BACHA BAA BOTSA
Nka Khetha Motho eo ke Batlang ho Tšoana le Eena (Role Model) Joang?
“Ha ke kopana le mathata sekolong, ke thusoa ke ho nahana ka motho eo ke mo ratang ea kileng a feta boemong bo tšoanang le ba ka. Ka mor’a moo ke leka ho latela mohlala oa hae. Ho ba le role model ho etsa hore ho be bonolo ho feta har’a mathata.”—Haley.
Role model e ka u thusa hore u qobe mathata ’me u fihlele seo u se batlang. U ka thusoa ke ho khetha role model e nepahetseng.
Ke hobane’ng ha u lokela khetha ka bohlale?
Li role model li ka susumetsa tsela eo u itšoarang ka eona.
Bibele e bolella Bakreste hore ba ithute ho batho ba behang mohlala o motle, e re: “Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.”—Baheberu 13:7.
Keletso: Kaha li role model li ka u susumelletsa ho etsa hantle kapa hampe, khetha batho ba nang le makhabane ao u a ratang eseng batho ba hlaheletseng kapa ba lekanang le uena ka lilemo.
“Ke ithutile lintho tse ngata ho Mokreste-’moho le ’na ea bitsoang Adam ea nang le boitšoaro bo botle. Hoa makatsa hore ebe ke ntse ke hopola lintho tseo a li buileng le tseo a li entseng. Ha a tsebe hore boitšoaro ba hae bo ntšusumelitse hakae.”—Colin.
Li role model li ka susumetsa tsela eo u nahanang ka eona le kamoo u ikutloang kateng.
Bibele e re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.
Keletso: Khetha motho ea nang le boitšoaro bo botle eseng ea nang le ponahalo e ntle feela. Ha u sa etse joalo u ka ’na oa phoqeha.
“Ho ipapisa le batho ba batle ho etsa hore motho a utloe eka ha se oa bohlokoa ebile o mobe. Ho ka etsa hore u tšoenyehe ka hore na u shebahala joang.”—Tamara.
Seo u ka nahanang ka sona: Ke’ng e ka bang kotsi ka hore motho a khethe batho ba hlaheletseng le ba lipapali ho ba li role model?
Li role model tsa hao li ka etsa hore u atlehe kapa u hlolehe ho finyella lintho tseo u li batlang.
Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.
Keletso: Khetha li role model tseo boitšoaro ba tsona bo bontšang makhabane a matle ao u batlang ho ba le ’ona. Ha u ntse u shebile boitšoaro ba bona, u ka ’na oa hlokomela mehato eo u ka e nkang hore u fihlele seo u se batlang.
“Ho e-na le hore u re feela ‘ke batla ho ba le boikarabelo,’ ho ka ba molemo hore u re ‘Ke batla ho ba le boikarabelo joaloka Jane. O lula a tšoere nako ’me o nka mosebetsi oa hae e le oa bohlokoa.’”—Miriam.
Taba ea bohlokoa: Ha u khetha role model e nepahetseng, oa bontša hore na u batla ho ba motho ea joang.
Ho ka ba bonolo hore u finyelle lintho tseo u li batlang haeba u na le role model e nepahetseng.
U ka khetha joang?
U ka khetha role model ka litsela tsena tse peli tse latelang.
U ka khetha tšobotsi e ntle eo u batlang ho ba le eona ebe u khetha motho eo u mo ratang ea nang le eona.
U ka khetha motho eo u mo ratang ebe u khetha tšobotsi e ntle eo a nang le eona eo u batlang ho ba le eona.
Leqephe la ho ngolla la sehlooho sena le ka u thusa ho etsa seo.
Li role model tsa hao li ka akarelletsa:
Lithaka tsa hao. “Ke batla ho tšoana le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. O lula a na le nako ea ho thusa batho ba bang. O monyenyane ho ’na empa o na le makhabane ao ke se nang ’ona, ’me ke eona ntho e etsang hore ke batle ho tšoana le eena.”—Miriam.
Batho ba holileng. E ka ba batsoali ba hao kapa Bakreste-’moho le uena. “Batsoali ba ka ke li role model tsa ka. Ba na le makhabane ao ke a ratang. Ba na le liphoso tsa bona empa ba lula ba tšepahala ho ntse ho le joalo. Ke batla hore batho ba bue hantle ka ’na ha ke le lilemong tsa bona .”—Annette.
Batho ba hlahang ka Bibeleng. “Ke na le li role model tse ’maloa ka Bibeleng, ke Timothea, Ruthe, Jobo, Petrose le Ngoanana oa Moiseraele, e mong le e mong o na le ntho eo ke e ratang ka eena. Batho ba hlahang ka Bibeleng e ba ba sebele ho ’na ha ke tsoela pele ho ithuta ka bona. Ke ile ka thabela ho bala litlaleho tse hlahang bukeng ea Etsisa Tumelo ea Bona, le tse hlahang ho ‘Index ea Mehlala e Metle’ e fumanehang libukeng tsa Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.”—Melinda.
Keletso: U se ke oa khetha role model e le ’ngoe. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Le ’ne le hlokomele ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rona.”—Bafilipi 3:17.
Na u ne u tseba? U ka ba role model ea motho e mong! Bibele e re: “Ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.”—1 Timothea 4:12.
“Le hoja ho ka ’na ha hlokahala hore u ntlafatse a mang a makhabane a hao, u ntse u ka khona ho thusa batho ba bang hore le bona ba ntlafatse. U ka se tsebe hore na ke mang ea u shebileng le hore seo u se buang kapa u se etsang se ka ama motho e mong joang.”—Kiana.