a romela moprofeta ho ba hlalosetsa hore ha aa ba thusa kaha le bona ba hanne ho mamela melao ea hae.—Baahloli 6:6-10.
Ka le leng ha Jesu a bua le mosali oa Mosamaria, o ile a bua ka lintho tse mo etsahalletseng tseo e tlamehang ebe o li tsebile hobane a thusitsoe ke moea o halalelang. Mosali eo o ile a nka Jesu e le moprofeta le hoja a ne a sa bue ka lintho tse tla etsahala.—Johanne 4:17-19.
Ha Jesu a ne a tl’o bolaoa, lira tsa hae li ile tsa mo koahela sefahleho, tsa mo otla eaba li re ho eena: “Profeta hore na ke mang ea u otlileng.” Lira tseo li ne li sa re Jesu a li bolelle hore na ho tla etsahala’ng empa li ne li batla a li bolelle hore na ke mang ea mo otlileng a thusoa ke moea o halalelang.—Luka 22:63, 64.
a Le hoja ho ne ho bonahala eka Molimo o buile le Moshe ka ho toba tabeng ena, Bibele e bontša hore Molimo o sebelisitse mangeloi ho fana ka selekane sa Molao ea Moshe.—Liketso 7:53; Bagalata 3:19.